Buka ya Bobedi ya Samuele 8:1-18

  • Dintwa tseo Davida a di hlotseng (1-14)

  • Puso ya Davida (15-18)

8  Ka mora nako Davida a lwantsha Bafilista+ mme a ba hlola+ yaba o hapa motse wa Methege-ama matsohong a Bafilista.  A hlola Bamoabe+ mme a ba paqamisa fatshe yaba o ba metha ka kgwele. O ile a metha mela e mmedi ya batho bao a neng a tlo ba bolaya le mola o le mong o feletseng wa batho bao a neng a ke ke a ba bolaya.+ Jwale Bamoabe ya eba basebeletsi ba Davida ba ntshang lekgetho.*+  Davida a hlola morena wa Zoba+ e leng Hadadezere mora wa Rehobe ha Hadadezere a ne a ilo hapa sebaka se Nokeng ya Eufrate.+  Davida a hapa bapalami ba dipere ba 1 700 le masole a 20 000. Yaba Davida o kgaola mesifa ya dipere tsohle tse hulang dikariki empa a siya dipere tse 100.+  Ha Basiria ba Damaseka+ ba tla ho tla thusa Morena Hadadezere wa Zoba, Davida a bolaya Basiria ba 22 000.+  Davida a beha masole Siria ya Damaseka mme Basiria ya eba basebeletsi ba Davida ba ntshang lekgetho. Jehova o ne a thusa Davida hore a hlole hohle moo a neng a ya teng.+  Ho ekelletsa moo, Davida a nka dithebe tse sedikadikwe tsa kgauta ho bahlanka ba Hadadezere, a di tlisa Jerusalema.+  Morena Davida a nka koporo e ngata Betha le Berothai e leng metse ya Hadadezere.  Morena Toi wa Hamathe+ a utlwa hore Davida o ne a hlotse masole ohle a Hadadezere.+ 10  Toi a romela mora wa hae Jorame ho Morena Davida hore a yo utlwa hore na o ntse a ya jwang le ho mo lebohisa hobane o ne a lwantshitse Hadadezere mme a mo hlotse (ka ha Hadadezere o ne a dula a lwantsha Toi). Hape o ile a mo tlisetsa dintho tsa silevera, tsa kgauta le tsa koporo. 11  Morena Davida a nehelana ka* dintho tsena ho Jehova feela jwalo ka ha a ne a nehelane ka silevera le kgauta tse tswang ditjhabeng tse ding tsohle tseo a neng a di hlotse:+ 12  Tse tswang ho Siria le ho Moabe,+ Baamone, Bafilista,+ Baamaleke+ le thepeng e hapuweng ho Hadadezere+ mora wa Rehobe morena wa Zoba. 13  Davida a boela a tuma ha a tswa bolaya Baedomo ba 18 000 Kgohlong ya Letswai.+ 14  A beha mabotho a sesole Edomo. A a beha motseng wohle wa Edomo mme Baedomo bohle ya eba basebeletsi ba Davida.+ Jehova o ne a thusa Davida hore a hlole* hohle moo a neng a ya teng.+ 15  Davida a nna a busa Iseraele yohle,+ a ahlola setjhaba sohle+ ka toka le ka ho loka.+ 16  Joabe+ mora wa Tseruja o ne a okametse masole mme Josafate+ mora wa Akilude e le motlalehi. 17  Tsadoke+ mora wa Akitube le Akimeleke mora wa Abiathare e ne e le baprista mme Seraia e le mongodi. 18  Benaia+ mora wa Jehojada o ne a okametse Bakerethe le Bapelethe.+ Bara ba Davida ya eba baetapele* ba ka sehloohong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “halaletsa.”
Kapa: “pholohe.”
Ka Seheberu: “baprista.”