Buka ya Bobedi ya Samuele 15:1-37

  • Leqheka la Absalome le bofetohedi ba hae (1-12)

  • Davida o baleha Jerusalema (13-30)

  • Akitofele o tshehetsa Absalome (31)

  • Hushai o romelwa hore a yo senya leano la Akitofele (32-37)

15  Ka mora dintho tsena tsohle, Absalome a ba le koloi ya ntwa, dipere le banna ba 50 ba mathang ka pela hae.+  Absalome o ne a tsoha hoseng ebe o ema pela tsela keiting ya motse.+ E ne e re ha motho le ha e le ofe a ena le nyewe e lokelang ho tla ho morena hore a e ahlole,+ ebe Absalome o a mo bitsa mme o re: “O tswa motseng ofe?” Motho eo o ne a re: “Mohlanka wa hao o tswa ho le leng la maloka a Iseraele.”  Absalome o ne a re ho yena: “Bona, ditaba tsa hao di nepahetse ebile di a utlwahala empa ha ho na motho ya tswang ho morena ya tla mamela nyewe ya hao.”  Absalome o ne a tlwaetse ho re: “Hoja ke ne ke kgethilwe hore ke be moahlodi naheng, motho e mong le e mong ya nang le nyewe kapa ya nang le taba e hlokang ho ahlolwa, o ne a ka tla ho nna mme ke ne ke tla etsa bonnete ba hore taba ya hae e sebetswa ka toka.”  E ne e re ha motho a atamela ho yena hore a tlo mo inamela, ebe o otlolla letsoho mme a mo tshware ebe o a mo suna.*+  Absalome o ne a etsa tjena ho Baiseraele bohle ba neng ba tla ho morena bakeng sa kahlolo. Jwale Absalome a nna a hapa dipelo tsa batho ba Iseraele.+  Ka mora dilemo tse nne,* Absalome a re ho morena: “Ke kopa hore o ntumelle ho ya Hebrone,+ ke yo phetha boitlamo boo ke bo entseng ho Jehova  ka ha nna mohlanka wa hao ke ile ka etsa kano ena+ ha ke ntse ke dula Geshure+ e Siria: ‘Haeba Jehova a ka nkgutlisetsa Jerusalema, ke tla etsetsa Jehova sehlabelo.’”*  Ka hoo, morena a re ho yena: “Tsamaya ka kgotso.” Yaba Absalome o a tloha o ya Hebrone. 10  Absalome a romela dihlwela malokong ohle a Iseraele a re: “Hanghang ha le utlwa modumo wa lenaka le re, ‘Absalome e se e le morena Hebrone!’”+ 11  Banna ba 200 ba tswang Jerusalema ba ne ba tsamaile le Absalome. O ne a ba bitsitse yaba ba tsamaya le yena ba sa belaelle letho ebile ba sa tsebe letho. 12  Ho ekelletsa moo, ha Absalome a etsa mahlabelo, o ile a re ho bitswe Akitofele+ wa Mogilone, moeletsi wa Davida+ ho tswa motseng wa habo Gilo.+ Morero wa bolotsana wa nna wa atleha mme palo ya batho ba tshehetsang Absalome ya eketseha.+ 13  Nakwana ka mora moo, motlalehi wa ditaba a tla ho Davida a re: “Batho ba Iseraele ba se ba le ka lehlakoreng la Absalome.” 14  Hanghang Davida a re ho bahlanka bohle ba hae ba neng ba ena le yena Jerusalema: “Emang mme re baleheng+ hobane ha ho na le ya mong wa rona ya tla phonyoha ho Absalome. Potlakang e le hore a se ke a re fumana yaba o a re hlasela ebe o bolaya motse ka sabole.”+ 15  Bahlanka ba morena ba re ho yena: “Morena, rona bahlanka ba hao re ikemiseditse ho etsa ntho efe kapa efe eo o reng re e etse.”+ 16  Jwale morena a tsamaya le ba lelapa la hae empa a siya direthe* tsa hae tse leshome+ hore di hlokomele ntlo.* 17  Yaba morena o tsamaya le batho bohle ba neng ba mo latela mme ba ema Bethe-merehake. 18  Bahlanka bohle ba neng ba tsamaya* le yena le Bakerethe bohle, Bapelethe,+ Bagathe+ le banna ba 600 ba ileng ba mo latela ho tloha Gathe,+ ba feta ka pela morena. 19  Yaba morena o re ho Itai+ wa Mogathe: “Ke hobaneng ha le wena o tsamaya le rona? Kgutla o sale le morena e motjha hobane o moditjhaba ebile o balehile naheng ya heno. 20  O sa tswa fihla, jwale na kajeno nka be ke se ke re o tsamaye le rona le hoja ke sa tsebe moo re yang teng? Kgutla o tsamaye le bana beno. E se eka Jehova a ka o bontsha hore o a o rata* le hore o a tshepahala.”+ 21  Empa Itai a re ho morena: “Ke hlapanya ka Jehova Modimo ya phelang le ka morenaka ya phelang hore nna mohlanka wa hao ke tla ya hohle moo o yang teng morenaka mme ke ikemiseditse ho shwa le wena.”+ 22  Ka hoo, Davida a re ho Itai:+ “Tsamaya mme o tshele kgohlo.” Yaba Itai wa Mogathe o tshela kgohlo ha mmoho le banna ba hae bohle le bana ba hae. 23  Batho bohle naheng ba ne ba lla ha bohloko ha batho bana ba ntse ba tshela mme morena o ne a eme pela Kgohlo ya Kidrone.+ Batho bohle ba ne ba tshelela tseleng e yang lefeelleng. 24  Tsadoke+ le yena o ne a le teng, a ena le Balevi+ bohle ba jereng areka+ ya selekane ya Modimo wa nnete+ mme ba beha areka ya Modimo wa nnete fatshe. Abiathare+ o ile a nyoloha ha batho bohle ba tswang motseng ba ntse ba qetela ho tshela. 25  Empa morena a re ho Tsadoke: “Kgutlisetsa Areka ya Modimo wa nnete motseng.+ Haeba ke amoheleha mahlong a Jehova, o tla boela a nkgutlise mme ke bone areka hape le moo e dulang teng.+ 26  Empa haeba ke sa amohelehe ho yena, a ke a nketse eng kapa eng eo a bonang e lokile mahlong a hae.” 27  Morena a re ho moprista Tsadoke: “Akere o seboni?*+ Kgutlelang motseng ka kgotso mme le tsamaye le bara ba lona ba babedi, Akimaze mora wa hao le Jonathane+ mora wa Abiathare. 28  Ke tla ema pela madiboho a lefeella ho fihlela ke fumana molaetsa o tswang ho wena.”+ 29  Ka hoo, Tsadoke le Abiathare ba nka Areka ya Modimo wa nnete, ba e kgutlisetsa Jerusalema yaba ba dula moo. 30  Davida o ne a ntse a lla ha a nyoloha Thabeng* ya Mehlwaare,+ a ikwahetse hlooho a bile a tsamaya a sa rwala letho maotong. Batho bohle ba neng ba ena le yena le bona ba ne ba ikwahetse dihlooho mme ba ntse ba lla ha ba nyoloha. 31  Davida a fumana tlaleho e reng: “Akitofele o hara batho ba rerang bolotsana+ le Absalome.”+ Yaba Davida o re: “Jehova,+ ke kopa o etse hore keletso ya Akitofele e se ke ya atleha, e be jwalo ka ya motho ya se nang kelello.”+ 32  Ha Davida a fihla ka hodima thaba moo batho ba neng ba tlwaetse ho inamela Modimo teng, Hushai+ wa Moareke+ o ne a le moo ho tla kopana le yena, a tabotse seaparo sa hae mme a le mobu hloohong. 33  Le ha ho le jwalo, Davida a re ho yena: “Haeba o ka tshela le nna, o tla ba morwalo ho nna. 34  Empa haeba o kgutlela motseng mme o re ho Absalome, ‘Ke mohlanka wa hao morena. Ke ne ke le mohlanka wa ntate wa hao nakong e fetileng empa hona jwale ke mohlanka wa hao.’+ Ha o etsa jwalo o tla kgona ho nthusa ho senya leano la Akitofele.+ 35  Moprista Tsadoke le moprista Abiathare ba tla be ba ena le wena. O bolelle moprista Tsadoke le moprista Abiathare ntho e nngwe le e nngwe eo o e utlwang ho tswa ntlong ya morena.+ 36  Ba na le bara ba bona ba babedi moo e leng Akimaze+ mora wa Tsadoke le Jonathane+ mora wa Abiathare. Ntho e nngwe le e nngwe eo o e utlwang o e romele ka bona.” 37  Ka hoo, Hushai motswalle wa Davida+ a ya motseng ha Absalome a kena Jerusalema.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho dumedisa motho ka ho mo suna, jwalo ka ho mo suna lerameng, e ne e le ntho e tlwaelehileng.
Kapa mohlomong: “dilemo tse 40.”
Kapa: “rapela.” Ka Seheberu: “etsetsa tshebeletso.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “tshela.”
Kapa: “bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “moepeng.”