Amose 1:1-15

  • Amose o fumana molaetsa o tswang ho Jehova (1, 2)

  • Ba ahlolwa hobane ba sitetswe Jehova ka makgetlokgetlo (3-15)

1  Dilemo tse pedi pele ho tshisinyeho ya lefatshe,+ mehleng ya puso ya Uzia+ morena wa Juda le Jeroboame+ mora wa Joashe,+ eo e neng e le morena wa Iseraele, nna Amose* ke ne ke le e mong wa badisa ba dinku ba tswang Tekowa.+ Yaba ke bolellwa mantswe a buang ka Iseraele ponong.  A ne a re: “Jehova o tla bua ka lentswe le matla a le Sione,A hweletse a le Jerusalema. Makgulo a tla tjha,Dimela tse tlhorong ya Karmele di omelle.+   Jehova o re: ‘“Baahi ba Damaseka ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entse. Ba ile ba pola Gileade jwalo ka ha motho a pola koro* ka selei sa tshepe se polang.*+   Ke tla romela mollo ntlong ya Hazaele.+O tla tjhesa ditora tse sireleditsweng tsa Ben-hadade.+   Ke tla roba mekwallo ya dikeiti tsa Damaseka,+Ke timetse baahi ba Bikathe-aveneHa mmoho le motho ya busang* Bethe-edene,Batho ba Siria ba tla iswa botlamuweng Kire,”+ ke Jehova ya tjhong.’   Jehova o re: ‘“Baahi ba Gaza+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entseHobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuweng+ Edomo.   Ke tla romela mollo lerakong la Gaza.+O tla tjhesa ditora tsa yona tse sireleditsweng.   Ke tla fedisa baahi ba Ashdode+Ha mmoho le ya busang* Ashkelone.+Ke tla otla Ekrone,+Bafilista ba setseng ba tla timela,”+ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.’   Jehova o re: ‘Baahi ba Tire+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entseHobane ba ile ba isa sehlopha sa batho ba hapuweng EdomoHape ba lebetse selekane sa bana ba motho.+ 10  Ke tla romela mollo lerakong la Tire. O tla tjhesa ditora tsa yona tse sireleditsweng.’+ 11  Jehova o re: ‘Baahi ba Edomo+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entseHobane ba ile ba lelekisa bana ba bo bona ka sabole+Yaba ha ba ba hauhele. Ba ba ranthanya ba halefileEbile ba dula ba ba halefetse.+ 12  Ke tla romela mollo Temane.+ O tla tjhesa ditora tse sireleditsweng tsa Bozra.’+ 13  Jehova o re: ‘“Baahi ba Amone+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entseHobane ba tabotse dimpa tsa basadi ba baimana ba Gileade e le hore ba ikekeletse meedi.+ 14  Ke tla hotetsa mollo lerakong la Raba.+ O tla tjhesa ditora tsa yona tse sireleditsweng,Ho tla ba le sefefo letsatsing la ntwa,Ho be le setsokotsane letsatsing la sefefo. 15  Morena wa bona o tla haptjwa ha mmoho le dikgosana tsa hae,” ke Jehova ya tjhong.’+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Ho ba Morwalo” kapa “Ho Jara Morwalo.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Sheba Tlhaloso ya Ho pola; Seotlo.
Ka Seheberu: “ya tshwereng lere la borena.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “ya tshwereng lere la borena.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”