Buka ya Bobedi ya Samuele 13:1-39

  • Amnone o beta Tamare (1-22)

  • Absalome o bolaya Amnone (23-33)

  • Absalome o balehela Geshure (34-39)

13  Absalome mora wa Davida o ne a ena le kgaitsedi eo lebitso la hae e neng e le Tamare.+ Amnone+ mora wa Davida a mo rata.  Amnone o ile a tshwenyeha haholo hoo a ileng a kula ka lebaka la kgaitsedi ya hae Tamare hobane e ne e le morwetsana mme ho ne ho bonahala Amnone a ke ke a kgona ho mo etsa letho.  Jwale Amnone o ne a ena le motswalle ya bitswang Jonadabe+ mora wa Shimea+ e leng ngwanabo Davida. Jonadabe e ne e le monna ya bohlale haholo.  Jonadabe a re ho yena: “Mora wa morena, ke hobaneng ha o dula o tshwenyehile hoseng ho hong le ho hong? Ke hobaneng ha o sa mpolelle?” Amnone a re: “Ke rata Tamare, kgaitsedi+ ya ngwaneso Absalome.”  Jonadabe a mo araba a re: “Robala betheng ya hao o etse eka o a kula. Ha ntate wa hao a tlo o bona, o re ho yena, ‘Ke kopa o re kgaitsedi ya ka Tamare a tle a ntlisetse dijo.* Haeba a tla mme a mphehela dijo tse phehelwang batho ba kulang, ke tla di ja ha a nngwathela tsona.’”  Ka hoo, Amnone a robala a etsa eka o a kula mme morena a tla a tlo mo bona. Yaba Amnone o re ho morena: “Ke kopa o re kgaitsedi ya ka Tamare a tle mme a nketsetse mahobe a mabedi a bopehileng jwalo ka pelo ke ntse ke mo shebile, e le hore nka nka dijo ha a nngwathela.”  Yaba Davida o romela molaetsa ho Tamare ntlong o re: “Ke kopa o ye ntlong ya abuti wa hao Amnone o yo mo phehela dijo.”*  Ka hoo, Tamare a ya ntlong ya kgaitsedi ya hae Amnone, moo a neng a robetse teng. A nka hlama, a e duba mme a etsa mahobe ka yona Amnone a ntse a mo shebile.  Yaba o ntsha mahobe mme o a mo ngwathela empa Amnone a hana ho ja a re: “Ere batho kaofela ba tsamaye!” Yaba batho kaofela ba a tsamaya. 10  Jwale Amnone a re ho Tamare: “Tlisa dijo* ka kamoreng, o mphe tsona ka letsoho la hao e le hore ke je.” Yaba Tamare o nka mahobe a bopehileng jwalo ka pelo mme a a isa ka kamoreng ho kgaitsedi ya hae Amnone. 11  Ha a mo tlisetsa dijo hore a je, a mo tshwara mme a re ho yena: “Kgaitsedi ya ka, tloo o robale le nna.” 12  Empa Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi ya ka! O se ke wa ntlotlolla hobane ntho e tjena ha e etswe Iseraele.+ O se ke wa etsa ntho e mpe hakana.+ 13  Batho ba tla ntjheba jwang ka mora ketsahalo ee e tlotlollang? Le wena o tla nkwa o le e mong wa banna ba nyonyehang Iseraele. Ke kopa o bue le morena hobane a ke ke a o hanela ka nna.” 14  Empa Amnone ha a ka a mo mamela, o ile a mo hlola ka matla mme a mo tlotlolla ka hore a mo bete. 15  Ka mora moo, Amnone a mo hloya haholo. A mo hloya ho feta ka moo a neng a mo rata ka teng. Yaba Amnone o re ho yena: “Ema, o tsamaye!” 16  Tamare a re ho yena: “Tjhe, kgaitsedi ya ka, ha o nteleka o tla be o etsa ntho e mpe ho feta eo o qetang ho nketsa yona.” Empa ha a ka a mo mamela. 17  Amnone a re ho mohlanka wa hae: “Ke kopa o tlose motho enwa ka pela ka o be o mo notlelle ka ntle.” 18  (O ne a apere seaparo se kgethehileng* hobane tseo e ne e le diaparo tse aparwang ke baradi ba morena bao e ntseng e le barwetsana.) Mohlanka wa hae a mo ntshetsa ka ntle mme a notlela lemati ha a qeta ho mo ntsha. 19  Tamare a itshela ka molora hloohong+ yaba o tabola seaparo se setle seo a neng a se apere. A tsamaya a behile matsoho hloohong a bile a ntse a lla. 20  Kgaitsedi ya hae Absalome+ a re ho yena: “Na ke Amnone ya o entseng ntho e mpe tjee? Itholele wena kgaitsedi ya ka. Ke ngwaneno.+ O se ke wa nahana haholo ka taba ena.” Tamare o ne a sa kopane le batho, a dula ha kgaitsedi ya hae Absalome. 21  Ha Morena Davida a utlwa ka ditaba tsena tsohle, a halefa haholo.+ Empa o ne a sa batle ho utlwisa mora wa hae Amnone bohloko hobane o ne a mo rata ka ha e ne e le mora wa hae wa letsibolo. 22  Absalome ha a ka a bua letho le Amnone. Absalome o ile a hloya+ Amnone ka ha o ne a tlotlolotse kgaitsedi ya hae Tamare.+ 23  Ka mora dilemo tse pedi, ha batho ba kutang dinku tsa Absalome ba le Baale-hazore pela Efraime,+ Absalome a mema bara bohle ba morena.+ 24  Ka hoo, Absalome a tla ho morena a re: “Mohlanka wa hao o yo kuta dinku tsa hae. Ke kopa hore morena le bahlanka ba hae ba tsamaye le nna.” 25  Empa morena a re ho Absalome: “Tjhe mora wa ka. Haeba re tsamaya kaofela, re tla ba morwalo ho wena.” Le hoja a ne a ntse a mo phehella, ha a ka a dumela ho tsamaya le yena empa o ile a mo hlohonolofatsa. 26  Yaba Absalome o re: “Haeba wena o sa tle, ke kopa o re abuti wa ka Amnone a tsamaye le rona.”+ Morena a re ho yena: “Ke hobaneng ha o batla hore a tsamaye le lona?” 27  Empa Absalome a nna a mo phehella. Ka hoo, morena a re Amnone le bara bohle ba morena ba tsamaye le yena. 28  Yaba Absalome o laela bahlanka ba hae o re: “Le dule le shebile Amnone. Ha a se a thabile ka lebaka la veine, ke tla re ho lona, ‘Bolayang Amnone!’ Jwale le tle le mo bolaye. Le se ke la tshaba hobane ke nna ya le laelang. Le be matla mme le be sebete.” 29  Ka hoo, bahlanka ba Absalome ba bolaya Amnone feela jwalo ka ha Absalome a ba laetse. Jwale bara bohle ba morena ba ema mme e mong le e mong a palama mmoulo wa hae a baleha. 30  Ha ba ntse ba le tseleng, Davida a fumana tlaleho e reng: “Absalome o bolaile bara bohle ba morena mme ha ho le ya mong wa bona ya phonyohileng.” 31  Hang ha morena a utlwa ditaba tsena a ema, a tabola diaparo tsa hae mme a robala fatshe. Bahlanka bohle ba hae ba neng ba eme pela hae le bona ba tabola diaparo tsa bona. 32  Le ha ho le jwalo, Jonadabe+ mora wa Shimea+ abuti wa Davida a re: “Morena a se ke a nahana hore ho bolailwe bara bohle ba hae hobane ke Amnone feela ya shweleng.+ Ke Absalome ya laetseng hore a bolawe.+ Haesale a batla ho mo bolaya ho tloha mohla Amnone a neng a tlotlolotse kgaitsedi ya hae+ Tamare+ ka lona. 33  Morenaka o se ke wa kgolwa tlaleho e reng, ‘Bara bohle ba morena ba shwele’ hobane ke Amnone feela ya shweleng.” 34  Ka nako eo, Absalome a baleha.+ Ha morao ha molebedi a phahamisa mahlo, a bona batho ba bangata ba tlang ka tsela e ka mora hae pela thaba. 35  Yaba Jonadabe+ o re ho morena: “Bona, bara ba morena ba kgutlile. Ho etsahetse feela jwalo ka ha mohlanka wa hao a buile.” 36  Eitse ha a qeta ho bua, bara ba morena ba kena ba lla haholo yaba morena le bahlanka bohle ba hae le bona ba lla ha bohloko. 37  Absalome yena a balehela ho Talmai+ mora wa Amihude morena wa Geshure. Ho ile ha feta matsatsi a mangata Davida a utlwile bohloko ka lebaka la mora wa hae. 38  Ka mora hore Absalome a balehele Geshure,+ a dula moo ka dilemo tse tharo. 39  Qetellong morena Davida a utlwa a hlolohetswe ho bona Absalome hobane o ne a se a tshedisehile ka lefu la Amnone.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “bohobe ba matshediso.”
Kapa: “bohobe ba matshediso.”
Kapa: “bohobe ba matshediso.”
Kapa: “se kgabisitsweng.”