Buka ya Bobedi ya Samuele 4:1-12

  • Ish-boshethe o a bolawa (1-8)

  • Davida o laela hore ba bolaileng Ish-boshethe ba bolawe (9-12)

4  Ha Ish-boshethe+ mora wa Saule a utlwa hore Abnere o shweletse Hebrone,+ a tshoha haholo* mme Baiseraele bohle ba ferekana.  Ho ne ho ena le banna ba babedi bao e neng e le balaodi ba sehlopha sa masole sa mora wa Saule: Lebitso la e mong e ne e le Baana mme la e mong e le Rekabe. E ne e le bara ba Rimone Mobeerothe, wa leloko la Benjamine. (Beerothe+ le yona e ne e kile ya eba karolo ya Benjamine.  Babeerothe ba ile ba balehela Gitaime+ mme le kajeno e ntse e le baditjhaba moo.)  Jwale Jonathane+ mora wa Saule o ne a ena le mora ya holofetseng maoto.+ O ne a le dilemo di hlano ha tlaleho ya hore Saule le Jonathane ba shwele e fihla e tswa Jezriele.+ Mohlokomedi wa hae a mo nka a baleha ka yena empa ha a ntse a matha a tshohile, mora eo a wa yaba o a holofala. Lebitso la hae e ne e le Mefiboshethe.+  Bara ba Rimone wa Mobeerothe, Rekabe le Baana ba ya ntlong ya Ish-boshethe motshehare ha letsatsi le tjhesa, ha a ntse a phomotse.  Ba kena ka tlung jwalo ka ha eka ba yo lata koro yaba ba mo hlaba mpeng. Ka mora moo, Rekabe le ngwanabo Baana+ ba baleha.  Ha ba kena ka tlung, ba mo fumana a robetse betheng ka kamoreng ya hae yaba ba a mo hlaba mme ba a mo bolaya, ka mora moo ba mo kgaola hlooho. Ba nka hlooho eo ya hae mme ba tsamaya ka yona bosiu kaofela tseleng e yang Araba.  Yaba ba tlisa hlooho ya Ish-boshethe+ ho morena Davida Hebrone mme ba re ho yena: “Ke ena hlooho ya Ish-boshethe mora wa Saule e leng sera sa hao+ se neng se batla ho o bolaya.+ Kajeno Jehova o etsa hore morenaka a iphetetse ho Saule le ho bana ba hae.”  Le ha ho le jwalo, Davida a araba Rekabe le ngwanabo Baana, bara ba Rimone wa Mobeerothe a re ho bona: “Ke hlapanya ka Jehova ya phelang ya ileng a mpholosa mathateng ohle,+ 10  ha motho e mong a ntlalehela hore Saule o shwele+ mme a nahana hore o ntliseditse ditaba tse monate, ke ile ka mo tshwara mme ka mo bolaya+ Ziklage. Ke moputso oo ke ileng ka o fa motho eo. 11  Ke tla etsa jwalo le ka banna ba kgopo ba bolaileng monna ya lokileng ka tlung ya hae a le hodima bethe ya hae. Ke tla batla madi a hae matsohong a lona+ mme ke le bolaye.” 12  Yaba Davida o laela bahlankana ba hae hore ba ba bolaye.+ Ba ba kgaola maoto le matsoho mme ba ba fanyeha+ pela letamo Hebrone. Empa ba nka hlooho ya Ish-boshethe ba e patela moo ho patetsweng Abnere Hebrone.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “matsoho a hae a tepella.”