Amose 2:1-16

  • Ba ahlolwa hobane ba sitetswe Jehova ka makgetlokgetlo (1-16)

2  Jehova o itse: ‘“Baahi ba Moabe+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entseHobane ba tjhesitse masapo a morena wa Edomo ho fihlela e eba molora.*   Ke tla romela mollo MoabeMme o tla tjhesa ditora tse sireleditsweng tsa Keriothe.+ Moabe e tla shwa ho le lerata,Ho etswa mokgosi wa ntwa ho bile ho letswa lenaka.+   Ke tla bolaya mmusi* wa Moabe,Ke bolaye le dikgosana tsa yona,”+ ke Jehova ya tjhong.’   Jehova o re: ‘Baahi ba Juda+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke seng ke e entseHobane ha ba a ka ba mamela molao oo nna Jehova ke ba fileng wona. Ba iphapanyetsa ditaelo tsa ka.+ Ba kgelositswe ke mashano ao baholoholo ba bona ba neng ba a dumela.+   Ka hoo, ke tla romela mollo Juda. O tla tjhesa ditora tse sireleditsweng tsa Jerusalema.’+   Jehova o re: ‘Baahi ba Iseraele+ ba ntshitetswe ka makgetlokgetlo.* Ka hoo, nke ke ka fetola qeto eo ke e entsengHobane ba rekisa motho ya lokileng hore ba fumane silevera. Mofutsana yena ba mo rekisa hore ba fumane dieta.*+   Ba hatakela bafutsana jwalo ka ha motho a hatakela mobu,+Ba tshwara batho ba bonolo hampe.+ Ntate le mora ba robala le mosadi a le mong,Ba tella lebitso la ka le halalelang.   Ba tjapalla pela aletare e nngwe le e nngwe,+ hodima diaparo tseo batho ba di behileng paneng* bakeng sa dikoloto tsa bona.+ Veine eo ba e nwellang matlong* a medimo ya bona ke eo ba patadisitseng batho ka yona.   Ke ile ka ba bolaela Baamore+Ba balelele jwalo ka difate tsa dikedare, ba matla jwalo ka difate tsa ouku,*Ka fedisa ditholwana tsa bona, ka fothola metso ya bona.+ 10  Ka ba ntsha Egepeta,+Ka ba tsamaisa lefeelleng ka dilemo tse 40+Hore ba rue naha ya Baamore. 11  Ke kgethile ba bang ba bara ba bona hore e be baprofeta,+Ka kgetha bahlankana ba bang hore e be Banazari.+ Baiseraele, na ha ho jwalo?’ ke Jehova ya tjhong. 12  ‘Empa ba nwesa Banazari veine,+Ba re baprofeta ba tlohele ho profeta.+ 13  Ke tla ba hatakelaJwalo ka ha sekosekara* se tshetseng dijo* tse qetang ho kotulwa se hatakela ntho e ka tlasa sona. 14  Ha ho moo ya lebelo a tla balehela teng,+Senatla se tla fellwa ke matlaLe mohlabani a ke ke a kgona ho ipholosa. 15  Ya sebedisang seqha a ke ke a kgona ho itwanela,Ya lebelo a ke ke a kgona ho balehaLe ya palamang pere a ke ke a kgona ho pholoha. 16  Mohlabani ya sebete* le yenaO tla baleha a hlobotse letsatsing leo,’+ ke Jehova ya tjhong.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “hore e be kalaka.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “moahlodi.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “ka makgetlo a mararo le ka makgetlo a mane.”
Ka Seheberu: “meqathatso.”
Kapa: “beheleditseng.” Ntho eo motho a e siyang ha a etsa sekoloto.
Kapa: “ditempeleng.”
Kapa: “eike.”
Kapa: “kariki ya masimong.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “ya pelo e thata.”