Buka ya Bobedi ya Samuele 22:1-51

  • Davida o rorisa Modimo ka lebaka la dintho tseo a mo etseditseng tsona (1-51)

    • “Jehova ke lefika la ka” (2)

    • Jehova o tshepahalla batho ba mo tshepahallang (26)

22  Davida o ile a bina mantswe a pina ena ho Jehova+ letsatsing leo Jehova a ileng a mo pholosa ho dira tsohle tsa hae+ le ho Saule.+  O ile a re: “Jehova ke lefika la ka le sebaka sa ka se sireletsehileng+ mme ke yena ya mpholosang.+   Modimo wa ka ke lefika la ka+ mme ke tla balehela ho yena,Ke thebe+ ya ka le lenaka* la ka la poloko,* setshabelo sa ka se sireletsehileng,*+Sebaka seo ke balehelang ho sona,+ poloko ya ka.+ O mpholosa ntweng.   Ke kopa thuso ho Jehova, ya tshwanelwang ke ho roriswa,Ke tla pholoswa ho dira tsa ka.   Maqhubu a bolayang a ile a mpotapota.+Batho ba kgopo ba bangata jwalo ka metsi a morwallo ba ile ba ntshosa.+   Diropo tsa Lebitla* di ile tsa mpotapota,+Lefu le ne le ntjhehetse leraba.+   Ha ke le mathateng ke ile ka bitsa Jehova,+Ka nna ka llela ho Modimo wa ka. O ile a utlwa lentswe la ka a le tempeleng ya hae,A nkutlwa ha ke lla ke kopa thuso.+   Lefatshe la sisinyeha la ya kwana le kwana.+Metheo ya lehodimo ya thothomela,+Ya ya kwana le kwana hobane o ne a halefisitswe.+   Mosi wa tswa dinkong tsa haeLe mollo o tjhesang wa tswa molomong wa hae.+Ho ne ho tswa mashala a hlenneng ho yena. 10  A koba mahodimo ha a theoha,+Lefifi le letsholetsho le ne le le tlasa maoto a hae.+ 11  A tla a palame kerubime,+ a tla a fofa. O ne a bonahala hodima mapheo a lengeloi.*+ 12  Ka mora moo, a ikwahela ka lefifi e leng ka metsi a matsho le maru a matsho.+A ne a mo potapotile ka hohle jwalo ka tente. 13  Kganya e neng e tswa ho yena e ile ya etsa hore mollo o tuke mashaleng a hlenneng. 14  Jehova a etsa hore ho be le seaduma lehodimong.+Ya Phahameng ka ho Fetisisa a etsa hore lentswe la hae le utlwahale.+ 15  A betsa metsu+ ya hae yaba o a ba hasanya,A lahlela lehadima mme a ba ferekanya.+ 16  Dikarolo tse tlasetlase tsa lewatle tsa bonahala.+Ha Jehova a kgalemela, metheo ya lefatshe e a senoleha.E senolwa ke moya o matla o tswang dinkong tsa hae.+ 17  O ile a otlolla letsoho a le hodimo.A ntshwara, a nkgula metsing a tebileng.+ 18  O ile a mpholosa ho sera sa ka se matla,+Ho ba ntlhoileng, ba neng ba le matla ho mpheta. 19  Ba ile ba ntwantsha ha ke ena le mathata+Empa Jehova a ntshehetsa. 20  A ntlisa sebakeng se sireletsehileng.*+A mpholosa hobane ke ne ke mo kgahlisa.+ 21  Jehova o a mputsa hobane ke lokile.+O a mputsa hobane ha ke na molato.*+ 22  Ke mamela melao ya Jehova ka mehla.Ha ke a etsa dintho tse mpe mme ka tlohela Modimo wa ka. 23  Ke dula ke hopola melao yohle ya hae.+Nke ke ka tlohela ditaelo tsa hae.+ 24  Ke tla dula ke se na molato+ ka pela hae.Ke tla qoba ho etsa phoso.+ 25  E se eka Jehova a ka mputsa hobane ke lokile,+Ha ke na molato ka pela hae.+ 26  O tshepahalla motho ya tshepahalang.+Ya se nang molato,* o mo tshwara ka toka.+ 27  Ha motho a le molemo o tla mo etsetsa se molemo+Empa o sebetsana le ya bolotsana ka bohlale.+ 28  O pholosa ba ikokobeditseng+Empa ha o rate ba ikgohomosang mme o a ba kokobetsa.+ 29  Jehova, o lebone la ka.+Ke Jehova ya nkgantshetsang lefifing.+ 30  Ka thuso ya hao nka hlola lebotho la masole,Ka matla a Modimo nka hlwa lerako.+ 31  Dintho tsohle tseo Modimo wa nnete a di etsang di phethahetse.+ Polelo ya Jehova e hlwekile.+Ke thebe ho bohle ba balehelang ho yena.+ 32  Modimo ke mang ntle ho Jehova?+Lefika ke mang ntle ho Modimo wa rona?+ 33  Modimo wa nnete ke sebaka sa ka se sireletsehileng haholo,+O tla otlolla tsela ya ka.+ 34  O etsa hore maoto a ka a be jwalo ka a kgama,O nkemisa dibakeng tse phahameng.+ 35  O kwetlisa matsoho a ka bakeng sa ntwa,Matsoho a ka a ka koba seqha sa koporo. 36  O mpha thebe ya hao ya poloko,Boikokobetso ba hao bo a mphahamisa.+ 37  O etsetsa mehato ya ka tsela e bulehileng,Maoto* a ka a ke ke a thella.+ 38  Ke tla lelekisa dira tsa ka mme ke di fedise,Nke ke ka kgutla ho fihlela di fedisitswe. 39  Ke tla di silakanya mme ke di fedise e le hore di se ke tsa tsoha.+Di tla wela tlasa maoto a ka. 40  O tla etsa hore ke be le matla bakeng sa ntwa,+O tla etsa hore dira tsa ka di wele ka tlasa ka.+ 41  O tla etsa hore dira tsa ka di mpalehe,+ Ke tla fedisa* ba ntlhoileng.+ 42  Ba a lla ba kopa thuso empa ha ho na motho ya ba pholosang,Ba llela le ho Jehova empa ha a ba arabe.+ 43  Ke tla ba sila hore ba be jwalo ka lerole la lefatshe,Ke tla ba silakanya ke ba hatakele jwalo ka seretse seterateng. 44  O tla mpholosa ho batho ba heso ba tshwayang diphoso.+O tla ntshireletsa hore ke be hlooho ya ditjhaba,+Batho bao ke neng ke sa ba tsebe ba tla ntshebeletsa.+ 45  Baditjhaba ba tla ikokobetsa ka pela ka,+Seo ba se utlwang ka nna se tla etsa hore ba mmamele.* 46  Baditjhaba ba tla nyahama.Ba tla tswa ba thothomela dibakeng tsa bona tse sireletsehileng. 47  Jehova o a phela. Ho roriswe Lefika la ka.+Ho ke ho phahamiswe Modimo wa lefika la ka la poloko.+ 48  Modimo wa nnete o iphetetsa bakeng sa ka,+O etsa hore batho ba be tlasa ka.+ 49  O mpholosa ho dira tsa ka.O mphahamisetsa hodimo,+ hole le ba ntlhaselang.O mpholosa ho motho ya ratang ho lwana.+ 50  Jehova, ke ka lebaka leo ke tla o leboha hara ditjhaba.+Ke tla binela lebitso la hao dipina tsa thoriso:+ 51  O etsa diketso tse kgolo tsa poloko bakeng sa morena wa hae.+O bontsha hore o rata* motlotsuwa wa haeE leng Davida le bana* ba hae ka ho sa feleng.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “mopholosi wa ka ya matla.”
Kapa: “sebaka se phahameng se sireletsehileng.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “mapheo a moya.”
Kapa: “sebaka seo ke nang le bolokolohi ho sona.”
Ka Seheberu: “ke hlwekile.”
Ka Seheberu: “monna ya matla.”
Kapa: “maqaqailana.”
Ka Seheberu: “kgutsisa.”
Ka Seheberu: “ha ditsebe di utlwa, ba tla mmamela.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “peo.”