Buka ya Bobedi ya Samuele 19:1-43

  • Davida o llela Absalome (1-4)

  • Joabe o kgalemela Davida (5-8a)

  • Davida o kgutlela Jerusalema (8b-15)

  • Shimei o kopa tshwarelo (16-23)

  • Mefiboshethe o fumanwa a se na molato (24-30)

  • Barzilai o a hlomphuwa (31-40)

  • Maloko a pheha kgang (41-43)

19  Joabe a fumana tlaleho e reng: “Morena o utlwile bohloko ebile o a lla ka lebaka la Absalome.”+  Ka hoo, tlholo* ya letsatsing leo ya fetoha bohloko ho batho bohle hobane ba ne ba utlwile ho thwe morena o llela mora wa hae.  Letsatsing leo, batho ba kgutlela motseng ba thotse+ feela jwalo ka batho ba swabileng hobane ba balehile ntweng.  Morena a ikwahela sefahleho mme a nna a lla a hweleditse a re: “Mora wa ka Absalome! Absalome mora wa ka, mora wa ka!”+  Joabe a ya ho morena ka tlung yaba o re: “Kajeno o swabisitse bahlanka bohle ba hao, bao letsatsing lena ba pholositseng bophelo ba hao le ba bara ba hao,+ ba baradi ba hao,+ ba basadi ba hao le ba direthe* tsa hao.+  O rata ba o hloileng mme o hloile ba o ratang ka ha o bontshitse ka ho hlaka kajeno hore balaodi le bahlanka ba hao ha se letho ho wena hobane ke a tseba hore haeba Absalome a ne a phela kajeno mme rona kaofela re shwele, o ne o ke ke wa ba le bothata ka taba eo.  Jwale ema mme o kgothatse* bahlanka ba hao hobane ke hlapanya ka Jehova hore haeba o sa tswe, ha ho na monna ya tla sala le wena bosiung bona. Ntho eo e tla ba mpe ho wena ho feta dikotsi tsohle tseo o kileng wa kopana le tsona ho tloha botjheng ba hao ho fihlela hona jwale.”  Ka hoo, morena a ema yaba o yo dula keiting ya motse mme batho bohle ba fuwa tsebiso ena: “Morena o dutse keiting.” Jwale batho bohle ba tla ka pela morena. Empa Baiseraele ba ne ba balehile, e mong le e mong a ile ha hae.+  Batho bohle ba melokong yohle ya Iseraele ba ne ba phehisana ba re: “Morena o re pholositse ho dira tsa rona,+ a ba a re pholosa le ho Bafilista. Empa hona jwale o balehile naheng ka lebaka la Absalome.+ 10  Ha e le Absalome eo re mo kgethileng hore e be morena wa rona,+ o shweletse ntweng.+ Jwale ke hobaneng ha le sa etse letho ho kgutlisa morena?” 11  Morena Davida a romela molaetsa ona ho moprista Tsadoke+ le moprista Abiathare:+ “Buang le baholo ba Juda+ le re, ‘Ke hobaneng ha le eba ba ho qetela ba ho kgutlisetsa morena ntlong ya hae ka ha ke tsebisitswe hore Baiseraele bohle ba batla hore ke kgutle? 12  Le bana beso, lesapo la ka le nama ya ka.* Ka hoo, ke hobaneng ha e le lona ba ho qetela ba ho kgutlisa morena?’ 13  Hape le lokela ho re ho Amasa,+ ‘Na ha o lesapo la ka le nama ya ka? E se eka Modimo a ka mpha kotlo e boima haeba o sa be molaodi wa lebotho la ka la sesole ho tloha hona jwale sebakeng sa Joabe.’”+ 14  Ka hoo, a hapa dipelo tsa banna bohle ba Juda a le mong mme ba romela molaetsa ho morena ba re: “Kgutla, wena le bahlanka bohle ba hao.” 15  Morena a kgutla mme a fihla Jordane yaba batho ba Juda ba tla Gilgale+ ho tla kopana le morena le ho mo tshedisetsa ka nqane ho Jordane. 16  Jwale Shimei+ mora wa Gera e leng Mobenjamine ya tswang Bahurime, a potlaka mme a theoha le banna ba Juda ho ya kopana le Morena Davida. 17  O ne a boetse a ena le banna ba 1 000 ba tswang Benjamine. Hape Tsiba+ mohlokomedi wa ntlo ya Saule, bara ba hae ba 15 le bahlokomedi ba hae ba 20, ba potlaka ba theohela Jordane pele ho morena. 18  A* tshela lediboho ho ya lata ba lelapa la morena le ho etsa ntho e nngwe le e nngwe eo morena a e batlang. Empa Shimei mora wa Gera a inama ka pela morena ha morena a le haufi le ho tshela Jordane. 19  A re ho morena: “Morena, o se ke wa mpeha molato mme o se ke wa hopola phoso ya ka+ ya letsatsing leo o neng o tswa Jerusalema. E se eka morena a ka lebala ka taba eo 20  hobane nna mohlanka wa hao ke tseba hantle hore ke entse sebe. Ka hoo, kajeno ke nna wa pele ho bohle ba lelapa la Josefa ya tlileng ho tla kopana le wena morenaka.” 21  Hanghang Abishai+ mora wa Tseruja+ a re: “Na Shimei ha a lokela ho bolawa hobane a rohakile motlotsuwa wa Jehova?”+ 22  Empa Davida a re: “Le kena kae tabeng ee lona bara ba Tseruja,+ ha e le moo kajeno le le kgahlanong le nna? Na ho na le mang kapa mang ya lokelang ho bolawa kajeno Iseraele? Na ha ke tsebe hore kajeno ke morena wa Iseraele?” 23  Morena a re ho Shimei: “O ke ke wa shwa.” Yaba morena o a mo hlapanyetsa.+ 24  Mefiboshethe+ setloholo sa Saule le yena a tla ho tla kopana le morena. O ne a sa ka a hlatswa maoto a hae, a kuta ditedu tsa hae kapa a hlatswa diaparo tsa hae ho tloha mohlang morena a neng a tsamaya ho fihlela letsatsing leo a kgutlileng ka kgotso ka lona. 25  Ha a tla* Jerusalema ho tla kopana le morena, morena a re ho yena: “Ke hobaneng ha o sa tsamaya le nna Mefiboshethe?” 26  Mefiboshethe a re: “Morenaka, o a tseba hore ke holofetse.+ Ke ne ke itse ho mohlanka wa ka,+ ‘Ntokisetse tonki e le hore ke tle ke e palame ke tsamaye le morena.’ Empa o ile a nqhekella. 27  O ile a nketselletsa ho wena morenaka.+ Le ha ho le jwalo, morenaka o jwalo ka lengeloi la Modimo wa nnete. Ka hoo, etsa seo o bonang se le molemo. 28  Morenaka, o ka be o ile wa bolaya bohle ba lelapa la ntate wa ka empa o ile wa beha nna mohlanka wa hao hara ba jang tafoleng ya hao.+ Jwale ke na le tokelo efe ya hore ke nne ke batle dintho tse ding ho wena morena?” 29  Le ha ho le jwalo, morena a re ho yena: “O se ke wa hlola o bua ho ya pele. Ke entse qeto ena, wena le Tsiba le tla arolelana tshimo.”+ 30  Yaba Mefiboshethe o re ho morena: “Ere a e nke kaofela hobane o kgutletse ntlong ya hao ka kgotso morenaka.” 31  Jwale Barzilai+ wa Mogileade a theoha Rogdime a ya Jordane ho ya felehetsa morena ho ya Jordane. 32  Barzilai o ne a tsofetse haholo, a le dilemo di 80, o ne a fa morena dijo ha a ntse a dula Mahanaime+ hobane e ne e le monna ya ruileng haholo. 33  Ka hoo, morena a re ho Barzilai: “Tshela le nna, ke tla o fa dijo Jerusalema.”+ 34  Empa Barzilai a re ho morena: “Ke sa ntse ke tlo phela dilemo* tse kae hoo nka yang Jerusalema le morena? 35  Kajeno ke dilemo di 80.+ Na nka kgona ho bona phapang pakeng tsa se setle le se sebe? Na nna mohlanka wa hao nka kgona ho latswa seo ke se jang le seo ke se nwang? Na ke ntse nka kgona ho utlwa mantswe a dibini tsa banna le basadi?+ Ha ke batle ho ba morwalo ho wena morenaka. 36  Ho lekane hore ebe nna mohlanka wa hao ke o feleheditse ho fihlela Jordane. Ha ho hlokahale hore morena a mpatale. 37  Ke kopa o ntumelle hore ke kgutlele motseng wa heso, ke yo shwella haufi le moo ntate wa ka le mme wa ka ba patetsweng teng.+ Empa mohlanka wa hao Kimhame ke enwa.+ Morenaka, ere a tshele le wena mme o mo etsetse ntho efe kapa efe eo o bonang e le molemo ho wena.” 38  Ka hoo, morena a re: “Ke tla tshela le Kimhame mme ke tla mo etsetsa ntho e nngwe le e nngwe eo o bonang e le molemo. Ke tla o etsetsa ntho e nngwe le e nngwe eo o nkopang yona.” 39  Batho bohle ba qala ho tshela Jordane. Ha morena a tshela, a suna Barzilai+ yaba o a mo hlohonolofatsa. Barzilai a kgutlela hae. 40  Ha morena a tshelela Gilgale,+ Kimhame o ile a tshela le yena. Batho bohle ba Juda le halofo ya batho ba Iseraele ba tshela le morena.+ 41  Jwale banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena mme ba re ho yena: “Ke hobaneng ha bana ba bo rona e leng banna ba Juda ba ile ba o utswa e le hore ba tle ba o tshedise Jordane ha mmoho le ba lelapa la hao le banna bohle ba hao?”+ 42  Banna bohle ba Juda ba araba banna ba Iseraele ba re: “Ke hobane morena o amana le rona.+ Jwale ke hobaneng ha le halefisitswe ke taba ee? Na re jele dijo tsa morena kapa na o re file mpho?” 43  Le ha ho le jwalo, banna ba Iseraele ba re ho banna ba Juda: “Re maloko a leshome. Ka hoo, Davida o amana le rona ho feta lona. Jwale ke hobaneng ha le re hloile? Na e ne e sa lokela ho ba rona ba pele ba ho kgutlisa morena?” Empa banna ba Juda ba hlola banna ba Iseraele ha ba ne ba phehisana ka taba eo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “poloko.”
Ka seheberu: “o bue le dipelo tsa.”
Kapa: “bana beso ba madi.”
Kapa mohlomong: “Ba.”
Kapa mohlomong: “a tswa.”
Ka Seheberu: “matsatsi a dilemo.”