Buka ya Bobedi ya Samuele 21:1-22

  • Bagibeone ba iphetetsa ho lelapa la Saule (1-14)

  • Baiseraele ba lwantsha Bafilista (15-22)

21  Jwale ha eba le tlala+ ka dilemo tse tharo tse latellanang mehleng ya Davida. Ka hoo, Davida a kopa keletso ho Jehova mme Jehova a re: “Saule le ba lelapa la hae ba molato wa madi hobane ba bolaile Bagibeone.”+  Morena a bitsa Bagibeone+ yaba o bua le bona. (Bagibeone e ne e se Baiseraele empa e ne e le Baamore+ ba setseng mme Baiseraele ba ne ba hlapantse hore ba ke ke ba ba bolaya+ empa Saule o ne a batla ho ba bolaya hobane o ne a ikemiseditse ho sireletsa batho ba Iseraele le Juda.)  Yaba Davida o re ho Bagibeone: “Ke le etsetseng mme ke tlose sebe see jwang e le hore le ka hlohonolofatsa lefa la Jehova?”  Bagibeone ba re ho yena: “Silevera le kgauta+ di ke ke tsa tlosa seo Saule le ba lelapa la hae ba re entseng sona. Hape ha ho na motho eo re ka mo bolayang Iseraele ka lebaka la seo.” Yaba Davida o re: “Eng kapa eng eo le e buang ke tla le etsetsa yona.”  Ba re ho morena: “Monna elwa ya ileng a leka ho re fedisa a ba a loha leano la hore ho se ke ha eba le sebaka le ha e le sefe seo re dulang ho sona Iseraele,+  ere re fuwe bara ba hae ba supileng. Re tla fanyeha ditopo tsa bona*+ ka pela Jehova Gibea+ e leng motse wa Saule, mokgethwa wa Jehova.”+ Yaba morena o re: “Ke tla fana ka bona.”  Le ha ho le jwalo, morena a qenehela Mefiboshethe+ mora wa Jonathane mora wa Saule, ka lebaka la kano eo a ileng a e etsa le Jonathane+ mora wa Saule ka pela Jehova.  Ka hoo, morena a nka Armoni le Mefiboshethe e leng bara ba babedi ba Rizpa+ moradi wa Aja bao a neng a bile le bona le Saule le bara ba bahlano ba Mikale*+ moradi wa Saule bao a neng a bile le bona le Adriele+ mora wa Barzilai wa Momehola.  A ba fa Bagibeone mme ba fanyeha ditopo tsa bona thabeng ka pela Jehova.+ Kaofela ha bona ba supile jwalo ba ile ba shwa ha mmoho matsatsing a qalang a kotulo, ha ho qalwa ho kotulwa harese. 10  Yaba Rizpa+ moradi wa Aja o nka lesela le hwashang* o le ala hodima lerako ho tloha ha ho qala ho kotulwa ho fihlela ha pula e nela ditopo. Motshehare ha a ka a dumella dinonyana tsa lehodimo hore di dule hodima tsona le bosiu ha a ka a dumella dibata tsa naha hore di atamele ditopo tseo. 11  Davida a bolellwa hore na serethe* sa Saule e leng Rizpa moradi wa Aja se entseng. 12  Ka hoo, Davida a ya mme a nka masapo a Saule le a mora wa hae Jonathane ho baetapele* ba Jabeshe-gileade,+ ba neng ba a utswitse lebaleng la Bethe-shane, moo Bafilista ba neng ba ba fanyehile teng letsatsing leo ka lona Bafilista ba ileng ba bolaya Saule Gilboa.+ 13  A tlosa masapo a Saule le a Jonathane moo hape a bokella masapo a banna ba neng ba bolailwe.*+ 14  Ba pata masapo a Saule le a mora wa hae Jonathane Zela+ naheng ya Benjamine lebitleng la Kishe+ ntate wa hae. Ka mora hore ba etse dintho tsohle tseo morena a neng a ba laetse tsona, Modimo a mamela dikopo tsa bona bakeng sa naha.+ 15  Ha boela ha eba le ntwa pakeng tsa Bafilista le Baiseraele.+ Ka hoo, Davida le bahlanka ba hae ba tsamaya ba yo lwantsha Bafilista empa Davida a kgathala. 16  Jishbi-benobe ya neng a tswa lelokong la Barefaime,+ eo lerumo la hae la koporo le neng le le boima ba dikhilokramo tse ka hodimonyana ho tse tharo*+ le ya neng a ena le sabole e ntjha, o ne a rerile ho bolaya Davida. 17  Hanghang Abishai+ mora wa Tseruja a mo thusa+ mme a hlaba Mofilista eo a mo bolaya. Ka nako eo, banna ba Davida ba mo phehella* ba re: “O se ke wa hlola o tla le rona ntweng.+ O se ke wa tima lebone la Iseraele.”+ 18  Ka mora moo, ba boela ba lwana le Bafilista+ Gobe. Yaba Sibekai+ wa Mohushathe o bolaya Safe setloholo sa Barefaime.+ 19  Ba boela ba lwana le Bafilista+ Gobe mme Elkanane mora wa Jare-oregime wa Mobethlehema a bolaya Goliathe wa Mogathe, lerumo la hae le ne le ena le mofeng o jwalo ka thupa ya foreimi e etsang masela.+ 20  Ha boela ha eba le ntwa Gathe. Ntweng eo ho ne ho ena le monna ya boholo bo sa tlwaelehang, a ena le menwana e tsheletseng letsohong ka leng le menwana e tsheletseng leotong ka leng, kaofela ha yona e le 24. Le yena e ne e le setloholo sa Barefaime.+ 21  A nna a nyefola Iseraele.+ Ka hoo, Jonathane mora wa Shimei,+ abuti wa Davida, a mo bolaya. 22  Bana ba bane e ne e le ditloholo tsa Barefaime tse dulang Gathe mme ba ile ba bolawa ke Davida le bahlanka ba hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “re tla ba pepesa” e leng ka matsoho le maoto a robehileng.
Kapa mohlomong: “Merabe.”
Kapa mohlomong: “beng ba naha.”
Ka Seheberu: “pepesitswe.”
Ka Seheberu: “dishekele tse 300.” Sheba Ntlha ya B14.
Ka Seheberu: “hlapanyetsa.”