Buka ya Bobedi ya Samuele 11:1-27

  • Davida o etsa thobalano le Bathe-sheba (1-13)

  • Davida o etsa ditokisetso tsa hore Uria a bolawe (14-25)

  • Bathe-sheba e eba mosadi wa Davida (26, 27)

11  Ha selemo* se qala, nakong eo marena a yang ntweng, Davida a romela Joabe le bahlanka ba hae ha mmoho le masole ohle a Baiseraele ho ya fedisa Baamone mme ba thibella Raba+ ha Davida a ntse a dula Jerusalema.+  Mantsiboyeng a mang, morena Davida a tsoha betheng ya hae mme a tsamaya ka hodima marulelo a ntlo* ya hae. Ha a ntse a le marulelong a bona mosadi a ntse a itlhatswa. Mosadi eo o ne a le motle haholo.  Davida a romela motho hore a yo botsa ka mosadi eo. Motho eo a mo tlalehela a re: “Ke Bathe-sheba+ moradi wa Eliame+ mosadi wa Uria+ wa Mohethe.”+  Yaba Davida o romela baromuwa hore ba mo late.+ Ka hoo, mosadi eo a tla ho yena mme Davida a robala le yena.+ (Sena se etsahetse nakong eo a neng a itlhwekisa.*)+ Ka mora moo, mosadi eo a kgutlela ha hae.  Mosadi eo a ima yaba o romela molaetsa ho Davida o re: “Ke imme.”  Jwale Davida a romela molaetsa ho Joabe a re ho yena: “Romela Uria wa Mohethe ho nna.” Ka hoo, Joabe a romela Uria ho Davida.  Ha Uria a fihla, Davida a mo botsa hore na Joabe o ntse a ya jwang, hore na masole a ntse a eya jwang le hore na ntwa e ntse e ya jwang.  Yaba Davida o re ho Uria: “Theohela ntlong ya hao mme o phomole.”* Ha Uria a tloha ntlong ya morena, morena a mo romella mpho.*  Empa Uria o ile a robala monyako wa ntlo ya morena le bahlanka ba bang bohle ba morena, ha a ka a theohela ntlong ya hae. 10  Jwale ha tlalehelwa Davida ha thwe: “Uria ha a ka a ya ntlong ya hae.” Yaba Davida o re ho Uria: “Na ha o tswe leetong hona jwale? Ke hobaneng ha o sa ya ntlong ya hao?” 11  Uria a re ho Davida: “Areka+ le Baiseraele le Bajuda ba dula ditenteng mme kgosi ya ka Joabe le bahlanka ba kgosi ya ka ba dula ditenteng naheng. Jwale nka ya ntlong ya ka jwang ka ja, ka nwa mme ka robala le mosadi wa ka?+ Ke a hlapanya hore ha feela o ntse o phela, nke ke ka etsa ntho ena!” 12  Yaba Davida o re ho Uria: “Dula mona le kajeno mme hosane ke tla re o tsamaye.” Ka hoo, Uria a dula Jerusalema letsatsing leo le letsatsing le latelang. 13  Davida a re a latwe a tlo ja le ho nwa le yena mme a etsa hore a tahwe. Empa mantsiboya, a tsamaya a yo robala betheng ya hae le bahlanka ba morena wa hae mme ha a ka a ya ntlong ya hae. 14  Hoseng Davida a ngolla Joabe lengolo mme a le fa Uria hore a le ise. 15  Lengolong leo, o ne a itse: “Behang Uria ka pele moo ntwa e leng boima ka ho fetisisa. Le tlohe ka mora hae e le hore ba tle ba mo hlabe mme a shwe.”+ 16  Joabe o ne a ntse a shebile ka hloko dintho tse etsahalang motseng yaba o beha Uria moo a neng a tseba hore ho na le banna ba matla. 17  Ha banna ba motse ba tla ba tlo lwantsha Joabe, bahlanka ba bang ba Davida ba ile ba bolawa mme Uria wa Mohethe e ne e le e mong wa bona.+ 18  Jwale Joabe a tlalehela Davida dintho tsohle tse etsahetseng ntweng. 19  A laela moromuwa a re: “Ha o qeta ho bolella morena dintho tsohle tse etsahetseng ntweng, 20  morena a ka nna a halefa mme a re ho wena, ‘Ke hobaneng ha le ne le ile haufi hakaalo le motse ho ya lwana? Na le ne le sa tsebe hore ba tla le hlasela ba le hodima lerako? 21  Ke mang ya ileng a bolaya Abimeleke+ mora wa Jerubeshethe?+ Na ha se mosadi ya ileng a lahlela tshilwana hodima hae a le hodima lerako mme a shwella Thebeze? Ke hobaneng ha le ile la ya haufi le lerako hakaalo?’ Jwale o tle o re, ‘Mohlanka wa hao Uria wa Mohethe le yena o shwele.’” 22  Ka hoo, moromuwa a tsamaya mme a bolella Davida sohle seo Joabe a neng a itse a mo bolelle sona. 23  Yaba moromuwa o re ho Davida: “Banna ba bona ba ile ba re hlola ka matla mme ba re hlasela naheng. Empa ra ba lelekisa ho ya fihla keiting ya motse. 24  Ba betsang metsu ba ne ba hlasela bahlanka ba hao ba le hodima lerako mme ba bang ba bahlanka ba morena ba ile ba shwa. Mohlanka wa hao Uria wa Mohethe le yena o ile a shwa.”+ 25  Yaba Davida o re ho moromuwa eo: “Bolella Joabe sena: ‘O se ke wa tshwenyeha ka taba ena hobane sabole e ka bolaya mang kapa mang. Hlasela motse oo ka matla a hao ohle mme o o hlole.’+ O mo kgothatse.” 26  Ha mosadi wa Uria a utlwa hore monna wa hae o shwele, a llela monna wa hae. 27  Hang ha a se a tshedisehile, Davida a re a tliswe ho yena ntlong ya hae mme ya eba mosadi wa hae+ yaba o mo tswalla mora. Empa ntho eo Davida a neng a e entse e ne e le mpe haholo ho* Jehova.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng ka nako ya selemo.
Kapa: “phaleisi.”
Mohlomong o ne a itlhwekisa hobane a le matsatsing.
Ka Seheberu: “o itlhatswe maoto.”
Mohlomong ke karolo ya dijo tseo motho a neng a di romella moeti wa hae wa bohlokwa.
Ka Seheberu: “mahlong a.”