Buka ya Bobedi ya Marena 6:1-33

  • Elisha o etsa hore hlooho ya selepe e hlahelle ka hodima metsi (1-7)

  • Elisha le Basiria (8-23)

    • Mohlanka wa Elisha o buleha mahlo (16, 17)

    • Basiria ba foufatswa dikelello (18, 19)

  • Samaria e thibetswe ebile ho na le tlala (24-33)

6  Bara ba baprofeta+ ba re ho Elisha: “Sebaka seo re dulang ho sona se senyenyane.  Re kopa o re dumelle ho ya Jordane. Ha re fihla moo, re tla kgaola difate re iketsetse sebaka seo re tla dula ho sona.” Elisha a re: “Tsamayang.”  E mong wa bona a re: “Re kopa o tsamaye le rona.” Elisha a re: “Ho lokile ke tla tsamaya le lona.”  A tsamaya le bona mme ha ba fihla Jordane ba kgaola difate.  Ha e mong a ntse a kgaola sefate, hlooho ya selepe ya wela ka metsing mme a hweletsa a re: “Morenaka selepe sena se adimilwe!”  Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete a re: “Hlooho ya sona e wetse hokae?” A mo bontsha moo e wetseng teng. Elisha a kgaola lekala la sefate mme a le lahlela moo yaba o etsa hore hlooho ya selepe e hlahelle ka hodima metsi.  Elisha a re: “E nke.” Monna eo a e nka.  Morena wa Siria a tsamaya a yo lwana le Baiseraele.+ A buisana le bahlanka ba hae hore na ba tla hloma ditente sebakeng sefe.  Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete+ a romela molaetsa ho morena wa Iseraele a re: “O se ke wa tla mona hobane Basiria ba a tla.” 10  Morena wa Iseraele a bolella bahlanka ba hae molaetsa o tswang ho mohlanka wa Modimo wa nnete. Elisha a nna a mo lemosa mme morena ha a ka a ya moo.+ 11  Taba ena ya halefisa morena wa Siria yaba o bitsa bahlanka ba hae mme o re ho bona: “Mpolelleng hore na hara rona mona ke mang ya ka lehlakoreng la morena wa Iseraele.” 12  E mong wa bahlanka ba hae a re: “Ha se rona Morena. Ke Elisha moprofeta wa Iseraele ya bolellang morena wa Iseraele dintho tseo o di buang ka kamoreng ya hao ya ho robala.”+ 13  Morena wa Siria a re: “Tsamayang le yo batla hore na o hokae ke tsebe ho romela batho hore ba yo mo tshwara.” Ha morao a bolellwa hore Elisha o Dothane.+ 14  A romela dipere, dikariki tsa ntwa le masole a mangata Dothane. Masole ao a fihla bosiu yaba a potapota motse. 15  Ha mosebeletsi* wa mohlanka wa Modimo wa nnete a tsoha hoseng mme a tswela ka ntle, a bona motse o potapotilwe ke masole a palameng dipere le dikariki tsa ntwa. A re ho Elisha: “Morenaka, re etseng?” 16  Elisha a re: “O se ke wa tshoha+ hobane ba nang le rona ba bangata ho feta ba nang le bona.”+ 17  Elisha a rapela a re: “Jehova, ke kopa o etse hore a bone.”*+ Jehova a etsa hore mohlanka eo a bone hore dithabeng ho ne ho tletse dipere le dikariki tsa ntwa tsa mollo+ ho ba potoloha.+ 18  Ha Basiria ba ya ho Elisha, a rapela Jehova a re: “Ke kopa o foufatse batho bana.”+ Modimo a ba foufatsa jwalo ka ha Elisha a mo kopile. 19  Elisha a re ho bona: “Le tsamaya ka tsela e fosahetseng mme ona ha se wona motse oo le o batlang. A re yeng ke le ise ho monna eo le mo batlang.” Empa a ba isa Samaria.+ 20  Ha ba fihla Samaria Elisha a re: “Jehova etsa hore ba bone.”* Jehova a etsa hore ba bone hore ba Samaria. 21  Ha morena wa Iseraele a ba bona a re ho Elisha: “Ke ba bolaye morenaka?” 22  Elisha a re: “O se ke wa ba bolaya. Na o ka bolaya batho bao o ba isitseng botlamuweng? Ba fe dijo le metsi hore ba je+ mme ba kgutlele ho morena wa bona.” 23  A ba etsetsa mokete, ba ja mme ba nwa ka mora moo a re ba kgutlele ho morena wa bona. Masole a Basiria+ ha a ka a hlola a hlasela Iseraele. 24  Ben-hadade morena wa Siria a bokella masole ohle a hae mme ba nyolohela Samaria ho ya e thibella.+ 25  Ho ne ho ena le tlala e kgolo+ Samaria yaba masole a Siria a thibella motse wa Samaria ho fihlela hlooho ya tonki+ e rekiswa ka dikotwana tse 80 tsa silevera mme mantle a maeba a neng a ka tlala matsoho a mabedi* a rekiswa ka dikotwana tse hlano tsa silevera. 26  Ha morena wa Iseraele a tsamaya hodima lerako la motse, mosadi e mong a mo hweletsa a re: “Morena re thuse!” 27  Morena a re: “Haeba Jehova a sa o thuse, nna ke tla o thusa kang? Na ho na le dijo seotlong le sehatelong sa veine kapa sa oli?” 28  Morena a re: “Molato keng?” Mosadi eo a re: “Mosadi enwa o ile a re ho nna, ‘Tlisa mora wa hao re mo je kajeno mme hosane re tla ja wa ka.’+ 29  Re ile ra pheha mora wa ka mme ra mo ja.+ Letsatsi le latelang ka re a tlise mora wa hae e le hore re ka mo ja empa o ile a mo pata.” 30  Ha morena a utlwa ditaba tsena a tabola diaparo tsa hae.+ Ha a feta lerakong la motse, batho ba bona hore o ne a apere lesela le hwashang* ka hara diaparo tsa hae. 31  Morena a re: “E se eka Modimo a ka mpha kotlo e boima haeba kajeno Elisha mora wa Shafate a sa kgaolwe hlooho.”+ 32  Ha Elisha a ntse a dutse ka tlung ya hae le baholo, morena a roma moromuwa ho Elisha empa pele a fihla, Elisha a re ho baholo: “Na le bone hore mora eo wa mmolai+ o rometse motho hore a tlo nkgaola hlooho? Ha moromuwa a fihla le kwale monyako mme le o tshware e le hore a se ke a kena. Morena wa hae o mo setse morao.” 33  Ha Elisha a ntse a bua le baholo, moromuwa a fihla. Morena le yena a fihla mme a re: “Tlokotsi ena e tswa ho Jehova. Ke hobaneng ha nka emela Jehova hore a nthuse?”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mohlanka.”
Ka Seheberu: “o bule mahlo a hae.”
Ka Seheberu: “bula mahlo a bona.”
Ka Seheberu: “kotara ya kabe.” Kabe e lekana le dilithara tse 1,22. Sheba Ntlha ya B14.