Buka ya Bobedi ya Samuele 17:1-29

  • Hushai o senya keletso ya Akitofele (1-14)

  • Davida o a lemoswa, o baleha Absalome (15-29)

    • Barzilai le ba bang ba tlisa dintho tse hlokwang (27-29)

17  Yaba Akitofele o re ho Absalome: “Ke kopa o ntumelle hore ke kgethe banna ba 12 000 mme re tsamaye re yo lelekisa Davida bosiung bona.  Ke tla mo hlasela ha a kgathetse ebile a se na matla*+ mme ke mo tshose. Batho bohle ba nang le yena ba tla baleha mme ke tla bolaya morena feela.+  Jwale ke tla kgutlisetsa batho bohle ho wena. Taba ya hore batho bohle ba kgutle, e itshetlehile ka se tla etsahala ka monna eo o mo batlang. Ka hoo, batho bohle ba tla ba le kgotso.”  Absalome le baholo bohle ba Iseraele ba thabela keletso eo.  Le ha ho le jwalo, Absalome a re: “Ke kopa le bitse le Hushai+ wa Moareke mme re utlwe hore na yena o reng.”  Hushai a ya ho Absalome. Yaba Absalome o re ho yena: “Ena ke keletso e tswang ho Akitofele. Na re e sebedise? Haeba o sa dumele, o re bolelle.”  Yaba Hushai o re ho Absalome: “Keletso ya Akitofele e ke ke ya sebetsa boemong bona.”+  Hushai a boela a re: “O tseba hantle hore ntate wa hao le banna ba hae ba matla+ ebile ba halefile jwalo ka bere e lahlehetsweng ke madinyane a yona naheng.+ Hape, ntate wa hao ke monna ya tsebang ntwa,+ a ke ke a qeta bosiu le batho.  Hona jwale o ipatile lehaheng* le leng kapa sebakeng se seng.+ Ha a ka hlasela pele, batho ba utlwang ba tla re, ‘Batho ba latelang Absalome ba hlotswe!’ 10  Esita le monna ya sebete sa tau+ o tla tshoha hobane Baiseraele bohle ba a tseba hore ntate wa hao ke monna ya matla+ le hore banna ba nang le yena ba sebete. 11  Nna ke fana ka keletso ena: Bokella Baiseraele bohle, ho tloha Dane ho ya Beersheba,+ ba be bangata jwalo ka lehlabathe la lewatle+ mme o ba etelle pele ho ya ntweng. 12  Re tla mo hlasela hohle moo re tla mo fumana teng, re fihle hodima hae jwalo ka phoka e welang fatshe. Ha ho le ya mong ya tla phonyoha, ebang ke yena kapa le ha e le ofe wa banna ba nang le yena. 13  Haeba a ipatile motseng o mong, re tla ya le Baiseraele bohle ho yo fedisa motse oo mme re o hulele tlase kgohlong ka diropo, ho fihlela ho se na le ha e le lejwe le setseng.” 14  Yaba Absalome le banna bohle ba Iseraele ba re: “Keletso ya Hushai wa Moareke e ntle+ ho feta keletso ya Akitofele.” Jehova o ne a ikemiseditse* ho senya keletso e utlwahalang ya Akitofele+ e le hore Jehova a ka tlisetsa Absalome tlokotsi.+ 15  Ha morao Hushai a re ho moprista Tsadoke le moprista Abiathare:+ “Ena ke keletso eo Akitofele a e fileng Absalome le baholo ba Iseraele mme nna ke ba file keletso ena. 16  Jwale potlakang le yo lemosa Davida le re ho yena: ‘Bosiung bona o se ke wa robala madibohong* a lefeelleng empa o etse bonnete ba hore o tshela noka ya Jordane, ho seng jwalo wena morena le batho bohle ba nang le wena le tla bolawa.”+ 17  Jonathane+ le Akimaze+ ba ne ba dula Ene-rogele.+ Mosebeletsi wa ngwanana a tsamaya a yo ba bolella mme bona ba yo bolella Morena Davida hobane ho hang ba ne ba sa lokela ho bonwa ba kena motseng. 18  Le ha ho le jwalo, mohlankana e mong a ba bona mme a bolella Absalome. Ka hoo, Jonathane le Akimaze ba balehela ntlong ya monna e mong Bahurime+ ya neng a ena le sediba ka jareteng ya hae. Ba fihla ba kena ka ho sona 19  yaba mosadi wa monna eo o ala lesela hodima sediba seo mme o se kwahela ka koro* e tutsweng. Ho ne ho se na motho ya tsebang ka taba eo. 20  Bahlanka ba Absalome ba tla ho mosadi eo ntlong ya hae mme ba re: “Akimaze le Jonathane ba kae?” Yaba mosadi eo o re: “Ba fetile mona ba ya nokeng.”+ Banna bao ba ba sheba empa ha ba a ka ba ba fumana yaba ba kgutlela Jerusalema. 21  Ka mora hore banna bao ba tsamaye, Akimaze le Jonathane ba tswa ka sedibeng yaba ba yo bolella Morena Davida. Ba re ho yena: “Ema mme o tshele noka kapele.” Yaba ba mo bolella leano la Akitofele.+ 22  Hanghang Davida le batho bohle ba neng ba ena le yena ba ema mme ba tshela Jordane. Ha letsatsi le tjhaba, batho bohle ba ne ba se ba tshetse Jordane. 23  Ha Akitofele a bona hore keletso ya hae ha e a sebediswa, a palama tonki mme a ya ntlong ya hae motseng wa habo.+ Ka mora hore a fe ba lelapa la hae ditaelo,+ a iphanyeha.*+ Ka hoo, a shwa mme a patelwa moo baholoholo ba hae ba patetsweng teng. 24  Ka nako eo, Davida a ya Mahanaime+ mme Absalome a tshela Jordane le banna bohle ba Iseraele. 25  Absalome a kgetha Amasa+ hore e be yena molaodi wa sesole sebakeng sa Joabe.+ Amasa e ne e le mora wa monna ya bitswang Jithra wa Moiseraele, ya ileng a robala le Abigaile+ moradi wa Nahashe, kgaitsedi ya Tseruja e leng mme wa Joabe. 26  Baiseraele le Absalome ba hloma ditente naheng ya Gileade.+ 27  Hang ha Davida a fihla Mahanaime, Shobi mora wa Nahashe ya tswang Raba+ ya Baamone, Makire+ mora wa Amiele ya tswang Lo-debare le Barzilai+ wa Mogileade ya tswang Rogdime 28  ba tlisa dibethe, dikotlolo, dijana tsa letsopa, koro, harese, phofo, koro* e hadikilweng, dinawa tse sephara, lensisi, koro* e omisitsweng, 29  mahe a dinotshi, botoro, dinku le tjhisi. Ba tlisetsa Davida le batho dintho tsena tsohle hore ba je+ hobane ba ile ba re: “Batho ba lapile, ba kgathetse ebile ba nyorilwe lefeelleng.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “a fokotse matsoho ka bobedi.”
Kapa: “mokoting.”
Kapa: “laetse.”
Kapa mohlomong: “mahwatateng.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ikgama.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.