Buka ya Bobedi ya Marena 9:1-37

  • Jehu o tlotswa hore e be morena wa Iseraele (1-13)

  • Jehu o bolaya Jorame le Akazia (14-29)

  • Jezebele o a bolawa, dintja di a mo ja (30-37)

9  Moprofeta Elisha a bitsa e mong wa bara ba baprofeta a re ho yena: “Tlama diaparo tsa hao thekeng mme ka potlako o nke botlolo ena ya oli o ye Ramothe-gileade.+  Ha o fihla moo, o batle Jehu+ mora wa Josafate e leng mora wa Nimshi. O mo tlose ho bana babo o ye le yena kamoreng e ka harehare.  O mo tshele hloohong ka oli e ka hara botlolo mme o mo bolelle hore Jehova o re ho yena: ‘Ke o kgethile hore o be morena wa Iseraele.’+ Ka mora moo, o bule monyako mme o balehe.”  Mora eo wa moprofeta a ya Ramothe-gileade.  Ha a fihla moo, a fumana balaodi ba masole ba dutse ka ntle yaba o re: “Ke na le molaetsa wa hao morenaka.” Jehu a re: “O bua le ofe hara rona?” A re: “Ke bua le wena morenaka.”  Jehu a ya le yena ka tlung mme mora eo wa moprofeta a mo tshela ka oli hloohong mme a mo bolella hore Jehova Modimo wa Iseraele o re: “Ke o kgetha hore o be morena ho batho ba Jehova e leng Baiseraele.+  O bolaye ba lelapa la Akabe morena wa hao. Ke tla iphetetsa ka lebaka la madi a baprofeta le bahlanka ba bang bohle ba Jehova bao Jezebele a ileng a ba bolaya.+  Ke tla bolaya bohle ba lelapa la Akabe, ke bolaye bohle ba batona* ba lelapa la hae ho akarelletsa le ba se nang thuso le ba se nang matla Iseraele.+  Hape ke tla etsa hore ba lelapa la Akabe ba tshwane le ba lelapa la Jeroboame+ mora wa Nebate le ba lelapa la Basha+ mora wa Akija. 10  Ha e le Jezebele, o tla jewa ke dintja tshimong e Jezriele+ mme ha ho na motho ya tla mo pata.” Ka mora moo, a bula lemati mme a baleha.+ 11  Ha Jehu a kgutlela ho balaodi ba masole ba re ho yena: “Na dintho di hantle? Monna eo wa lehlanya o batlang ho wena?” Jehu a re ho bona: “Le a tseba hore o a hlanya le dintho tseo a di buang ha di utlwahale.” 12  Empa ba re: “Seo ha se nnete, re bolelle hore na o itseng.” Jehu a ba bolella hore na monna eo o itseng le hore Jehova o itse ho yena: “Ke o kgetha hore o be morena wa Iseraele.”+ 13  Ha ba utlwa sena ka potlako ba hlobola diaparo tsa bona mme ba mo alla tsona ditepising+ yaba ba letsa lenaka ba re: “Jehu ke morena!”+ 14  Jehu+ mora wa Josafate e leng mora wa Nimshi a rerela Jorame bolotsana. Jorame le masole a Iseraele ba ne ba le Ramothe-gileade+ ho sireletsa Iseraele e le hore Morena Hazaele+ wa Siria a se ke a e hlasela. 15  Ha morao Morena Jorame a kgutlela Jezriele+ ho yo oka maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng ona ha a ne a lwana le Hazaele wa Siria.+ Jehu a re: “Haeba le le ka lehlakoreng la ka, le se ke la dumella motho le ha e le ofe hore a tswe motseng ho ya tlaleha taba ena Jezriele.” 16  Jehu a palama kariki ya hae ya ntwa a ya Jezriele ka ha Jorame o ne a le moo a lemetse mme morena Akazia wa Juda o ne a yo mo bona. 17  Ha molebedi a ntse a eme hodima tora Jezriele, a bona banna ba Jehu ba tla ba le bangata. A re: “Ke bona banna ba bangata.” Jorame a re: “Roma e mong wa bapalami ba dipere hore a yo ba botsa hore na ba tla ka kgotso.” 18  Mopalami eo wa pere a fihla ho bona mme a re: “Morena o re ke le botse hore na le tla ka kgotso.” Empa Jehu a re: “Ke hobaneng ha o bua ka kgotso? Ntshale morao.” Molebedi a re ho morena: “Moromuwa o fihlile ho bona empa ha a eso kgutle.” 19  A romela mopalami wa pere wa bobedi mme ha a fihla ho bona a re: “Morena o re ke le botse hore na le tla ka kgotso.” Empa Jehu a re: “Ke hobaneng ha o bua ka kgotso? Ntshale morao.” 20  Molebedi a re ho morena: “O fihlile ho bona empa ha a eso kgutle. Motho ya kgannang kariki ya ntwa, o kganna jwalo ka Jehu setloholo* sa Nimshi hobane o kganna jwalo ka lehlanya.” 21  Jorame a re: “Lokisang kariki ya ntwa.” Ba lokisa kariki ya hae ya ntwa mme Jorame morena wa Iseraele le Akazia+ morena wa Juda ba tsamaya ka dikariki tsa bona tsa ntwa ho ya kopana le Jehu. Ba kopana le yena tshimong ya Nabothe+ wa Mojezriele. 22  Hang ha Jorame a bona Jehu a re ho yena: “Na o tla ka kgotso Jehu?” Empa Jehu a re: “Ho tla ba le kgotso jwang ho tletse botekatse le boloi ba mme wa hao Jezebele?”+ 23  Jorame a tjekisa kariki ya hae e le hore a balehe mme a re ho Akazia: “Re wetse lerabeng.” 24  Jehu a nka seqha a betsa Jorame pakeng tsa mahetla mme motsu wa tswa le pelong ya hae yaba Jorame o wela ka hara kariki ya hae ya ntwa. 25  Jehu a re ho Bidkare e leng molaodi wa masole a hae: “Mo nke o mo lahlele tshimong ya Nabothe wa Mojezriele.+ Hopola hore re ne re palame kariki e ka mora ya ntate wa hae Akabe ha Jehova a mo ahlola.+ 26  Jehova o ile a re ho yena, ‘Maobane ke bone madi a Nabothe+ le a bara ba hae.’ Hape Jehova o itse, ‘Ke tla pheteletsa madi a bona+ tshimong ena.’ Mo nke o mo lahlele tshimong ho ya ka seo Jehova a se buileng.”+ 27  Ha Morena Akazia+ wa Juda a bona se etsahalang, a baleha ka tsela e yang serapeng sa ntlo. (Ha morao Jehu a mo lelekisa mme a re: “Le yena mo bolayeng!” Ba mo hlasela ka kariking ya hae ya ntwa ha a ya Gure e haufi le Ibleame.+ Empa a nna a baleha ho fihlela Megido mme a shwella teng. 28  Bahlanka ba hae ba mo nka ka kariki ba mo isa Jerusalema mme ba mo pata* lebitleng la hae Motseng wa Davida.+ 29  Akazia+ e bile morena wa Juda ha Jorame mora wa Akabe a ena le dilemo tse 11 a busa.) 30  Ha Jehu a fihla Jezriele,+ Jezebele+ a utlwa hore o teng. A tlotsa mahlo a hae ka setlolo se setsho, a lokisa moriri wa hae yaba o hlaha ka fensetere. 31  Ha Jehu a kena ka keiti ya motse, Jezebele a re: “O a hopola hore na ho ile ha etsahalang ka Zimri ya ileng a bolaya morena wa hae?”+ 32  Jehu a sheba hodimo fensetereng yaba o re: “Ke mang ya ka lehlakoreng la ka? Ke mang?”+ Hanghang balaodi ba babedi kapa ba bararo ba lekgotla ba mo sheba a le tlase. 33  Jehu a re ho bona: “Lahlelang Jezebele fatshe!” Ba mo lahlela fatshe mme madi a mang a hae a qaphaletsa lebota le dipere yaba di mo hata hodimo. 34  Ka mora moo, Jehu a tsamaya a yo ja le ho nwa. A re: “Ke kopa le nke mosadi eo ya nyonyehang le yo mo pata ka ha ke moradi wa morena.”+ 35  Ha ba ne ba yo mo pata ha ba a ka ba fumana letho haese lehata, maoto le matsoho a hae.+ 36  Ha ba kgutla mme ba mo bolella, Jehu a re: “Sena se phethahatsa seo Jehova a se buileng+ a sebedisa mohlanka wa hae Elia wa Motishba ha a re, ‘Tshimong ya Jezriele dintja di tla ja nama ya Jezebele.+ 37  Setopo sa Jezebele se tla ba jwalo ka manyolo tshimong e Jezriele e le hore batho ba se ke ba bona hore ke Jezebele.’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “mang kapa mang ya ntshetsang metsi lerakong.” Ona ke mokgabopuo wa Seheberu o sebediswang ho nyatsa banna.
Ka Seheberu: “mora.”
Ka Seheberu: “a patwa jwalo ka baholoholo ba hae.”