Buka ya Bobedi ya Samuele 2:1-32

  • Davida e ba morena wa Juda (1-7)

  • Ish-boshethe e ba morena wa Iseraele (8-11)

  • Ntwa pakeng tsa lelapa la Davida le la Saule (12-32)

2  Ka mora moo, Davida a botsa Jehova+ a re: “Na ke ye ho o mong wa metse ya Juda?” Jehova a re ho yena: “Tsamaya.” Yaba Davida o re: “Ke ye hokae?” A re: “Hebrone.”+  Ka hoo, Davida a ya moo le basadi ba hae ba babedi e leng Akinoame+ wa Mojezriele le Abigaile+ mohlolohadi wa Nabale wa Mokarmele.  Hape Davida o ile a tsamaya le banna ba neng ba ena le yena,+ e mong le e mong le lelapa la hae mme ba dula metseng e Hebrone.  Yaba banna ba Juda ba tla moo mme ba tlotsa Davida hore e be morena wa ntlo ya Juda.+ Ba re ho Davida: “Banna ba Jabeshe-gileade ke bona ba ileng ba pata Saule.”  Jwale Davida a romela baromuwa ho banna ba Jabeshe-gileade mme a re ho bona: “E se eka Jehova a ka le hlohonolofatsa hobane le bontshitse hore le rata* morena wa lona Saule ka ho mo pata.+  E se eka Jehova a ka le rata* ka dinako tsohle. Le nna ke tla le rata ka lebaka la ntho eo le e entseng.+  Ebang matla mme le be banna ba sebete hobane morena wa lona Saule o shwele mme ba lelapa la Juda ba ntlotsitse hore ke be morena wa bona.”  Empa molaodi wa sesole sa Saule e leng Abnere+ mora wa Nere, o ne a tsamaisitse mora wa Saule e leng Ish-boshethe+ a mo isitse Mahanaime+  yaba o mo etsa morena wa Gileade,+ wa Baashure, wa Jezriele,+ wa Efraime,+ wa Benjamine le wa dibaka tsohle tsa Iseraele. 10  Ish-boshethe mora wa Saule o ne a le dilemo di 40 ha e eba morena wa Iseraele mme o ile a busa ka dilemo tse pedi. Empa ba lelapa la Juda ba ne ba tshehetsa Davida.+ 11  Davida e ile ya eba morena wa ntlo ya Juda motseng wa Hebrone ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng.+ 12  Ka mora nako Abnere mora wa Nere le bahlanka ba Ish-boshethe mora wa Saule, ba tloha Mahanaime+ ba ya Gibeone.+ 13  Joabe+ mora wa Tseruja+ le bahlanka ba Davida ba ya letamong la Gibeone mme ba kopana le bona moo. Sehlopha se seng se ne se dutse ka nqena ho letamo mme se seng se dutse ka nqane ho letamo. 14  Qetellong Abnere a re ho Joabe: “Ere bahlankana ba eme ba hlodisane ka ho lwantshana ka pela rona.” Yaba Joabe o re: “Ere ba eme.” 15  Ka hoo, ba ema mme ba tshela ka palo e lekanang, bahlanka ba 12 ba Benjamine le Ish-boshethe mora wa Saule le ba 12 ba Davida. 16  Ba tshwarana ka dihlooho mme e mong le e mong a hlaba ya mo lwantshang lehlakoreng ka sabole, kaofela ha bona ba wela fatshe ba shwa. Ka hoo, sebaka seo se Gibeone se ile sa bitswa Helkathe-hazurime. 17  E ile ya eba ntwa e mpe haholo mme bahlanka ba Davida ba hlola Abnere le banna ba Iseraele letsatsing leo. 18  Bara ba bararo ba Tseruja+ ba ne ba le moo e leng Joabe,+ Abishai+ le Asahele.+ Asahele o ne a le lebelo jwalo ka tshephe e mathang tshimong. 19  Asahele a lelekisa Abnere, a sa kgelohele ka lehlakoreng le letona kapa le letshehadi ha a ntse a lelekisa Abnere. 20  Ha Abnere a hetla a re: “Asahele, na ke wena?” Yaba o re: “E, ke nna.” 21  Yaba Abnere o re ho yena: “Kgelohela ka ho le letona kapa ka ho le letshehadi, o tshware e mong wa bahlankana mme o inkele ntho le ha e le efe eo o tla mo hlobodisa yona.” Empa Asahele ha a ka a tlohela ho mo lelekisa. 22  Abnere a boela a re ho Asahele: “Tlohela ho ntelekisa, ho seng jwalo ke tla o bolaya. Ha nka o bolaya ke tla swabela ho sheba ngwaneno Joabe ka mahlong.” 23  Empa a nna a mo lelekisa. Ka hoo, Abnere a mo hlaba ka lerumo+ mpeng mme la hlahella ka nqane yaba o wela moo mme o shwella hona teng. Motho e mong le e mong ya neng a tla sebakeng seo Asahele a shweletseng ho sona o ne a ema hanyenyane ha a fihla moo. 24  Jwale Joabe le Abishai ba lelekisa Abnere. Ha letsatsi le dikela, ba fihla leralleng la Ama, e shebaneng le Gia tseleng e yang lefeelleng la Gibeone. 25  Babenjamine ba bokana ka mora Abnere mme ba ema e le sehlopha se le seng hodima leralla le itseng. 26  Yaba Abnere o hweletsa Joabe o re: “Re tlo bolayana ho fihlela neng? Na ha o tsebe hore qetellong ntho ee e tla fella ha bohloko? Jwale o tla bolella bahlankana baa neng hore ba tlohele ho lelekisa bana ba bo bona?” 27  Yaba Joabe o re: “Ke hlapanya ka Modimo wa nnete ya phelang hore haeba o ne o sa bua, bahlankana bana ba ka be ba lelekisitse bana ba bo bona ho fihlela hoseng.” 28  Jwale Joabe a letsa lenaka mme bahlanka ba hae ba emisa ho lelekisa Baiseraele yaba ntwa e a emisa. 29  Abnere le bahlanka ba hae ba feta Araba+ yohle bosiung boo mme ba tshelela Jordane yaba ba feta kgohlo* ya Jordane, qetellong ba fihla Mahanaime.+ 30  Ha Joabe a kgutla ho tswa lelekisa Abnere, a bokella setjhaba sohle. Ka lehlakoreng la Davida, ho ne ho shwele Asahele le bahlanka ba 19. 31  Empa bahlanka ba Davida ba ne ba hlotse Babenjamine le bahlanka ba Abnere mme ba ne ba bolaile bahlanka ba bona ba 360. 32  Yaba ba nka Asahele+ ba mo patela lebitleng la ntate wa hae le Bethlehema.+ Yaba Joabe le bahlanka ba hae ba tsamaya bosiu kaofela mme ba fihla Hebrone+ ka meso.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “le bontshitse lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Bithrone yohle.”