Buka ya Bobedi ya Marena 3:1-27

  • Jorame, morena wa Iseraele (1-3)

  • Bamoabe ba fetohela Baiseraele (4-25)

  • Bamoabe ba a hlolwa (26, 27)

3  Jorame+ mora wa Akabe ya eba morena wa Baiseraele Samaria ha Morena Josafate a ena le dilemo tse 18 a busa Juda. Jorame o busitse ka dilemo tse 12.  A nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova empa eseng ho feta batswadi ba hae hobane o ile a tlosa pilara e halalelang ya Baale eo ntate wa hae a neng a e entse.+  Empa o ile a etsa dibe tseo Jeroboame mora wa Nebate a neng a entse hore Baiseraele ba di etse.+ Ha a ka a di tlohela.  Mesha morena wa Moabe o ne a ruile dinku. O ne a ntsha lekgetho la dikonyana tse 100 000 le diramo tse 100 000 tse sa kutwang ho morena wa Iseraele.  Ha Akabe a qeta ho shwa,+ morena wa Moabe a fetohela morena wa Iseraele.+  Ka lebaka leo, Morena Jorame a tloha Samaria letsatsing leo mme a bitsa Baiseraele bohle.  A boela a romela molaetsa ho Morena Josafate wa Juda o reng: “Morena wa Moabe o mphetohetse. Na o tla tsamaya le nna ho ya mo lwantsha?” Morena Josafate a re: “Ke tla tsamaya+ le wena le setjhaba sa ka le dipere tsa ka.”+  A re: “Re tla tsamaya ka tsela efe?” Jorame a re: “Ka tsela ya lefeella la Edomo.”  Morena wa Iseraele, morena wa Juda le morena wa Edomo ba tsamaya.+ Ka mora matsatsi a supileng ho ne ho se na metsi bakeng sa masole a bona le diphoofolo tseo ba neng ba tsamaya le tsona. 10  Morena wa Iseraele a re: “Ke bomadimabe hore ebe Jehova o re bitsitse re le marena a mararo hore feela re tlo hlolwa ke Bamoabe.” 11  Josafate a re: “Na ha ho na moprofeta wa Jehova moo eo re ka mo botsang hore na Jehova o reng?”+ E mong wa bahlanka ba morena wa Iseraele a re: “Ho na le Elisha+ mora wa Shafate ya neng a tshella Elia metsi e le hore a hlape matsoho.”*+ 12  Josafate a re: “A ka re bolella hore na Jehova o reng.” Morena wa Iseraele, Josafate le morena wa Edomo ba ya ho yena. 13  Elisha a re ho morena wa Iseraele: “O batlang moo?+ Eya ho baprofeta ba batswadi ba hao.”+ Empa morena wa Iseraele a re ho yena: “Tjhe, ke Jehova ya re bitsitseng re le marena a mararo hore re tlo hlolwa ke Bamoabe.” 14  Elisha a re: “Ke hlapanya ka Jehova wa mabotho ya phelang eo ke mo sebeletsang* hore haeba e ne e se ka Morena Josafate+ wa Juda, ke ne ke sa tlo o mamela ho hang.+ 15  Ntlisetseng motho ya letsang harepa.”*+ Hang ha motho eo a letsa harepa, moya o halalelang wa Jehova wa eba hodima Elisha.+ 16  Elisha a re: “Jehova o re le tjheke diforo tse ngata kgohlong* ena 17  ka ha Jehova o itse, ‘Le ke ke la bona moya kapa pula empa kgohlo ena e tla tlala metsi+ mme le tla nwa ho yona le diphoofolo tsa lona.’ 18  Ena ke ntho e bonolo ho Jehova+ hobane o tla boela a etse hore le hlole Bamoabe.+ 19  Le fedise metse yohle ya bohlokwa le e sireletsehileng,+ le reme difate tsohle tse behang, le kwale mehlodi yohle ya metsi mme le lahlele majwe masimong ohle a matle e le hore ba se ke ba kgona ho lema.”+ 20  Hoseng ha ho etswa nyehelo ya dijo,*+ ha hlaha metsi Edomo mme metsi ao a tlala naheng yohle. 21  Bamoabe bohle ba utlwa hore ho na le marena a tlileng ho tla ba lwantsha yaba ba bokella banna bohle ba dilemong tsa ho ya ntweng.* Ba ema moeding wa naha ya bona. 22  Ha Bamoabe ba tsoha hoseng, letsatsi le ne le tjhabetse ka metsing mme lehlakoreng leo ba neng ba le ka ho lona metsi a bonahala a le mafubedu jwalo ka madi. 23  Ba re: “Hona ke madi. Ka nnete marena a bolayane ka sabole. Bamoabe, a re yeng re yo nka dintho tsa bona!”+ 24  Ha ba fihla ditenteng tsa Baiseraele, Baiseraele ba ba hlasela mme Bamoabe ba baleha.+ Ba ba lelekisa ho fihlela Moabe ba ntse ba ba bolaya. 25  Ba fedisa metse yohle. Banna bohle ba tlatsa majwe masimong, ba kwala mehlodi yohle ya metsi+ mme ba rema le difate tsohle tse behang.+ Ho ile ha sala feela marako a entsweng ka majwe a Kire-haresethe+ mme masole a neng a potapotile motse, a o hlasela ka majwe a sebedisa matjeketjane. 26  Ha morena wa Moabe a bona hore o hlotswe, a leka ho baleha ntweng ka hore a lwantshe morena wa Edomo+ ka banna ba 700 ba tshwereng disabole empa ha a ka a kgona. 27  A etsa sehlabelo sa setjheso lerakong ka mora wa hae wa letsibolo ya neng a tla busa ka mora hae.+ Ka lebaka leo, batho* ba halefela Iseraele yaba ba kgutlela metseng ya bona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “ya neng a sebeletsa Elia.”
Ka Seheberu: “eo ke emeng ka pela hae.”
Kapa: “sebini.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bohle ba tlamang mabanta thekeng.”
Mohlomong ho buuwa ka masole a Edomo le a Juda a neng a tshehetsa Baiseraele.