Buka ya Bobedi ya Samuele 18:1-33

  • Absalome o a hlolwa mme o a shwa (1-18)

  • Davida o bolellwa hore Absalome o shwele (19-33)

18  Yaba Davida o bala banna ba neng ba ena le yena mme o beha balaodi ba ba dikete le balaodi ba ba makgolo hore ba ba okamele.+  Davida a romela banna ba neng ba ena le yena ka dihlopha tse tharo, molaodi wa* se seng e ne e le Joabe,+ wa se seng e le Abishai+ abuti wa Joabe mora wa Tseruja+ mme wa se seng e le Itai+ wa Mogathe. Morena a re ho banna bao: “Le nna ke tla tsamaya le lona.”  Empa ba re: “O se ke wa tsamaya le rona+ hobane haeba re baleha, ba ke ke ba ba le taba* le rona. Le haeba halofo ya rona e ka shwa, ba ke ke ba ba le taba le rona hobane wena o lekana le ba 10 000 ba rona.+ Ka lebaka leo, ho ka ba molemo haeba o ka romela batho ho tswa motseng hore ba tlo re thusa.”  Morena a re ho bona: “Ke tla etsa ntho le ha e le efe eo le bonang e le molemo.” Ka hoo, Morena a ema pela keiti ya motse mme banna bohle ba tswa ka dihlopha tsa ba makgolo le tsa ba dikete.  Morena a fa Joabe, Abishai le Itai taelo ena: “Le se ke la tshwara Absalome hampe molemong wa ka.”+ Banna bohle ba utlwa ha morena a fa balaodi bohle taelo ena e mabapi le Absalome.  Banna ba tswa ba ya naheng ho ya kopana le Baiseraele mme ba lwanela morung wa Efraime.+  Bahlanka ba Davida ba hlola batho ba Iseraele moo.+ Letsatsing leo ho ile ha bolawa batho ba bangata e leng banna ba 20 000.  Ho ile ha eba le ntwa sebakeng seo sohle. Ho ekelletsa moo, letsatsing leo batho ba bolailweng morung ba ne ba le bangata ho feta batho ba bolailweng ka sabole.  Qetellong Absalome a iphumana a le ka pela bahlanka ba Davida. Absalome o ne a palame mmoulo yaba mmoulo o kena tlasa makala a teteaneng a sefate se seholo mme a sala a tshwasehile sefateng seo se seholo, a sala a leketlile moyeng* ha mmoulo oo a neng a o palame o fetela pele. 10  Motho e mong a mo bona mme a bolella Joabe+ a re: “Ke bone Absalome a leketlile sefateng se seholo.” 11  Joabe a re ho monna ya neng a mo bolella: “Ke hobaneng ha o sa mo bolaela hona moo? Hona jwale nka be ke o fa dikotwana* tsa silevera tse leshome le lebanta.” 12  Empa monna eo a re ho Joabe: “Le haeba ke ne nka fuwa* dikotwana* tsa silevera tse 1 000, ke ne nke ke ka bolaya mora wa morena hobane re ile ra utlwa ha morena a ne a laela wena, Abishai le Itai a re, ‘Le etse bonnete ba hore ha ho na motho ya tla bolaya Absalome.’+ 13  Haeba ke ne ke sa mamela yaba ke a mo bolaya,* morena o ne a tla tseba ka taba ena mme o ne o ke ke wa ntshireletsa.” 14  Yaba Joabe o re: “Ere ke tlohele ho itshenyetsa nako ka wena!” A nka metsu* e meraro, a e hlabella pelong ya Absalome a ntse a phela a leketlile sefateng se seholo. 15  Jwale bahlanka ba leshome ba neng ba jara dibetsa tsa Joabe ba fihla mme ba otla Absalome ho fihlela a shwa.+ 16  Joabe a letsa lenaka mme banna ba kgutla yaba ba tlohela ho lelekisa Baiseraele hobane Joabe o ne a itse ba emise. 17  Ba nka Absalome ba mo lahlela mokoting o moholo ka hara moru yaba ba beha majwe hodima hae, ba etsa qubu e kgolo.+ Baiseraele bohle ba balehela malapeng a bona. 18  Ha Absalome a ntse a phela, o ne a ile a iketsetsa pilara Kgohlong* ya Morena+ hobane o ne a re: “Ha ke na mora ya tla etsa hore lebitso la ka le nne le hopolwe.”+ Ka hoo, a rehella pilara eo ka yena mme e ntse e bitswa Seemahale sa Absalome ho fihlela letsatsing lena. 19  Akimaze+ mora wa Tsadoke a re: “Ke kopa o ntumelle hore ke mathe ke yo bolella morena ditaba tsena hobane Jehova o mo file toka ka ho mo lopolla ho dira tsa hae.”+ 20  Empa Joabe a re ho yena: “Ha se wena ya tla isa ditaba letsatsing lena. O ka nna wa di isa ka letsatsi le leng empa eseng kajeno hobane kajeno ho shwele mora wa morena.”+ 21  Joabe a re ho Mokushe:+ “Tsamaya o yo bolella morena seo o se boneng.” Yaba Mokushe o inamela Joabe mme o tloha moo a matha. 22  Akimaze mora wa Tsadoke a boela a re ho Joabe: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, ke kopa o ntumelle hore ke mathe ka mora Mokushe enwa.” Le ha ho le jwalo, Joabe a re: “Mora wa ka, ke hobaneng ha o batla ho matha empa ho se na ditaba tseo o ka di tsamaisang?” 23  Empa a nna a re: “Ho sa tsotellehe se tla etsahala, ere ke mathe.” Ka hoo, Joabe a re ho yena: “Matha!” Jwale Akimaze a matha ka tsela ya Setereke sa Jordane mme qetellong a feta Mokushe. 24  Davida o ne a dutse pakeng tsa dikeiti tse pedi tsa motse+ yaba molebedi+ o nyolohela hodima marulelo a keiti e lerakong. Ha a sheba hodimo a bona monna ya tlang a matha a le mong. 25  Ka hoo, molebedi a hweletsa a bolella morena. Yaba morena o re: “Haeba o tla a le mong, o tlisitse ditaba.” Ha a ntse a atamela haufinyane, 26  molebedi a bona monna e mong a tla a matha. Yaba o hweletsa molebedi wa keiti o re: “Bona, ho na le monna ya tlang a matha a le mong!” Morena a re: “Enwa le yena o tlisitse ditaba.” 27  Molebedi a re: “Ke a bona hore monna wa pele o matha jwalo ka Akimaze+ mora wa Tsadoke” yaba morena o re: “Ke monna ya molemo, e tlameha ebe o tlisitse ditaba tse monate.” 28  Jwale Akimaze a hweletsa morena a re: “Dintho tsohle di hantle!” Ka mora moo, a inama ka pela morena. Yaba o re: “E se eka Jehova Modimo a ka roriswa, ya nehelaneng ka banna ba fetohetseng* morenaka!”+ 29  Empa morena a re: “Na mohlankana Absalome o ntse a ya hantle?” Yaba Akimaze o re: “Ke bone moferefere ha Joabe a roma mohlanka wa morena le nna mohlanka wa hao empa ke ne ke sa tsebe hore na e ne e le wa eng.”+ 30  Ka hoo, morena a re: “Emella ka thoko, o eme mona.” Yaba o emella ka thoko mme o ema moo. 31  Jwale Mokushe a fihla+ mme a re: “E se eka morenaka a ka amohela ditaba tsena: Kajeno Jehova o phethahaditse toka ka ho o lokolla ho batho bohle ba neng ba le kgahlanong le wena.”+ 32  Empa morena a re ho Mokushe: “Na mohlankana Absalome o ntse a ya hantle?” Yaba Mokushe o re: “E se eka dira tsohle tsa morenaka le bohle ba o fetohetseng ba batlang ho o ntsha kotsi ba ka ba jwalo ka mohlankana enwa.”+ 33  Taba ena ya utlwisa morena bohloko, a nyolohela kamoreng e marulelong hodima keiti yaba o a lla, o ne a tsamaya a ntse a re: “Mora wa ka Absalome, mora wa ka, mora wa ka Absalome! Hoja ebe ho shwele nna eseng wena, mora wa ka Absalome, mora wa ka!”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “letsoho la.”
Ka Seheberu: “beha pelo ho.”
Ka Seheberu: “pakeng tsa lehodimo le lefatshe.”
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “ba ne ba ka e lekanya ka hara matsoho a ka.”
Ka Seheberu: “dishekele.”
Kapa: “ke sebetsane le yena ka bolotsana.”
Kapa mohlomong: “marumo.” Ka Seheberu: “dithupa.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “ba phahamisitseng matsoho a bona.”