Buka ya Bobedi ya Samuele 14:1-33

  • Joabe le mosadi wa Motekowa (1-17)

  • Davida o hlokomela leqheka la Joabe (18-20)

  • Absalome o dumellwa hore a kgutle (21-33)

14  Joabe mora wa Tseruja+ a hlokomela hore morena o ne a hlolohetswe Absalome.+  Yaba Joabe o re ho bitswe mosadi ya bohlale Tekowa+ mme a re ho yena: “Ke kopa o etse eka o shweletswe, o apare diaparo tsa batho ba shweletsweng mme o se ke wa itlotsa ka oli.+ O be jwalo ka mosadi ya qetileng nako e telele a utlwile bohloko ka lebaka la ho shwelwa.  Jwale o ye ho morena mme o bue mantswe a latelang.” Yaba Joabe o a mo bolella hore na a reng.*  Mosadi wa Motekowa a ya ho morena mme a kgumama yaba o a inama o re ho morena: “Morena, nthuse!”  Morena a re ho yena: “Molato keng?” A araba a re: “Ke mohlolohadi mme monna wa ka o shwele.  Nna mohlanka wa hao ke ne ke ena le bara ba babedi yaba ha ba le naheng ba a lwantshana. Ho ne ho se na motho ya ba thibang yaba e mong o otla e mong ho fihlela a shwa.  Jwale lelapa lohle le lwantsha nna mohlanka wa hao mme le re, ‘Tlisa ya bolaileng ngwanabo e le hore re mo bolaye hobane o bolaile ngwanabo+ esita le haeba ke yena mojalefa ya setseng.’ Ba batla ho bolaya mora wa ka ya setseng, ya jwalo ka leshala la ka la ho qetela le hlenneng* mme ba fedise lebitso la monna wa ka le ditloholo tsa hae lefatsheng.”  Morena a re ho mosadi eo: “Kgutlela ha hao. Ke tla lokisa taba ena.”  Yaba mosadi wa Motekowa o re ho morena: “Morenaka, e se eka molato o ka ba hodima ka le ho ba lelapa la Ntate mme morena le terone ya hae ba hloke molato.” 10  Morena a re: “Haeba le ha e le mang a ka bua ho hong ho wena, o mo tlise ho nna mme a ke ke a hlola a o tshwenya.” 11  Empa mosadi eo a re: “Ka kopo, morena e se eka o ka hopola Jehova Modimo wa hao mme o se ke wa dumella hore motho ya amanang le motho ya bolailweng*+ a bolaye mora wa ka.” Yaba o re: “Ka Jehova ya phelang,+ ha ho na motho ya tla lematsa mora wa hao.”* 12  Jwale mosadi eo a re: “Ka kopo, ere mohlanka wa hao a bue mantswe ana ho morenaka.” Yaba morena o re: “Bua.” 13  Mosadi eo a re: “Jwale ke hobaneng ha o nahanne ho etsa ntho e tjee ho batho ba Modimo?+ Ha morena a bua ka tsela ena, o iketsa ya molato hobane morena ha a kgutlise mora wa hae ya lelekilweng.+ 14  Re tla shwa mme re be jwalo ka metsi a qhalletsweng fatshe a ke keng a kgutliswa hape. Modimo a ke ke a bolaya motho empa o sheba mabaka a hore na ke hobaneng ha motho ya lelekilweng a sa lokela ho lelekwa ho ya ho ile mahlong a hae. 15  Ke tlile ho tla bua mantswe ana ho morenaka hobane batho ba ile ba ntshosa. Ka hoo nna mohlanka wa hao ka re, ‘Ere ke bue le morena. Mohlomong morena o tla phethahatsa kopo ya mohlanka wa hae. 16  Mohlomong morena o tla mmamela le ho mpholosa ho batho ba batlang ho bolaya nna le mora wa ka ya setseng a le mong hore re se ke ra fumana lefa leo Modimo a re fileng lona.’+ 17  Jwale mohlanka wa hao a re, ‘E se eka mantswe a morenaka a ka ntshedisa’ ka ha morenaka o jwalo ka lengeloi la Modimo wa nnete tabeng ya ho kgetholla se setle ho se sebe. E se eka Jehova Modimo a ka ba le wena.” 18  Morena a araba mosadi eo a re: “Ke kopa o se ke wa mpatela ntho le ha e le efe eo ke o botsang yona.” Mosadi eo a re: “Ke kopa morenaka a ke a bue.” 19  Yaba morena o re ho yena: “Na ke Joabe ya o rommeng?”+ Mosadi eo a re: “Morenaka, ke a o hlapanyetsa, hore taba ena e fela e le jwalo, ka nnete ke mohlanka wa hao Joabe ya ntaetseng hore ke bue mantswe ana.* 20  Mohlanka wa hao Joabe o entse tjena e le hore o tle o fetole maikutlo a hao ka taba ena empa morenaka o bohlale jwalo ka lengeloi la Modimo wa nnete mme o tseba sohle se etsahalang naheng.” 21  Morena a re ho Joabe: “Ho lokile, ke tla e etsa ntho ena.+ Tsamaya o yo lata mohlankana Absalome.”+ 22  Hanghang Joabe a kgumama, a inama yaba o rorisa morena. Joabe a re: “Kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o a amoheleha mahlong a hao morenaka hobane morena o phethahaditse seo mohlanka wa hae a se kopileng.” 23  Jwale Joabe a ema a ya Geshure+ mme a tlisa Absalome Jerusalema. 24  Le ha ho le jwalo, morena a re: “Ha a kgutlele ntlong ya hae feela a se ke a tlo mpona.” Ka hoo Absalome a kgutlela ntlong ya hae mme ha a ka a bona morena. 25  Jwale Iseraele yohle ho ne ho se na monna ya roriswang jwalo ka Absalome ka lebaka la botle ba hae. O ne a le motle ho tloha leotong ho ya fihla hloohong. Ho ne ho se na letho le phoso ho yena. 26  Ha a ne a kuta moriri wa hae, o ne a o kuta qetellong ya selemo se seng le se seng hobane o ne o mo imela. Moriri wa hae o ne o le boima ba dikhilokramo tse ka hodimo ho tse pedi* ho ya ka boima* ba lejwe la borena. 27  Absalome a ba le bara ba bararo+ le moradi a le mong, eo lebitso la hae e neng e le Tamare. E ne e le mosadi e motle haholo. 28  Absalome a nna a dula Jerusalema dilemo tse pedi kaofela empa ha a ka a bona morena.+ 29  Ka hoo, Absalome a re ho bitswe Joabe e le hore a tle a mo rome ho morena empa Joabe ha a ka a dumela ho tla. Jwale a re a bitswe hape ka lekgetlo la bobedi empa a nna a hana ho tla. 30  Qetellong a re ho bahlanka ba hae: “Tshimo ya Joabe e pela ya ka mme o lemme harese ho yona. Tsamayang le yo e tjhesa.” Ka hoo, bahlanka ba Absalome ba tjhesa tshimo eo. 31  Yaba Joabe o a ema, o tla ho Absalome ntlong mme o re ho yena: “Ke hobaneng ha bahlanka ba hao ba tjhesitse tshimo ya ka?” 32  Absalome a re ho Joabe: “Ke ile ka o romella molaetsa ka re, ‘Tloo ke o rome ho morena, o yo re ho yena: “Ke hobaneng ha ke latilwe Geshure?+ Ho ka be ho bile molemo hoja ke ile ka dula moo. Jwale ere ke bone morena mme haeba ke le molato a tle a mpolaye.”’” 33  Ka hoo, Joabe a ya ho morena mme a mo bolella. Yaba morena o bitsa Absalome, ya ileng a fihla a kgumama a ba a inama ka pela hae. Yaba morena o suna Absalome.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “o mo kenya mantswe ka hanong.”
E leng tshepo ya ho ba le ditloholo.
Kapa: “mopheteletsi wa madi.”
Ka Seheberu: “ha ho moriri le ha o le mong wa hae o tla wela fatshe.”
Ka Seheberu: “ya nkentseng mantswe ana ka hanong.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 200.” Sheba Ntlha ya B14.
E ka nna yaba e ne e le tekanyo ya boima e neng e sebediswa ntlong ya borena kapa e le shekele ya “boreneng” e neng e sa tshwane le dishekele tse ding.