Buka ya Bobedi ya Samuele 23:1-39

  • Mantswe a Davida a ho qetela (1-7)

  • Dintwa tse lwannweng ke bahlanka ba Davida ba matla (8-39)

23  Ana ke mantswe a ho qetela a Davida:+“Mantswe a Davida mora wa Jese+Le mantswe a monna ya ileng a phahamisetswa hodimo,+Motlotsuwa+ wa Modimo wa Jakobo,Sebini* sa dipina+ tsa Iseraele se binang ha monate.   Moya wa Jehova o ile wa nthusa hore ke bue,+Lentswe la hae le ne le le lelemeng la ka.+   Modimo wa Iseraele o buile,Ho nna lefika la Iseraele+ le itse: ‘Ha ya busang batho a lokile,+A busa ka ho tshaba Modimo,+   Ho jwalo ka lesedi la hoseng ha letsatsi le tjhaba,+Hoseng ho se nang maru. Ho jwalo ka kganya ha pula e qeta ho na,E etsang hore jwang bo mele lefatsheng.’+   Na ntlo ya ka ha e jwalo ka pela Modimo?O entse selekane sa ka ho sa feleng le nna,+Se hlophisitsweng hantle nthong e nngwe le e nngwe le se ke keng sa fetoha.Se bolela poloko yohle ya ka le thabo yohle ya ka,Na ha se lona lebaka leo a tla etsa hore se atlehe?+   Empa banna ba se nang thuso kaofela ba lahlilwe+ jwalo ka dihlahla tse hlabang,Ba ke ke ba nkwa ka matsoho.   Ha motho a ba ama,O lokela hore a be a tshwere sebetsa sa tshepe le lerumo,Ba tla fediswa ka mollo sebakeng sa bona.”  Ana ke mabitso a banna ba matla ba Davida:+ Joshebe-bashebethe wa Motakmone ke yena hlooho ya ba bararo.+ O ile a bolaya batho ba 800 ka lerumo la hae ka nako e le nngwe.  O ne a latelwa ke Eleazare+ mora wa Dodo+ mora wa Akoki, eo e neng e le e mong wa banna ba bararo ba matla ba neng ba ena le Davida ha ba ilo qala Bafilista. Ba ne ba bokane moo hore ba tlo lwana mme ha banna ba Iseraele ba baleha, 10  yena o ile a ema mme a nna a bolaya Bafilista ho fihlela letsoho la hae le kgathetse mme le se le sa kgone ho tlohela sabole.+ Ka hoo, Jehova a ba thusa hore ba hlole* haholo letsatsing leo.+ Ka mora moo, batho ba mo latela ho ya hlobodisa ba bolailweng. 11  O ne a latelwa ke Shama mora wa Age wa Moharare. Bafilista ba ne ba bokane Lehi, moo ho neng ho ena le tshimo e nang le lensisi e ngata. Batho ba ile ba baleha ka lebaka la Bafilista. 12  Empa a ema hara tshimo eo, a e lwanela mme a nna a bolaya Bafilista. Jehova a etsa hore batho ba hae ba hlole.*+ 13  Banna ba bararo ho ba 30 ba ka sehloohong ba ya ho Davida lehaheng la Adulame+ nakong ya kotulo, sehlopha sa Bafilista se ne se hlomme ditente Kgohlong* ya Barefaime.+ 14  Ka nako eo, Davida o ne a le sebakeng se sireletsehileng+ mme Bafilista ba ne ba hlomme ditente tsa bona Bethlehema. 15  Davida a bua hore na o lakatsa eng, a re: “Ke lakatsa ho nwa metsi a tswang sedibeng se keiting ya Bethlehema.” 16  Yaba banna bao ba bararo ba matla ba kena ka nkane ditenteng tsa Bafilista mme ba kga metsi sedibeng se keiting ya Bethlehema mme ba a tlisa ho Davida. Empa a hana ho a nwa, a a qhalla fatshe ka pela Jehova.+ 17  Davida a re: “Jehova, le ka mohla nke ke ka etsa ntho ena. Na nka nwa madi+ a banna baa ba ileng ba beha bophelo ba bona kotsing?” Ka hoo, a hana ho a nwa. Tsena ke dintho tseo banna ba hae ba bararo ba matla ba di entseng. 18  Abishai+ abuti wa Joabe mora wa Tseruja+ e ne e le ya ka sehloohong ho ba bang ba bararo. O ile a bolaya batho ba 300 ka lerumo la hae. O ne a ena le botumo bo tshwanang le ba banna bane ba bararo.+ 19  Le hoja a ne a hlaheletse ka ho fetisisa ho banna ba bang ba bararo ebile e le molaodi wa bona, o ne a sa fihle boemong ba bane ba bararo ba pele. 20  Benaia+ mora wa Jehojada e ne e le monna ya sebete,* ya ileng a etsa diketso tse ngata Kabziele.+ O ile a bolaya bara ba babedi ba Ariele wa Moabe hape a theohela ka sekoting sa metsi letsatsing leo lehlwa le neng le kgethehile ka lona yaba o bolaya tau.+ 21  A boela a bolaya monna wa Moegepeta ya boholo bo sa tlwaelehang. Le hoja Moegepeta eo a ne a tshwere lerumo, o ile a ya ho yena a tshwere molamu, a nka lerumo letsohong la Moegepeta eo yaba o mo bolaya ka lona. 22  Tsena ke dintho tseo Benaia mora wa Jehojada a di entseng. Botumo ba hae bo ne bo tshwana le ba banna ba bararo ba matla. 23  Le hoja a ne a hlaheletse ho feta banna bane ba 30, o ne a sa fihle boemong ba banna ba bararo ba matla. Le ha ho le jwalo, Davida o ile a mo kgetha hore e be e mong wa balebedi ba hae. 24  Asahele+ ngwanabo Joabe o ne a le hara banna ba 30: Elkanane mora wa Dodo wa Bethlehema,+ 25  Shama wa Moharode, Elika wa Moharode, 26  Heleze+ wa Mopelete, Ira+ mora wa Ikeshe wa Motekowa, 27  Abi-ezere+ wa Moanathothe,+ Mebunai wa Mohushathe, 28  Zalmone wa Moakoki, Maharai+ wa Monetofa, 29  Helebe mora wa Baana wa Monetofa, Itai mora wa Ribai wa Gibea wa Babenjamine, 30  Benaia+ wa Mopirathone, Hidai wa diphuleng* tsa Gashe,+ 31  Abi-albone wa Moaraba, Azmavethe wa Mobare-hume, 32  Eliaba wa Moshalbone, bara ba Jashene, Jonathane, 33  Shama wa Moharare, Akiame mora wa Sharare wa Moharare, 34  Elifelete mora wa Ahasabai mora wa Momakathe, Eliame mora wa Akitofele+ wa Mogilone, 35  Hezro wa Mokarmele, Parai wa Moarabe, 36  Igale mora wa Nathane wa Zoba, Bani wa Mogade, 37  Zeleke wa Moamone, Naharai wa Mobeerothe, mojari wa dihlomo tsa Joabe mora wa Tseruja, 38  Ira wa Moithere, Garebe wa Moithere+ 39  le Uria+ wa Mohethe. Kaofela ba ne ba le 37.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “se ratehang.”
Kapa: “a ba boloka.”
Kapa: “a boloka batho ba hae.”
Kapa: “Phuleng.”
Ka Seheberu: “mora wa monna ya sebete.”