Buka ya Bobedi ya Samuele 9:1-13

  • Davida o ne a rata Mefiboshethe (1-13)

9  Yaba Davida o re: “Na ho na le motho ya setseng ntlong ya Saule, eo nka mo bontshang lerato* ka lebaka la Jonathane?”+  Ntlong ya Saule ho ne ho ena le mohlanka eo lebitso la hae e leng Tsiba.+ Yaba ba mo bitsetsa ho Morena Davida mme a re ho yena: “Na ke wena Tsiba?” A re: “E morenaka, ke nna mohlanka wa hao.”  Morena a tswela pele ho re: “Na ntlong ya Saule ho sa na le motho ya setseng eo nka mo bontshang lerato* le tshwanang le leo Modimo a le bontshang?” Tsiba a re ho morena: “Mora wa Jonathane ya holofetseng maoto a mabedi o ntse a le teng.”+  Jwale morena a re ho yena: “O hokae?” Tsiba a re ho morena: “O ka tlung ya Makire+ mora wa Amiele e Lo-debare.”  Kapelepele Morena Davida a re a latwe ntlong ya Makire mora wa Amiele e Lo-debare mme a re a tliswe ho yena.  Ha Mefiboshethe mora wa Jonathane mora wa Saule a fihla ho Davida, hanghang a kgumama ka pela hae a inamisitse hlooho. Yaba Davida o re: “Mefiboshethe!” Yaba o re: “Mohlanka wa hao ke enwa.”  Davida a re ho yena: “O se ke wa tshoha hobane ke tla o bontsha lerato*+ ka lebaka la ntate wa hao Jonathane hape ke tla kgutlisetsa naha yohle ya ntatemoholo wa hao Saule ho wena mme o tla ja* tafoleng ya ka ka mehla.”+  Yaba o a kgumama mme o re: “Ebe nna mohlanka wa hao ke eng hoo o ka tshwenyehang* ka ntja+ e shweleng jwalo ka nna?”  Morena a re ho bitswe Tsiba, mohlanka wa Saule mme a re ho yena: “Ntho e nngwe le e nngwe eo e neng e le ya monga hao Saule le ya ntlo yohle ya hae, ke e fa setloholo sa hae.+ 10  Wena, bara ba hao le bahlanka ba hao le mo lemele mme le bokelle dijo tseo le di lemmeng bakeng sa ba lelapa la setloholo sa monga hao hore ba je. Empa Mefiboshethe setloholo sa monga hao o tla ja tafoleng ya ka ka mehla.”+ Tsiba o ne a ena le bara ba 15 le bahlanka ba 20.+ 11  Yaba Tsiba o re ho morena: “Ke tla etsa sohle seo morenaka a ntaelang hore ke se etse.” Yaba Mefiboshethe o ja tafoleng* ya morena Davida jwalo ka e mong wa bara ba hae. 12  Jwale Mefiboshethe o ne a ena le mora e monyenyane eo lebitso la hae e neng e le Mika.+ Batho bohle ba neng ba dula ka tlung ya Tsiba ya eba bahlanka ba Mefiboshethe. 13  Mefiboshethe o ne a dula Jerusalema hobane o ne a ja tafoleng ya morena ka mehla+ mme o ne a holofetse maoto ka bobedi.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “ja bohobe.”
Kapa: “lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “reteletsang sefahleho.”
Kapa mohlomong: “tafoleng ya ka.”