Lengolo la Bobedi le Yang ho Timothea 1:1-18

  • Ditumediso (1, 2)

  • Pauluse o leboha Modimo hobane Timothea a ena le tumelo (3-5)

  • Dula o sebedisa mpho ya Modimo (6-11)

  • O nke thuto e molemo e le mohlala (12-14)

  • Metswalle ya Pauluse le dira tsa hae (15-18)

1  Nna Pauluse, ke moapostola wa Kreste Jesu ho ya ka thato ya Modimo, tumellanong le tshepiso eo Modimo a e entseng ya bophelo boo re bo fumanang ka lebaka la ho ba balatedi ba Kreste Jesu.+  Ke ngolla wena Timothea ngwanaka eo ke mo ratang.+ E se eka Modimo Ntate le Morena wa rona Kreste Jesu ba ka ba mosa* ho wena, ba o hauhela le ho o fa kgotso.  Ke leboha Modimo eo ke mo sebeletsang jwalo ka baholoholo ba ka ka letswalo le kgutsitseng. Ha ke o lebale ha ke etsa dithapelo tse matla bosiu le motshehare.  Ha ke hopola ka moo o ileng wa lla ka teng, ke utlwa ke lakatsa ho o bona e le hore nka thaba.  Ke hopola tumelo ya hao e se nang boikaketsi+ eo nkgono wa hao Loise le mme wa hao Eunise ba neng ba ena le yona. Ke kgodisehile hore o ntse o ena le tumelo eo.  Ka lebaka leo, ke o hopotsa hore o se ke wa tlohela ho sebedisa* mpho ya Modimo eo o ileng wa e fuwa ha ke ne ke o beha matsoho.*+  Moya wa Modimo ha o re etse makwala+ empa o re thusa hore re be matla,+ re be lerato le hore re nahane hantle.  O se ke wa swabela ho bolella batho ka Morena wa rona+ kapa wa swabela nna, motshwaruwa ka lebaka la hae. O ikemisetse ho mamella mathata+ a bakwang ke ho bolela ditaba tse monate ka ho tshepa matla a Modimo.+  O ile a re pholosa a ba a re bitsetsa ho ba bahalaledi+ eseng ka lebaka la diketso tsa rona empa ka lebaka la morero wa hae le mosa wa hae.+ O re bontshitse mosa wa hae ka Kreste Jesu kgale. 10  Hona jwale mosa oo o bonahetse ka ho hlaka ha Mopholosi wa rona Jesu Kreste a ne a bonahatswa.+ O ile a fedisa lefu+ mme ka ditaba tse monate+ a re bontsha hore na re ka fumana bophelo+ le mmele o sa boleng+ jwang. 11  Ke kgethetswe hore ke be mmoledi, moapostola le mosuwe wa ditaba tsena tse monate.+ 12  Ke ka lebaka leo le nna ke hlahelwang ke dintho tse bohloko+ empa ha di etse hore ke swabe.+ Ke tseba eo ke dumelang ho yena mme ke kgodisehile hore o tla sireletsa ntho e nngwe le e nngwe eo ke mo fileng yona hore a e hlokomele ho fihlela letsatsing la kahlolo.+ 13  O nke thuto e molemo+ eo ke o rutileng yona e le mohlala bakeng sa hao mme o tswele pele o ena le tumelo le lerato tseo o nang le tsona ka lebaka la ho momahana le Kreste Jesu. 14  O lebele letlotlo lena la bohlokwa ka thuso ya moya o halalelang oo re nang le wona.+ 15  O a tseba hore batho bohle ba Asia+ ba ntahlile. Figelase le Hermogenese ke ba bang ba bona. 16  E se eka Morena* a ka hauhela lelapa la Onesiforase+ hobane o ne a nkgothatsa hangata ebile ha a ka a ntshwabela hobane ke le motshwaruwa. 17  Ha a le Roma, o ile a mpatla a ba a mphumana. 18  E se eka Morena Jehova* a ka mo hauhela ka letsatsi la kahlolo. O tseba hantle mesebetsi yohle eo a e entseng ha a ne a le Efese.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “o fehle jwalo ka mollo.”
Mona ho buuwa ka Jehova.