Buka ya Bobedi ya Samuele 5:1-25

  • Davida e ba morena wa Iseraele yohle (1-5)

  • Jerusalema e a hapuwa (6-16)

    • Sione, Motse wa Davida (7)

  • Davida o hlola Bafilista (17-25)

5  Ka mora nako, maloko ohle a Iseraele a tla ho Davida Hebrone+ a fihla a re: “Re bana beno.*+  Nakong e fetileng ha Saule e ne e le morena wa rona, ke wena ya neng a etella Iseraele pele ha e ilo lwana.*+ Jehova o itse ho wena: ‘O tla disa setjhaba sa ka sa Iseraele mme o tla ba moetapele wa Iseraele.’”+  Baholo bohle ba Iseraele ba tla Hebrone ho morena mme Morena Davida a etsa selekane le bona+ Hebrone ka pela Jehova. Yaba ba tlotsa Davida hore e be morena wa Iseraele.+  Davida o ne a le dilemo di 30 ha e eba morena mme o ile a busa ka dilemo tse 40.+  Ha a le Hebrone o ile a busa Juda ka dilemo tse supileng le dikgwedi tse tsheletseng mme Jerusalema+ teng a busa Iseraele yohle le Juda ka dilemo tse 33.  Morena le banna ba hae ba ya Jerusalema ho ya lwantsha Bajebuse+ ba neng ba dula naheng eo. Ba ne ba nyefola Davida ba re: “O ke ke wa kena mona! Esita le difofu le ba holofetseng ba tla o leleka.” Ba ne ba nahana hore Davida a ke ke a hapa motse oo.+  Le ha ho le jwalo, Davida a hapa motse o sireletsehileng wa Sione, oo hona jwale o bitswang Motse wa Davida.+  Letsatsing leo Davida a re: “Ba hlaselang Bajebuse ba sebedise kotopo ya metsi ho bolaya ba holofetseng le ba foufetseng, bao Davida a ba hloileng.” Ke ka hoo ho thweng: “Ba foufetseng le ba holofetseng ba ke ke ba kena ka tlung.”  Davida a dula motseng o sireletsehileng. O ne o bitswa* Motse wa Davida. Davida a qala ho haha ho tloha Qubung*+ ho kenella ka hare.+ 10  Ka hoo, Davida a nna a ba matla le ho feta+ mme Jehova Modimo wa mabotho o ne a ena le yena.+ 11  Morena Hirame+ wa Tire a romela baromuwa ho Davida, a romela le difate tsa kedare,+ batho ba sebetsang ka mapolanka le ba betlang majwe bakeng sa ho haha marako. Yaba ba qala ho hahela Davida ntlo.*+ 12  Davida o ne a tseba hore Jehova o tiisitse borena ba hae Iseraele+ le hore o entse hore mmuso wa hae o be matla+ molemong wa setjhaba sa hae sa Iseraele.+ 13  Davida o ile a ba le direthe+ le basadi ba bangata Jerusalema ha a tswa Hebrone, o ile a ba le bara le baradi ba bangata.+ 14  Ana ke mabitso a bana ba hae ba hlahetseng Jerusalema: Shamua, Shobabe, Nathane,+ Solomone,+ 15  Ibare, Elishua, Nefege, Jafia, 16  Elishama, Eliada le Elifelete. 17  Ha Bafilista ba utlwa hore Davida o tlotsitswe hore e be morena wa Iseraele,+ Bafilista bohle ba tla ho tla lwantsha Davida.+ Ha Davida a utlwa taba ena, a theohela sebakeng se sireletsehileng.+ 18  Jwale Bafilista ba fihla ba hasana Kgohlong* ya Refaime.+ 19  Davida a botsa Jehova+ a re: “Na nka ya ke yo lwantsha Bafilista? Na o tla nthusa hore ke ba hlole?” Yaba Jehova o re ho Davida: “Tsamaya hobane ke tla o thusa hore o hlole Bafilista.”+ 20  Ka hoo, Davida a ya Baale-perazime mme a ba bolaela moo. Yaba o re: “Jehova o hlotse dira tsa ka+ jwalo ka lerako le dihilweng ke metsi.” Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Baale-perazime.*+ 21  Bafilista ba siya medimo ya bona ya ditshwantsho moo mme Davida le banna ba hae ba e lahla. 22  Ha morao Bafilista ba boela ba tla mme ba hasana Kgohlong* ya Refaime.+ 23  Yaba Davida o botsa Jehova empa a mo araba a re: “O se ke wa nyolohela ho bona ka ho toba. Empa o ba pote ka morao mme o ba hlasele o hlaha ka pela dihlahla tsa bakha. 24  Ha o utlwa lerata la masole a tsamayang hodima dihlahla tsa bakha, o a hlasele hanghang hobane Jehova o tla be a o eteletse pele ho ya bolaya masole a Bafilista.” 25  Davida a etsa feela jwalo ka ha Jehova a mo laetse yaba o bolaya Bafilista+ ho tloha Geba+ ho ya fihla Gezere.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “lesapo la hao le nama ya hao.”
Ka Seheberu: “ya ntshang le ya kenyang Iseraele.”
Kapa mohlomong: “O ile a o bitsa.”
Kapa: “Milo.” Lentswe la Seheberu le bolelang “ho tlatsa.”
Kapa: “phaleisi.”
Kapa: “Phuleng.”
E bolelang “Monghadi wa Tlholo.”
Kapa: “Phuleng.”