Buka ya Bobedi ya Samuele 6:1-23

  • Areka e tliswa Jerusalema (1-23)

    • Uza o tshwara areka ebe o a shwa (6-8)

    • Mikale o nyefola Davida (16, 20-23)

6  Davida a boela a bokella banna ba 30 000 ba matla ka ho fetisisa Iseraele.  Jwale Davida le banna bohle ba neng ba ena le yena ba ya Baale-juda ho ya lata Areka ya Modimo wa nnete,+ eo ho yona batho ba rapelang Jehova wa mabotho,+ ya dutseng hodima* dikerubime.+  Le ha ho le jwalo, ba palamisa Areka ya Modimo wa nnete kariking e ntjha+ e le hore ba e tlose ntlong ya Abinadabe+ e neng e le leralleng. Uza le Akio bara ba Abinadabe, ba ne ba tsamaya ka pela kariki eo e ntjha.  Ka hoo, ba tlosa Areka ya Modimo wa nnete ntlong ya Abinadabe e neng e le leralleng mme Akio o ne a tsamaya ka pela Areka eo.  Davida le Baiseraele bohle ba ne ba keteka ka pela Jehova ka diletsa tsa mefuta yohle tsa junipere ya lepolanka, diharepa, diletsa tse ding tse dikgwele,+ meropa e menyenyane,+ disistrame le ka disimbala.+  Empa ha ba fihla seotlong sa Nakone, Uza a otlolla letsoho mme a tshwara Areka ya Modimo wa nnete+ hobane dikgomo di ile tsa batla di e diha.  Yaba Jehova Modimo wa nnete o halefela Uza mme o mo bolaela+ moo hobane a ne a sa hlompha molao wa Modimo.+ Ka hoo, o ile a shwella moo pela Areka ya Modimo wa nnete.  Empa Davida a kwata hobane Jehova a ne a halefetse Uza haholo. Sebaka seo sa bitswa Pereze-uza* ho fihlela letsatsing lena.  Letsatsing leo, Davida a tshoha mme a tshaba Jehova+ a re: “Jwale Areka ya Jehova e ka tla jwang ho nna?”+ 10  Davida o ne a sa batle ho tlisa Areka ya Jehova ho yena Motseng wa Davida.+ A re e iswe ntlong ya Obede-edomo+ wa Mogathe. 11  Areka ya Jehova ya dula ntlong ya Obede-edomo wa Mogathe ka dikgwedi tse tharo mme Jehova a nna a hlohonolofatsa Obede-edomo le bohle ba lelapa la hae.+ 12  Morena Davida a fumana tlaleho ena: “Jehova o hlohonolofaditse ntlo ya Obede-edomo le dintho tsohle tsa hae ka lebaka la Areka ya Modimo wa nnete.” Ka hoo, Davida a lata Areka ya Modimo wa nnete ntlong ya Obede-edomo a e tlisa Motseng wa Davida a thabile.+ 13  Ha batho ba jereng+ Areka ya Jehova ba tsamaile mehato e tsheletseng, a etsa sehlabelo ka poho le phoofolo e nonneng. 14  Davida o ne a tantsha ka matla a hae kaofela ka pela Jehova. Ka nako eo yohle o ne a apere* efoda* ya line.+ 15  Davida le Baiseraele bohle ba ne ba tlisa Areka+ ya Jehova ba thabile+ ebile ba letsa lenaka.+ 16  Empa ha Areka ya Jehova e fihla Motseng wa Davida, Mikale+ moradi wa Saule o ne a shebile tlase ka fensetere mme a bona Morena Davida a tlolatlola a bile a tantsha ka pela Jehova. A mo nyefola ka pelong ya hae.+ 17  Yaba ba tlisa Areka ya Jehova mme ba e beha ka tenteng eo Davida a neng a e hlometse yona.+ Davida a etsetsa Jehova+ dinyehelo tsa setjheso+ le mahlabelo a kopanetsweng.+ 18  Ha a qetile ho etsa dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo a kopanetsweng, a hlohonolofatsa batho ka lebitso la Jehova wa mabotho. 19  Ho ekelletsa moo, o ile a fa Baiseraele bohle, monna le mosadi e mong le e mong bohobe bo sedikadikwe bo lesoba hare, polokwe ya ditholwana tsa palema le polokwe ya morara o omisitsweng. Ka mora moo, batho bohle ba ya matlong a bona. 20  Jwale ha Davida a kgutla ho ya hlohonolofatsa ba lelapa la hae, Mikale+ moradi wa Saule a tswa ho ya kopana le yena. A re: “Morena wa Iseraele o itlotlolotse hakaakang kajeno ha a ne a hlobola ka pela basebeletsi ba hae ba basadi feela jwalo ka ha monna ya se nang kelello a hlobola ka pela batho!”+ 21  Yaba Davida o re ho Mikale: “Ke ne ke ketekela Jehova ya kgethileng nna, eseng ntate wa hao le ba lelapa la hae le ya ileng a nkgetha hore ke be moetapele wa setjhaba sa Jehova sa Iseraele.+ Ka hoo, ke tla ketekela Jehova 22  mme ke tla ikokobetsa le ho feta ke be ke ipehe fatshe esita le mahlong a ka. Empa basebeletsi ba basadi bao o buileng ka bona, ba tla ntlotlisa.” 23  Ka hoo, Mikale+ moradi wa Saule o ile a ba a shwa a se na bana.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “pakeng tsa.”
E bolelang “Kotlo ya Uza.”
Ka Seheberu: “itlamme ka.”
Ho ka etsahala hore ebe ho buuwa ka seaparo sa baprista se kang foreskoto e nang le karolo e ka pele le e ka morao.