Buka ya Bobedi ya Marena 8:1-29

  • Tshimo ya mosadi wa Moshuneme e kgutlisetswa ho yena (1-6)

  • Elisha, Ben-hadade le Hazaele (7-15)

  • Jorame, morena wa Juda (16-24)

  • Akazia, morena wa Juda (25-29)

8  Elisha a re ho mosadi eo a neng a tsositse mora wa hae:+ “Tsamaya le ba lelapa la hao le yo dula sebakeng le ha e le sefe le le baditjhaba hobane Jehova o itse ho tla ba le tlala+ naheng ena mme e tla nka dilemo tse supileng.”  Mosadi eo a tsamaya mme a etsa feela jwalo ka ha mohlanka wa Modimo wa nnete a ne a mo boleletse. A tsamaya le ba lelapa la hae a yo dula naheng ya Bafilista+ ka dilemo tse supileng.  Ha dilemo tse supileng di fela, mosadi eo a tloha naheng ya Bafilista a ya ho morena a yo kopa ntlo le tshimo ya hae.  Morena a bua le Gehazi mosebeletsi wa mohlanka wa Modimo wa nnete a re: “Ke kopa o mpolelle dintho tsohle tse kgolo tseo Elisha a di entseng.”+  Ha a ntse a bolella morena hore na Elisha o tsositse mofu jwang,+ mosadi eo mora wa hae a tsositsweng a fihla ho morena, a kopa ntlo le tshimo ya hae.+ Gehazi a re: “Morenaka, mosadi enwa ke yena eo Elisha a tsositseng mora wa hae mme enwa ke mora wa hae.”  Morena a re mosadi eo a mo bolelle sohle se ileng sa etsahala yaba o a mo bolella. Morena a bolella molaodi wa lekgotla hore a kgutlise dintho tsohle tsa mosadi eo le dijo tsohle tse ileng tsa kotulwa tshimong ya hae ho tloha mohla a neng a tsamaya ho fihlela kajeno.  Elisha a fihla Damaseka+ nakong eo ka yona Ben-hadade+ morena wa Siria a neng a kula. Morena a bolellwa hore Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete+ o tlile Damaseka.  Morena a re ho Hazaele:+ “Nka mpho mme o e fe mohlanka wa Modimo wa nnete.+ O re a botse Jehova hore na ke tla fola.”  Hazaele a yo kopana le yena a nkile dimpho e leng dintho tsohle tse ntle tsa Damaseka mme di ne di palamisitswe dikameleng tse 40. Ha a fihla ho Elisha a re: “Mohlanka wa hao, Ben-hadade morena wa Siria o itse ke tlo o botsa hore na o tla fola.” 10  Elisha a re ho yena: “Tsamaya mme o re ho yena, ‘O tla fola.’ Empa Jehova o mpontshitse hore o tlo shwa.”+ 11  Elisha a sheba Hazaele ho fihlela a swaba. Ka mora moo, Elisha mohlanka wa Modimo wa nnete a lla haholo. 12  Hazaele a re: “Morenaka o llelang?” Elisha a re: “Ke tseba dintho tse mpe tseo o tlo di etsa batho ba Iseraele.+ O tlo tjhesa dibaka tsa bona tse sireletsehileng, o bolaye banna ba bona ba matla ka sabole, o bolaye bana ba bona ka sehloho mme o tabole le dimpa tsa basadi ba bona ba immeng.”+ 13  Hazaele a re: “Ke jwang nna motho* wa boemo bo tlase jwalo ka ntja nka etsang ntho e jwalo?” Empa Elisha a re: “Jehova o mpontshitse hore o tla ba morena wa Siria.”+ 14  Hazaele a tloha ho Elisha mme a kgutlela ho morena wa hae ya ileng a re ho yena: “Elisha o itseng ho wena?” Hazaele a re: “O itse o tla fola.”+ 15  Empa letsatsing le latelang, Hazaele a nka kobo a e kenya ka metsing mme a kwahela sefahleho sa morena ka yona ho fihlela a shwa.+ Hazaele ya eba morena.+ 16  Ha Jorame+ mora wa Akabe morena wa Iseraele a ena le dilemo tse hlano a busa, Jorame+ mora wa Josafate morena wa Juda ya eba morena ntate wa hae e ntse e le morena. 17  E bile morena ha a le dilemo di 32 mme a busa Jerusalema ka dilemo tse robedi. 18  O ile a etsa dintho tse tshwanang le tseo marena a Iseraele a neng a di etsa+ feela jwalo ka ha ba lelapa la Akabe ba ile ba etsa+ hobane o ne a nyetse moradi wa Akabe+ mme a nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova.+ 19  Empa Jehova o ne a sa batle ho fedisa mmuso wa Juda ka lebaka la mohlanka wa hae Davida+ hobane o ne a mo tshepisitse hore ditloholo tsa hae di tla dula di busa*+ Jerusalema. 20  Mehleng ya Jorame, Baedomo ba ile ba fetohela Bajuda+ mme ba ikgethela morena.+ 21  Jorame a ya Zaire ka dikariki tsohle tsa hae tsa ntwa ho ya ba hlasela. A tsoha bosiu mme a bolaya Baedomo ba neng ba mo potapotile le balaodi ba dikariki tsa ntwa. Masole a balehela ditenteng tsa ona. 22  Haesale Baedomo ba fetohela Bajuda ho fihlela letsatsing lena mme Libna+ le yona e ile ya ba fetohela ka nako eo. 23  Histori yohle ya Jorame le dintho tsohle tseo a ileng a di etsa, di ngotswe bukeng ya histori ya marena a Juda. 24  Jorame a shwa* mme a patelwa Motseng wa Davida.+ Akazia+ mora wa hae ya eba morena. 25  Ha Jorame mora wa Akabe morena wa Iseraele a ena le dilemo tse 12 a busa, Akazia mora wa Morena Jorame wa Juda ya eba morena.+ 26  Akazia o ne a le dilemo di 22 ha e eba morena mme o busitse Jerusalema selemo se le seng. Lebitso la mme wa hae e ne e le Athalia+ setloholo* sa Omri+ morena wa Iseraele. 27  O ile a etsa dintho tse mpe tse tshwanang le tseo lelapa la Akabe le neng le di etsa+ mme a nna a etsa dintho tse sa thabiseng Jehova ka ha o ne a amana le lelapa la Akabe.+ 28  Akazia le Jorame mora wa Akabe ba ya Ramothe-gileade+ ho ya lwantsha Hazaele morena wa Siria empa Basiria ba lematsa Jorame.+ 29  Morena Jorame a kgutlela Jezriele+ e le hore a yo oka maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng ona Ramothe* ha a ne a lwana le Morena Hazaele wa Siria.+ Akazia mora wa Jorame morena wa Juda, a ya Jezriele ho ya bona Jorame mora wa Akabe hobane ba ne ba mo lemaditse.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mohlanka wa hao.”
Ka Seheberu: “o tla mo fa lebone.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”
Ka Seheberu: “moradi.”
Ka Seheberu: “Rama.” Ke lebitso le kgutsufaditsweng la Ramothe-gileade.
Kapa: “o ne a kula.”