Buka ya Bobedi ya Samuele 7:1-29

  • Davida a ke ke a haha tempele (1-7)

  • Modimo o etsa selekane sa mmuso le Davida (8-17)

  • Davida o etsa thapelo ya ho leboha (18-29)

7  Ha morena a dutse ka tlung* ya hae+ mme Jehova a mo phomoditse ho dira tsohle tsa hae tse mo potolohileng,  morena a re ho moprofeta Nathane:+ “Nna ke dula ka tlung e entsweng ka dikedare+ empa Areka ya Modimo wa nnete yona e dula ka tenteng ya masela.”+  Nathane a re ho morena: “Tsamaya mme o etse ntho e nngwe le e nngwe e ka pelong ya hao hobane Jehova o na le wena.”+  Bosiung bona boo, Jehova a re ho Nathane:  “Eya ho mohlanka wa ka Davida o mo bolelle hore Jehova o re, ‘Na ke wena ya lokelang ho nkahela ntlo eo ke tla dula ho yona?+  Ha ke eso dule ka tlung ho tloha letsatsing leo ka lona ke ntshitseng Baiseraele Egepeta ho fihlela letsatsing lena+ empa haesale ke tsamaya ke le ka tenteng le ka tabernakeleng.+  Nakong yohle eo ke neng ke tsamaya le setjhaba sohle sa Iseraele,* na nkile ka bua le moetapele le ha e le ofe wa maloko a Iseraele eo ke mo kgethileng hore a dise setjhaba sa ka sa Iseraele ka re, “Ke hobaneng ha o sa nkahela ntlo e entsweng ka dikedare?”  Ere ho mohlanka wa ka Davida, ‘Jehova wa mabotho o re: “Ke o nkile naheng moo o neng o disa mohlape,+ ka o etsa moetapele wa setjhaba sa ka sa Iseraele.+  Ke tla ba le wena kae kapa kae moo o yang teng+ mme ke fedise dira tsohle tsa hao.+ Ke tla etsa hore lebitso la hao le tsebahale+ le be jwalo ka mabitso a batho ba tummeng lefatsheng. 10  Ke tla kgethela setjhaba sa ka sa Iseraele sebaka mme se tla dula moo. Ha ho sa tla hlola ho eba le batho ba tla se tshwenya. Banna ba kgopo ba ke ke ba se hatella hape jwalo ka pele,+ 11  ho tloha letsatsing leo ke kgethelang setjhaba sa ka sa Iseraele baahlodi.+ Hape ke tla o phomotsa ho dira tsohle tsa hao.+ Jehova o boetse o o boleletse hore Jehova o tla o hahela ntlo.*+ 12  Ha o shwa+ mme o patwa le baholoholo ba hao, ke tla etsa hore ngwana* wa hao, mora wa hao* e be morena ya o hlahlamang mme ke tla tiisa mmuso wa hae.+ 13  Ke yena ya tla haha ntlo e tla tlisa thoriso lebitsong la ka+ mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae ka ho sa feleng.+ 14  Ke tla ba ntate wa hae mme yena e tla ba mora wa ka.+ Ha a fosa ke tla mo kgalemela ka thupa* mme ke mo shape feela jwalo ka ha batho ba etsa.+ 15  Nke ke ka kgaotsa ho mo bontsha lerato* jwalo ka ha ke ile ka tlohela ho rata Saule,+ eo ke ileng ka mo tlosa ka pela hao. 16  Ntlo ya hao le mmuso wa hao di tla busa ka ho sa feleng le terone ya hao e tla tiiswa ka ho sa feleng.”’”+ 17  Nathane a bolella Davida mantswe ana ohle le sohle seo a se boneng ponong.+ 18  Yaba Morena Davida o a tla mme o dula ka pela Jehova o re: “Nna ke mang Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle? Lelapa la ka e ne e boetse e le eng hore ebe o nketseditse dintho tsee?+ 19  Ho feta moo, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o boetse o bua ka seo o tla se etsetsa lelapa la mohlanka wa hao nakong e tlang. Ena ke taelo* e tla fuwa batho bohle, Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. 20  Nna mohlanka wa hao Davida ke tla reng ho wena Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ka ha o ntseba hantle?+ 21  Ka lebaka la lentswe la hao le ka hobane o ne o batla,* o entse dintho tsena tsohle tse kgolo mme wa etsa hore nna mohlanka wa hao ke di tsebe.+ 22  Ke ka lebaka leo o leng moholo+ Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle. Ha ho na ya tshwanang le wena+ mme ha ho Modimo ntle ho wena.+ Dintho tsohle tseo re di utlwileng ka ditsebe tsa rona di paka sena. 23  Ke setjhaba sefe lefatsheng se tshwanang le setjhaba sa hao sa Iseraele?+ Modimo o ile a se lopolla hore e be setjhaba sa hae,+ a iketsetsa lebitso+ ka ho se etsetsa dintho tse kgolo le tse makatsang.+ O ile wa leleka ditjhaba tse ding le medimo ya tsona bakeng sa setjhaba sa hao, seo o ileng wa itopollela sona Egepeta. 24  O entse hore setjhaba sa Iseraele e be setjhaba sa hao ka ho sa feleng+ mme wena Jehova o bile Modimo wa sona.+ 25  Jehova Modimo, phetha tshepiso eo o e etseditseng nna mohlanka wa hao le lelapa la ka ka ho sa feleng. E se eka o ka etsa seo o se tshepisitseng.+ 26  E se eka lebitso la hao le ka phahamiswa ka ho sa feleng+ e le hore batho ba ka re, ‘Jehova wa mabotho ke Modimo wa Iseraele.’ Hape e se eka ntlo ya mohlanka wa hao Davida e ka tiiswa ka thata ka pela hao+ 27  hobane wena Jehova wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o ile wa tsebisa nna mohlanka wa hao wa re, ‘Ke tla o hahela ntlo.’*+ Ke ka lebaka leo nna mohlanka wa hao ke nang le sebete* sa ho o rapela ka tsela ena. 28  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, o Modimo wa nnete mme mantswe a hao ke nnete+ ebile o tshepisitse mohlanka wa hao dintho tsena tse ntle. 29  E se eka o ka hlohonolofatsa ntlo ya mohlanka wa hao mme ya dula e le teng ka ho sa feleng+ ka ha wena Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o mo tshepisitse. E se eka o ka hlohonolofatsa ntlo ya mohlanka wa hao ka ho sa feleng.”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “phaleising.”
Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “ntlo ya borena.”
Ka Seheberu: “peo.”
Ka Seheberu: “ya tla tswa dithong tsa hao tse ka hare.”
Ka Seheberu: “ke tla mo kgalemela ka thupa ya batho.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “molao.”
Kapa: “le ka ho dumellana le pelo ya hao.”
Kapa: “ntlo ya borena.”
Ka Seheberu: “ke betileng pelo.”