Buka ya Bobedi ya Samuele 16:1-23

  • Tsiba o senya Mefiboshethe lebitso (1-4)

  • Shimei o rohaka Davida (5-14)

  • Absalome o amohela Hushai (15-19)

  • Keletso ya Akitofele (20-23)

16  Ha Davida a se a fetile hanyenyane ka hodima thaba,+ Tsiba+ mohlanka wa Mefiboshethe+ o ne a le moo ho tla kopana le yena ka ditonki tse pedi, tse neng di jere dilofo tse 200 tsa bohobe, dipolokwe tse 100 tsa morara o omisitsweng, dipolokwe tse 100 tsa ditholwana* tsa lehlabula le jeke e kgolo ya veine.+  Yaba morena o re ho Tsiba: “Ke hobaneng ha o tlisitse dintho tsee?” Tsiba a re: “Ditonki ke tsa ba lelapa la morena hore ba di palame, bohobe le ditholwana tsa lehlabula ke tsa bahlankana hore ba di je mme veine ke ya ba tla kgathala lefeelleng hore ba e nwe.” +  Jwale morena a re: “Mora* wa monga hao o kae?”+ Yaba Tsiba o re ho morena: “O dutse Jerusalema hobane o itse, ‘Kajeno ntlo ya Iseraele e tla kgutlisetsa puso ya Ntate ho nna.’”+  Yaba morena o re ho Tsiba: “Dintho tsohle tsa Mefiboshethe e se e le tsa hao.”+ Tsiba a re: “Ke inama ka pela hao. E se eka nka amoheleha mahlong a hao morenaka.”+  Ha Morena Davida a fihla Bahurime, monna wa lelapa la ntlo ya Saule ya bitswang Shimei+ e leng mora wa Gera, a tswa a rohakana ha a ntse a atamela Davida.+  O ne a betsa Davida le bahlanka bohle ba hae ka majwe ha mmoho le batho bohle le banna ba matla ba neng ba le lehlakoreng le letona le le letshehadi la morena.  Shimei o ne a ntse a rohakana a re: “Tloha, tloha wena monna ya molato wa madi, ya se nang thuso!  Jehova o kgutliseditse molato wohle wa madi wa ntlo ya Saule ho wena, eo o busang sebakeng sa hae mme Jehova o fa mora wa hao Absalome borena. O tlokotsing hobane o monna ya nang le molato wa madi.”+  Abishai mora wa Tseruja+ a re ho morena: “Ke hobaneng ha ntja ee e shweleng+ e rohaka morenaka?+ Ke kopa o ntumelle hore ke ye ho yena ke yo mo kgaola hlooho.”+ 10  Empa morena a re: “Le kena kae tabeng ee lona bara ba Tseruja?+ Mo tlohele a nthohake+ hobane Jehova o itse ho yena,+ ‘Rohaka Davida!’ Ka hoo, ke mang ya tla re, ‘Ke hobaneng ha o etsa tjee?’” 11  Davida a re ho bahlanka ba hae bohle le ho Abishai: “Ha e le moo mora wa ka eo ke mo tswetseng a batla ho mpolaya,+ jwale le re Mobenjamine eo yena a ka ntlohela?+ Mo tloheleng a nthohake ka ha ke Jehova ya itseng a nthohake. 12  Mohlomong Jehova o tla bona bohloko boo ke bo utlwang+ mme Jehova o tla mpha tlhohonolofatso sebakeng sa thohako eo ke e fumaneng kajeno.”+ 13  Davida le banna ba hae ba nna ba tsamaya ha Shimei a ntse a tsamaya pela thaba haufi le Davida, a rohakana,+ a betsa majwe a bile a thuntsha lerole le lengata. 14  Qetellong morena le batho bohle ba neng ba ena le yena ba fihla moo ba neng ba ya teng yaba ba a phomola. 15  Ka nako eo, Absalome le banna bohle ba Iseraele ba fihla Jerusalema ba ena le Akitofele.+ 16  Ha motswalle wa Davida e leng Hushai+ wa Moareke+ a fihla ho Absalome, a re ho Absalome: “Morena a ke a phele!+ Morena a ke a phele!” 17  Yaba Absalome o re ho Hushai: “Na lee ke lona lerato* leo o ratang motswalle wa hao ka lona? Ke hobaneng ha o sa tsamaya le motswalle wa hao?” 18  Hushai a re ho Absalome: “Ke ka lehlakoreng la ya kgethilweng ke Jehova, ya kgethilweng ke batho bana le ya kgethilweng ke banna bohle ba Iseraele. Ke tla dula le yena. 19  Hape ke re, Ke lokela ho sebeletsa mang? Na ha ke a lokela ho sebeletsa mora wa hae? Ke tla o sebeletsa feela jwalo ka ha ke sebeleditse ntate wa hao.”+ 20  Yaba Absalome o re ho Akitofele: “Nkeletse.+ Re etseng?” 21  Akitofele a re ho Absalome: “Robala le direthe* tsa ntate wa hao+ tseo a di siileng hore di hlokomele ntlo.*+ Ha Iseraele yohle e utlwa hore o ikentse motho ya nyonyehang ho ntate wa hao, batho ba o tshehetsang ba tla o tshehetsa le ho feta.” 22  Ka hoo, ba hlomela Absalome tente hodima marulelo+ yaba Absalome o robala le direthe tsa ntate wa hae+ mahlong a Baiseraele bohle.+ 23  Mehleng eo, keletso ya Akitofele+ e ne e nkwa e le jwalo ka lentswe le tswang ho* Modimo wa nnete. Ke ka moo Davida le Absalome ba neng ba nkela dikeletso tsohle tsa Akitofele hodimo ka teng.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Haholoholo difeiga, mohlomong le ditholwana tsa sefate sa palema.
Kapa: “setloholo.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “e ne eka motho o botsa.”