Buka ya Bobedi ya Marena 24:1-20

  • Borabele ba Jojakime le lefu la hae (1-7)

  • Jojakine, morena wa Juda (8, 9)

  • Batho ba pele ba ho iswa Babilona (10-17)

  • Tsedekia, morena wa Juda le borabele ba hae (18-20)

24  Mehleng ya Jojakime, Morena Nebukadnezare+ wa Babilona a mo hlasela mme a mo etsa mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo. Empa Jojakime a mo fetohela.  Jehova a romela masole a Bakalde,+ a Basiria, a Bamoabe le a Baamone hore a hlasele Jojakime. A nna a a romela hore a fedise Juda ho ya ka seo Jehova a se buileng+ a sebedisa bahlanka ba hae ba baprofeta.  Ho hlakile hore ke Jehova ya laetseng hore sena se etsahalle Bajuda e le hore a ka ba tlosa ka pela hae+ ka lebaka la dibe tsohle tseo Manase a di entseng+  le ka lebaka la ho bolaya batho ba bangata ba se nang molato+ Jerusalema. Jehova o ne a sa ikemisetsa ho ba tshwarela.+  Histori yohle ya Jojakime le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda.+  Jojakime a shwa*+ mme mora wa hae Jojakine ya eba morena.  Morena wa Egepeta ha a ka a tloha naheng ya hae hobane morena wa Babilona o ne a mo nketse dintho tsohle+ ho tloha Kgohlong* ya Egepeta+ ho ya fihla Nokeng ya Eufrate.+  Jojakine+ o ne a le dilemo di 18 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dikgwedi tse tharo.+ Lebitso la mme wa hae e ne e le Nehushta moradi wa Elnathane ya tswang Jerusalema.  Jojakine o ne a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova jwalo ka ntate wa hae. 10  Ka nako eo, bahlanka ba Morena Nebukadnezare wa Babilona ba hlasela Jerusalema mme ba e thibella.+ 11  Morena Nebukadnezare wa Babilona o ile a fihla Jerusalema ha bahlanka ba hae ba ntse ba e thibeletse. 12  Morena Jojakine wa Juda a ya ho morena wa Babilona+ a ena le mme wa hae, bahlanka ba hae, dikgosana le balaodi ba hae ba lekgotla.+ Ha morena wa Babilona a ena le dilemo tse robedi a busa, a isa Jojakine botlamuweng.+ 13  A nka matlotlo ohle a ntlo ya Jehova le a ntlo ya morena.*+ A pshatla disebediswa tsohle tsa kgauta tseo Solomone morena wa Iseraele a neng a di entse ka tempeleng ya Jehova.+ Ha etsahala seo Jehova a neng a se boletse. 14  Morena Nebukadnezare a isa batho ba 10 000 ba Jerusalema botlamuweng e leng dikgosana tsohle,+ banna bohle ba matla, ditsebi tsa mosebetsi wa matsoho le ba sebetsang ka tshepe.*+ Ba nka batho bohle naheng ntle le ba futsanehileng haholo.+ 15  A isa Jojakine+ botlamuweng Babilona.+ A boela a tlosa mme wa morena, basadi ba morena, balaodi ba lekgotla le banna ba hlomphehang naheng ba neng ba le Jerusalema yaba o ba isa botlamuweng Babilona. 16  Morena wa Babilona a isa masole a 7 000 botlamuweng Babilona, banna ba etsang mesebetsi ya matsoho ba 1 000 le ba sebetsang ka tshepe e leng banna bohle ba matla le ba kwetliseditsweng ho lwana. 17  Morena wa Babilona a kgetha Matania rangwane wa Jojakine+ hore e be morena mme a fetola lebitso la hae hore e be Tsedekia.+ 18  Tsedekia o ne a le dilemo di 21 ha e eba morena mme a busa Jerusalema ka dilemo tse 11. Lebitso la mme wa hae e ne e le Hamutale+ moradi wa Jeremia ya tswang Libna. 19  Tsedekia o ile a etsa dintho tsohle tseo Jojakime a di entseng tse sa thabiseng Jehova.+ 20  Dintho tseo batho ba Jerusalema le Juda ba ileng ba di etsa di ile tsa halefisa Jehova hoo a ileng a ba leleka ka pela mahlo a hae.+ Tsedekia a fetohela morena wa Babilona.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa mohlomong: “ba hahang lerako la tshireletso.”