Buka ya Bobedi ya Marena 25:1-30

  • Nebukadnezare o hlasela Jerusalema (1-7)

  • Jerusalema le tempele ya yona di a fediswa, sehlopha sa bobedi se iswa Babilona (8-21)

  • Gedalia o etswa letona (22-24)

  • Gedalia o a bolawa, batho ba balehela Egepeta (25, 26)

  • Jojakine o lokollwa Babilona (27-30)

25  Ka la leshome kgweding ya leshome ha Morena Tsedekia a ena le dilemo tse robong a busa, Morena Nebukadnezare*+ wa Babilona a tla le masole ohle a hae mme a hlasela Jerusalema.+ A hloma ditente pela yona mme a haha lebota le thibellang ho e potoloha.+  Motse wa thibellwa ho fihlela Morena Tsedekia a ena le dilemo tse 11 a busa.  Ka letsatsi la borobong kgweding ya bone, ha eba le tlala e kgolo+ motseng mme batho ba ne ba se na dijo naheng eo.+  Ho ile ha dihuwa lebota la motse+ mme masole ohle a Jerusalema a baleha bosiu a tswa ka keiti e pakeng tsa mabota a mabedi haufi le serapa sa morena ha Bakalde ba ntse ba potapotile motse. Morena Tsedekia a baleha ka tsela e yang Araba.+  Empa masole a Bakalde a lelekisa morena, a mo fumana lehwatateng la Jeriko, masole ohle a hae a ne a balehile.  A tshwara morena+ mme a mo tlisa ho morena wa Babilona Ribla yaba o a ahlolwa.  A bolaya bara ba Tsedekia ka pela mahlo a hae mme Nebukadnezare a mo foufatsa, a mo tlama ka diketane tsa koporo yaba o mo isa Babilona.+  Ka letsatsi la bosupa kgweding ya bohlano e leng ha Morena Nebukadnezare* wa Babilona a ena le dilemo tse 19 a busa, Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi ebile e le mohlanka wa morena wa Babilona, a ya Jerusalema.+  A tjhesa ntlo ya Jehova,+ ntlo ya morena*+ le matlo ohle a Jerusalema.+ A boela a tjhesa matlo a banna bohle ba hlomphehang.+ 10  Masole ohle a Bakalde a neng a ena le mookamedi wa balebedi a heletsa marako a neng a potapotile Jerusalema.+ 11  Nebuzaradane mookamedi wa balebedi a nka batho bohle ba neng ba setse motseng, batho ba neng ba balehetse ho morena wa Babilona le setjhaba sohle a ba isa botlamuweng.+ 12  Mookamedi wa balebedi a siya ba bang ba batho ba futsanehileng haholo hore ba leme morara le ho etsa mesebetsi e lokelang ho etswa.+ 13  Bakalde ba pshatla dipilara tsa koporo+ tse neng di le ntlong ya Jehova, diteroli+ le Tanka* ya koporo,+ tse neng di le ka tlung ya Jehova mme ba isa koporo eo Babilona.+ 14  Ba boela ba nka dinkgo, dikgarafu, dintho tse timang mollo, dikopi le dintho tsohle tse neng di sebediswa tempeleng, tse entsweng ka koporo. 15  Mookamedi wa balebedi a nka dipane tsa mollo le dikotlolo tse entsweng ka kgauta ya nnete+ le silevera ya nnete.+ 16  Koporo ya dipilara tse pedi, ya Tanka* le ya diteroli tseo Solomone a neng a di etseditse ntlo ya Jehova, e ne e le ngata hoo ho neng ho sa kgonehe hore e methwe.+ 17  Pilara e nngwe le e nngwe e ne e le bophahamo ba dimithara tse ka bang robedi*+ mme e ena le hlooho e entsweng ka koporo e bolelele ba mithara.* Letanta* le dikgarenate tse neng di kgabisitse hlooho di ne di entswe ka koporo.+ Pilara ya bobedi le yona e ne e le jwalo. 18  Mookamedi wa balebedi a boela a nka Seraia+ moprista e moholo, Sofonia+ moprista wa bobedi le balebedi ba bararo ba monyako.+ 19  A boela a nka mookamedi a le mong wa lekgotla eo e neng e le mookamedi wa masole, metswalle e mehlano ya Morena Tsedekia e neng e le motseng, mongodi wa mookamedi wa masole ya neng a bokella masole ha a ya ntweng le banna ba 60 ba ileng ba fumanwa motseng. 20  Nebuzaradane+ mookamedi wa balebedi a ba nka mme a ba isa Ribla ho morena wa Babilona.+ 21  Morena wa Babilona a ba bolaela Ribla naheng ya Hamathe+ yaba Bajuda ba tloswa naheng ya bona ba iswa botlamuweng.+ 22  Morena Nebukadnezare wa Babilona a kgetha Gedalia+ mora wa Akikame+ e leng mora wa Shafane+ hore a etelle pele batho ba neng ba setse Juda.+ 23  Ha balaodi bohle ba masole le bahlanka ba bona ba utlwa hore morena wa Babilona o kgethile Gedalia, ba ya ho Gedalia Mizpa. E ne e le Ishmaele mora wa Nethania, Johanane mora wa Karea, Seraia mora wa Tanhumethe wa Monetofa, Jazania mora wa Momakathe le bahlanka ba bona.+ 24  Gedalia a etsa kano le bona le bahlanka ba bona a re: “Le se ke la tshaba ho ba bahlanka ba Bakalde. Dulang naheng ena le sebeletse morena wa Babilona mme dintho di tla le tsamaela hantle.”+ 25  Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele+ mora wa Nethania e leng mora wa Elishama ya tswang lelokong la borena a tla le banna ba leshome mme ba bolaya Gedalia, Bajuda le Bakalde ba neng ba ena le Gedalia Mizpa.+ 26  Ka mora moo, batho bohle ho akarelletsa le balaodi ba masole ba balehela Egepeta+ hobane ba ne ba tshaba Bakalde.+ 27  Ka la 27 kgweding ya bo12 ha Morena Jojakine+ a ena le dilemo tse 37 a le botlamuweng e leng ka selemo seo Morena Evile-merodake wa Babilona e bileng morena ka sona, a ntsha Morena Jojakine wa Juda teronkong.+ 28  O ile a mo tshwara hantle mme a mo hlompha ho feta marena* a mang a neng a hapuwe le yena Babilona. 29  Jojakine a hlobola diaparo tseo a neng a di apara teronkong mme a jella tafoleng ya morena ka mehla bophelo bohle ba hae. 30  Letsatsi le leng le le leng morena o ne a mo fa dijo. O ile a etsa sena ho fihlela a shwa.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Ka Seheberu: “Nebukadrezare,” tsela e nngwe eo lebitso lena le ngolwang ka yona.
Kapa: “phaleisi.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Ka Seheberu: “Lewatle.”
Ka Seheberu: “ditswe tse 18.” Setswe se lekana le disenthimithara tse 44,5. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ditswe tse tharo.”
Kapa: “Nete.”
Ka Seheberu: “a mo fa terone e phahametseng diterone tsa marena.”