Lengolo la Boraro la Johanne 1:1-14

  • Ditumediso le thapelo (1-4)

  • Gaiase o a babatswa (5-8)

  • Diotrefe ya ratang ho iketelletsa pele (9, 10)

  • Demetriase o buuwa hantle (11, 12)

  • Johanne o rera ho tjhaka, ditumediso (13, 14)

 Nna monna e moholo,* ke ngolla Gaiase eo ke mo ratang ka pelo yohle ya ka.  Ngwaneso eo ke mo ratang, ke rapella hore o atlehe dinthong tsohle mme o be le bophelo bo botle jwalo ka ha o se o ntse o atleha hona jwale.  Ke ile ka thaba haholo ha bana ba bo rona ba tla mme ba mpolella hore o ntse o tshepahalla nnete. Ke thabetse hore ebe o ntse o tswela pele o phelela nnete.*+  Ha ho na ntho e nthabisang* ho feta ho tseba hore bana ba ka ba ntse ba tswela pele ho phelela nnete.+  Ngwaneso eo ke mo ratang, o a bontsha hore o a tshepahala ka ntho e nngwe le e nngwe eo o e etsetsang bana ba bo rona ba bang le hoja o sa ba tsebe le ho ba tseba.+  Ba boleletse phutheho ka moo o leng lerato ka teng. Ha ba tsamaya, ke kopa o etse sohle seo o ka se kgonang hore o ba thuse* ka tsela e tla thabisa Modimo.+  Ba ile ba ruta batho ba bang ka lebitso la Modimo ba bile ba sa lebella letho+ ho batho ba ditjhaba.  Ka hoo, re tlamehile ho ba amohela+ e le hore re sebetse mmoho bakeng sa ho tshehetsa nnete.+  Ke ngoletse phutheho lengolo empa Diotrefe ya ratang ho iketelletsa pele+ ha a amohele letho le tswang ho rona ka tlhompho.+ 10  Ke ka lebaka leo haeba ke tla, ke tla etsa hore batho ba tsebe dintho tse mpe tseo a di buang ka rona.*+ Ka hodima tsohle, o hana ho amohela bana ba bo rona+ ka tlhompho mme batho ba ba amohelang, o leka ho ba thibela le ho ba leleka ka phuthehong. 11  Ngwaneso eo ke mo ratang, o se ke wa etsisa mehlala ya batho ba etsang dintho tse mpe empa o etsise ya ba etsang dintho tse ntle.+ Ya etsang dintho tse ntle o tswa ho Modimo.+ Ya etsang dintho tse mpe ha a eso bone Modimo.+ 12  Demetriase o buuwa hantle ke bana ba bo rona bohle mme le tsela eo a phelang ka yona e a tiisa hore o phela tumellanong le nnete. Le rona re mo bua hantle mme o a tseba hore re dula re bua nnete. 13  Ho na le dintho tse ngata tseo ke batlang ho o bolella tsona empa ha ke batle ho di ngola. 14  Le ha ho le jwalo, ke tshepa hore ke tla o bona haufinyane mme re bue re shebane. E se eka o ka ba le kgotso. Bana ba bo rona ba mona ba re o dumele. Le wena o ntumedisetse ngwana e mong le e mong weso ya moo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Nna moholo.”
Ka Segerike: “tsamaya nneteng.”
Kapa mohlomong: “ntho e etsang hore ke batle ho leboha.”
Mohlomong ho ne ho akarelletsa ho ba fa dintho tseo ba di hlokang bakeng sa leeto.
Ka Segerike: “hore o re etselletsa ka dintho tse mpe.”