Amose 4:1-13

  • Molaetsa wa kahlolo o mabapi le dikgomo tsa Bashane (1-3)

  • Jehova o soma barapedi ba bohata Iseraele (4, 5)

  • Baiseraele ha ba mamele ha ba kgalemelwa (6-13)

    • “Itokisetse ho kopana le nna Modimo wa hao” (12)

    • ‘Modimo o bolella batho merero ya hae’ (13)

4  Mamelang lona ba kang dikgomo tsa Bashane,Lona ba dulang thabeng ya Samaria,+Lona basadi ba hlorisang le ho hatella bafutsana,+Lona ba reng ho banna* ba lona: ‘Re tlisetseng jwala re nwe.’   Ka ha Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle wa halalela, o hlapantse a re: ‘“Matsatsi a a tla ao ka ona le tla phahamiswa ka dihakisi tse sebediswang selakgeng,Ba setseng bona ba phahamiswe ka dihuku tse tshwasang ditlhapi.*   Le tla tswa ka makgalo, le tsamaye le kolokileEbe le lahlelwa Harmone,” ke Jehova ya tjhong.   Jwale tloong Bethele le tlo etsa sebe,+Le tle Gilgale le tlo etsa sebe se fetang.+ Tlisang mahlabelo+ a lona hosengEbe ka letsatsi la boraro le tlisa karolo ya leshome*+ ya dintho tsa lona.   Tjhesang mahlabelo a bohobe bo nang le tomoso e le ho leboha Modimo,+Le bolelle motho e mong le e mong hore le ithaopetse ho etsa mahlabelo Hobane ke yona ntho eo le e batlang lona Baiseraele,’ ke Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ya tjhong.   ‘Le nna ha ke a ka ka le fa dijo metseng yohle ya lona. Ke ile ka le tima bohobe ka matlung ohle a lona.+ Empa ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong.   ‘Ke ile ka le tima pula dikgwedi tse tharo pele ho nako ya ho kotula,+Ka etsa hore e ne ka ho kgetha dibaka. Tshimong e nngwe pula e ne e naEmpa e nngwe e ne e omeletse hobane ho yona pula e ne e sa na.   Batho ba tswang metseng e mmedi kapa e meraro ba bolawang ke lenyora ba ne ba ya ho o mong hore ba yo nwa metsi+Empa lenyora le ne le sa fele. Le ha ho le jwalo ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong.   ‘Ke sentse masimo a lona ka motjheso le phori.*+ Lona la ikekeletsa dirapa le masimo a moraraEmpa ditsie tsa kokona difate tsa lona tsa feie* le tsa mohlwaare,+Ho ntse ho le jwalo ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong. 10  ‘Ke le otlile ka lefu la sewa le kang la Egepeta,+Ka bolaya bara ba lona ka sabole+ yaba ke hapa dipere tsa lona.+ Seputa sa ditopo tse ditenteng tsa lona sa utlwahala hohle+Yaba le ntse le sa bake,’ ke Jehova ya tjhong. 11  ‘Ke le dihileJwalo ka ha ke ile ka diha Sodoma le Gomora.+ Le ne le tshwana le sekoqo sa patsi se ntshitsweng mollong,Empa ha le a ka la baka,’+ ke Jehova ya tjhong. 12  Wena Iseraele,Ke tlo o otla hape. O tle o itokiseditse ho kopana le nna Modimo wa hao hobane ka nnete ke tlo o otla. 13  Ke nna ya entseng dithaba+ ka ba ka etsa hore moya o be teng,+Ke bolella batho merero ya ka,Hoseng ha letsatsi le tjhaba ke etsa hore le be lefifi,+Ke nna ya tsamayang hodima dithaba le maralla,+Lebitso la ka ke Jehova Modimo wa mabotho.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “beng.”
Kapa: “dilope.”
Kapa: “boshome.”
Kapa: “feiga.”