Buka ya Bobedi ya Samuele 20:1-26

  • Sheba o a lelekiswa mme o kgaolwa hlooho (14-22)

  • Botsamaisi ba puso ya Davida (23-26)

20  Jwale ho ne ho ena le monna ya neng a le dikgathatso eo lebitso la hae e leng Sheba,+ mora wa Bikri wa Mobenjamine. O ile a letsa lenaka+ a re: “Ha ho na letho le re kopanyang le Davida ebile ha re na lefa ho mora wa Jese.+ E mong le e mong a ke a kgutlele ho modimo* wa hae, wena Iseraele!”+  Yaba banna bohle ba Iseraele ba tlohela ho latela Davida mme ba latela Sheba mora wa Bikri.+ Empa banna ba Juda ba nna ba latela morena wa bona ho tloha Jordane ho ya Jerusalema.+  Ha morena Davida a kgutlela ntlong* ya hae Jerusalema,+ a nka basadi ba hae ba direthe bao a neng a ba siile hore ba hlokomele ntlo+ yaba o ba kwalla ka tlung mme o etsa hore ntlo eo e lebelwe. O ne a ba fa dijo empa ha a ka a robala le bona.+ Ba ile ba dula ka moo ba kwaletswe ho fihlela ba shwa, ba ne ba phela jwalo ka bahlolohadi le hoja monna wa bona a ne a ntse a phela.  Jwale morena a re ho Amasa:+ “Mpokellele banna ba Juda pele ho feta matsatsi a mararo, le wena o lokela ho ba teng.”  Ka hoo, Amasa a bokella banna ba Juda empa a fihla ka mora nako eo a neng a e behetswe.  Yaba Davida o re ho Abishai:+ “Sheba+ mora wa Bikri a ka re etsa hampe ho feta ka moo Absalome a re entseng ka teng.+ Nka bahlanka ba ka mme o mo lelekise e le hore a se ke a fihla metseng e sireletsehileng mme a re phonyoha.”  Ka hoo, banna ba Joabe,+ Bakerethe, Bapelethe+ le banna bohle ba matla ba tswa ho ya mo lelekisa. Ba tswa Jerusalema ho ya lelekisa Sheba mora wa Bikri.  Ha ba le haufi le lejwe le leholo Gibeone,+ Amasa+ a tswa ho tla kopana le bona. Joabe o ne a apere diaparo tsa hae tsa ntwa, a kentse sabole ya hae ka selateng mme a se tlameletse lethekeng la hae. Ha a atamela Amasa, sabole ya hae ya wa.  Joabe a re ho Amasa: “Na o ntse o ikela hantle ngwaneso?” Yaba Joabe o tshwara ditedu tsa Amasa ka letsoho le letona jwalo ka ha eka o a mo suna. 10  Amasa o ne a sa hlokomela sabole e neng e le letsohong la Joabe yaba Joabe o mo hlaba ka yona mpeng+ mme mala a hae a tswela fatshe. Ha ho a ka ha hlokahala hore a mo hlabe hape, e ile yaba ho fedile ka yena. Jwale Joabe le abuti wa hae Abishai ba lelekisa Sheba mora wa Bikri. 11  E mong wa bahlanka ba Joabe o ne a eme pela Amasa a ntse a re: “Mang kapa mang ya lehlakoreng la Joabe le mang kapa mang eo e leng wa Davida, a ke a latele Joabe!” 12  Ka nako eo, Amasa o ne a ntse a pitika ka hara madi a hae a le hara tsela. Ha mohlankana eo a bona hore batho bohle ba ne ba ema, a hulela Amasa ka thoko ho tsela. Yaba o mo kwahela ka seaparo hobane o ne a bona hore batho bohle ba a ema ha ba fihla pela hae. 13  Ha a se a mo tlositse tseleng, banna bohle ba latela Joabe mme ba lelekisa Sheba+ mora wa Bikri. 14  Sheba a feta melokong yohle ya Iseraele a ya Abele ya Bethe-maaka.+ Babikri ba bokana ha mmoho yaba ba a mo latela. 15  Joabe le banna ba hae ba thibella Sheba motseng wa Abele ya Bethe-maaka yaba ba haha lerako hore ba hlasele motse hobane o ne o potapotilwe ke leralla. Banna bohle ba neng ba ena le Joabe ba thuha lerako e le hore ba le dihe. 16  Mosadi e mong ya bohlale a hweletsa ho tswa motseng a re: “Banna mamelang, mamelang! Ke kopa le bolelle Joabe hore a tle, ke hloka ho bua le yena.” 17  Yaba Joabe o ya ho yena mme mosadi eo a re: “Na ke wena Joabe?” A re: “E, ke nna.” Yaba mosadi eo o re ho yena: “Mamela mantswe a lekgoba la hao.” Yaba o re: “Ke mametse.” 18  A tswela pele a re: “Mehleng ya kgale batho ba ne ba tlwaetse ho re, ‘Ereng ba batle keletso motseng wa Abele mme taba ya bona e tla rarolleha.’ 19  Ke emela ba nang le kgotso le ba tshepahalang Iseraele. O batla ho fedisa motse o kang mme ho Iseraele. Ke hobaneng ha o batla ho fedisa lefa la Jehova?”+ 20  Joabe a re: “Ke ntho e sa utlwahaleng hore ke fedise motse ona. 21  Ha ho jwalo empa monna e mong ya bitswang Sheba+ mora wa Bikri, ya tswang sebakeng se dithaba sa Efraime+ o fetohetse* Morena Davida. Haeba feela o ka mpha monna eo, nke ke ka fedisa motse ona.” Yaba mosadi eo o re ho Joabe: “O tla akgellwa hlooho ya hae ka hodima lerako.” 22  Hanghang mosadi eo ya bohlale a kgutlela ho batho bohle mme ba kgaola hlooho ya Sheba mora wa Bikri yaba ba e akgella Joabe. Ka mora moo, Joabe a letsa lenaka mme ba tloha motseng, e mong le e mong a kgutlela ha hae.+ Joabe a kgutlela Jerusalema ho morena. 23  Jwale Joabe o ne a okametse lebotho lohle la Iseraele,+ Benaia+ mora wa Jehojada+ o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+ 24  Adorame+ o ne a okametse ba neng ba bitseditswe ho tla sebeletsa morena, Josafate+ mora wa Akilude e ne e le motlalehi. 25  Sheva e ne e le mongodi mme Tsadoke+ le Abiathare+ e le baprista. 26  Ira wa Mojaire le yena ya eba moetapele* ya ka sehloohong wa Davida.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “tenteng.”
Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “phahamisitse letsoho.”
Ka Seheberu: “ya eba moprista.”