Buka ya Bobedi ya Samuele 10:1-19

  • Baamone le Basiria ba a hlolwa (1-19)

10  Ka mora nako, morena wa Baamone+ a shwa mme mora wa hae Hanune ya eba morena.+  Davida a re: “Ke tla bontsha Hanune mora wa Nahashe hore ke a mo rata* feela jwalo ka ha ntate wa hae a ile a mpontsha hore o a nthata.” Ka hoo, Davida a roma bahlanka ba hae hore ba yo mo tshedisa hobane a hlokahalletswe ke ntate. Empa ha bahlanka ba Davida ba fihla naheng ya Baamone,  dikgosana tsa Baamone tsa re ho Hanune morena wa tsona: “Na o nahana hore Davida o hlompha ntate wa hao ka ho o romella batho ba tlo o tshedisa? Na Davida ha a romela bahlanka ba hae ho wena hore ba tlo hlahloba naha le ho e hlwela e le hore ba tle ba e hape?”  Hanune a nka bahlanka ba Davida, a kuta halofo ya ditedu+ tsa bona mme a seha diaparo tsa bona ba sala ba le feela ho tloha mathekeng yaba o re ba tsamaye.  Ha Davida a bolellwa taba ena, hanghang a romela banna hore ba yo ba kgahlanyetsa hobane banna bao ba ne ba tlotlolotswe haholo. Morena a re ho bona: “Dulang Jeriko,+ le tla kgutlela hae ha ditedu tsa lona di hodile.”  Ka mora nako, Baamone ba bona hore Davida o ba hloile yaba ba romela Basiria bao ba ba hirileng ba Bethe-rehobe+ le Basiria ba Zoba.+ E ne e le masole a 20 000 a tsamayang ka maoto, banna ba 1 000 ba tsamayang le morena wa Maaka+ ha mmoho le banna ba 12 000 ba tswang Ishtobe.+  Ha Davida a utlwa ka taba ena, a romela Joabe le masole ohle ho akareletsa le banna ba hae ba matla ka ho fetisisa.+  Baamone ba tswa mme ba itokisetsa ntwa keiting ya motse, ha Basiria ba Zoba le ba Rehobe ha mmoho le Ishtobe* le Maaka ba le naheng ba le bang.  Ha Joabe a bona hore masole a dira tsa hae a mo hlasela a hlaha ka pele le ka morao, a kgetha masole a matla ka ho fetisisa a Iseraele mme a a lokisetsa ho ya lwantsha Basiria.+ 10  A beha ngwanabo Abishai+ hore e be molaodi wa banna ba bang kaofela e le hore a ba lokisetse ho ya lwantsha Baamone.+ 11  Yaba o re: “Haeba Basiria ba eba matla ho mpheta, o tle o tlo nthusa. Empa haeba Baamone ba eba matla ho o feta, ke tla tla ke tlo o thusa. 12  Re lokela ho ba matla mme re be sebete+ bakeng sa batho ba habo rona le metse ya Modimo wa rona mme Jehova o tla phetha karolo ya hae.”+ 13  Joabe le banna ba hae ba ya ho Basiria ho ya ba lwantsha empa ba mo baleha.+ 14  Ha Baamone ba bona hore Basiria ba balehile, ba baleha Abishai mme ba kena motseng. Ka mora moo, Joabe a kgutla a tswa ho Baamone mme a tla Jerusalema. 15  Ha Basiria ba bona hore ba hlotswe ke Baiseraele, ba boela ba bokana.+ 16  Ka hoo, Hadadezere+ a re ho bitswe Basiria ba dulang pela Noka*+ yaba ba tla Helame, ba eteletswe pele ke Shobake molaodi wa sesole sa Hadadezere. 17  Ha Davida a bolellwa sena, a bokella Baiseraele bohle ka potlako mme a tshela Jordane a ya Helame. Yaba Basiria ba itokisetsa ho ya kopana le Davida mme ba mo lwantsha.+ 18  Empa Basiria ba baleha Baiseraele mme Davida a bolaya bakganni ba dikariki tsa ntwa ba 700 le bapalami ba dipere ba 40 000 ba Basiria. A bolaya le Shobake molaodi wa lebotho la bona la sesole mme a shwella moo.+ 19  Ha marena ohle e leng bahlanka ba Hadadezere ba bona hore ba hlotswe ke Baiseraele, ba bopa kgotso kapele le Baiseraele mme ya eba basebeletsi ba bona.+ Basiria ba ne ba se ba tshaba ho thusa Baamone.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “banna ba Tobe.”
E leng ya Eufrate.