Buka ya Bobedi ya Marena 7:1-20

  • Elisha o bolela hore tlala e tla fela (1, 2)

  • Ba fumana dijo ditenteng tsa Basiria tse se nang batho (3-15)

  • Boprofeta ba Elisha bo a phethahala (16-20)

7  Elisha a re, “Utlwang hore na Jehova o reng. Jehova o re hosane ka yona nako ena keiting* ya Samaria, mokotla* wa phofo e sitsweng hantle o tla be o rekiswa ka silevera* e le nngwe, mekotla e mmedi ya harese e rekiswa ka silevera e le nngwe.”+  Molaodi wa masole eo morena a neng a mo tshepa a re ho Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete: “Le haeba Jehova a ka nesa pula e ngata, na ntho ee e tla etsahala?”+ Elisha a re: “O tla bona ha dintho tsena di etsahala+ empa wena o ke ke wa di ja.”+  Ho ne ho ena le banna ba bane ba tshwerweng ke lepera ba leng keiting ya motse,+ ba buisana ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re shwa?  Haeba re ya motseng tlala e ntse e le teng,+ re tlo shwella moo, le teng ha re dula mona re ntse re tlo shwa. A re yeng ditenteng tsa Basiria. Haeba ba re hauhela re tla phela empa haeba ba sa re hauhele ho lokile ba tla re bolaya.”  Ba tloha mantsiboya ha ho eba lefifi mme ba fihla ditenteng tsa Basiria. Ha ba fihla ka ntle ditenteng ba fumana ho se na batho.  Jehova o ne a entse hore Basiria ba ditenteng ba utlwe modumo wa dikariki tsa ntwa, dipere le masole a mangata.+ Basiria ba ile ba buisana ba re: “Morena wa Iseraele o hirile marena a Bahethe le marena a Egepeta hore a re hlasele.”  Ba tloha ka potlako ba baleha mantsiboya ho se ho le lefifi, ba siya dipere, ditonki le ditente tsa bona di ntse di le jwalo mme ba baleha e le hore ba pholohe.  Ha balepera bao ba fihla ditenteng, ba kena ka tenteng e nngwe yaba ba a ja mme ba a nwa. Ba nka silevera, kgauta le diaparo mme ba tsamaya ba di pata. Ba kgutla ba kena ka tenteng e nngwe, ba nka dintho tse ka ho yona mme le tsona ba di pata.  Ba buisana ba re: “Ntho eo re e etsang ha e a loka. A re yo bolellang ba bang ditaba tsena tse monate. Haeba re ema ho fihlela hoseng, re tla fuwa kotlo. A re yeng re yo bolella ba lelapa la morena ditaba tsena.” 10  Ba tsamaya mme ba hweletsa balebedi ba dikeiti tsa motse yaba ba re ho bona: “Re ile ra ya ditenteng tsa Basiria ra fumana ho se na batho. Ho ne ho setse feela dipere le ditonki tse tlanngweng le ditente di ne di siilwe feela jwalo.” 11  Hanghang balebedi ba dikeiti ba bolella batho ba ka tlung ya morena ditaba tsena. 12  Morena a tsoha bosiu mme a re ho bahlanka ba hae: “Ereng ke le bolelle hore na Basiria ba batla ho etsang. Ba a tseba hore re lapile+ ka hoo ba tlohile ditenteng mme ba ipatile masimong. Ba nahana hore re tla tswa motseng ebe ba a re tshwara mme ba kena motseng wa rona.”+ 13  E mong wa bahlanka ba hae a re: “Ho setse dipere tse hlano feela motseng. Roma banna hore ba yo sheba hore na ho etsahalang. Hore na ba a tsamaya kapa ha ba tsamaye, ba tlo shwa jwalo ka Baiseraele bohle ba setseng.” 14  Banna bao ba nka dikariki tse pedi tsa ntwa le dipere mme morena a ba romela ditenteng tsa Basiria a re: “Tsamayang le yo sheba hore na ho etsahalang.” 15  Ba latela Basiria ho ya fihla Jordane. Tseleng ho ne ho tletse diaparo le dijana* tseo Basiria ba neng ba di lahlile ha ba ne ba baleha. Banna bao ba kgutla mme ba bolella morena seo ba se boneng. 16  Batho ba tsamaya mme ba nka dintho tse setseng ditenteng tsa Basiria. Mokotla o le mong* wa phofo e sitsweng hantle o ile wa rekiswa ka silevera e le nngwe le mekotla e mmedi* ya harese ya rekiswa ka silevera e le nngwe jwalo ka ha Jehova a ne a buile.+ 17  Morena o ne a behile molaodi wa masole eo a mo tshepang hore e be molebedi keiting. Empa batho ba ile ba mo hata hodimo ho fihlela a shwa jwalo ka ha Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete a boleletse morena ha a ne a tlile ho yena. 18  Ntho eo Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete a ileng a e bolella morena e ile ya etsahala, ha a ne a re: “Hosane ka yona nako ena keiting ya Samaria mekotla e mmedi* ya harese e tla be e rekiswa ka silevera e le nngwe, mokotla o le mong* wa phofo e sitsweng hantle o tla be o rekiswa ka silevera e le nngwe.”+ 19  Empa molaodi wa masole o ile a re ho Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete: “Le haeba Jehova a ka nesa pula e ngata, na eo ke ntho e ka etsahalang?” Elisha a re: “O tlo bona ha dintho tsena di etsahala empa wena o ke ke wa di ja.” 20  Ke sona se ileng sa mo etsahalla hobane batho ba ile ba mo hata hodimo keiting ho fihlela a shwa.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “dimmarakeng.”
Ka Seheberu: “seah e le nngwe.” Seah e lekana le dilithara tse 7,33. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “shekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “disebediswa.”
Ka Seheberu: “seah e le nngwe.”
Ka Seheberu: “diseah tse pedi.”
Ka Seheberu: “diseah tse pedi.”
Ka Seheberu: “seah e le nngwe.”