Amose 5:1-27

  • Iseraele e tshwana le morwetsana ya weleng (1-3)

  • Kgutlelang ho Modimo le tle le phele (4-17)

    • Hloyang dintho tse fosahetseng le rate tse nepahetseng (15)

  • Letsatsi la Jehova ke letsatsi la lefifi (18-27)

    • Mahlabelo a Iseraele ha a amohelwe (22)

5  Utlwang lona Baiseraele, ena ke kodiyamalla* eo ke le binelang yona:   ‘Morwetsana Iseraele o wele naheng ya habo,Ha a kgone ho phahama. Motho e mong le e mong o mo lahlile kgerehlwa,Ha ho na ya batlang ho mo phahamisa.’  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o re: ‘Motse o neng o futuha ka bahlabani ba sekete o tla sallwa ke ba lekgolo feela,O neng o futuha ka ba lekgolo wona o sallwe ke ba leshome feela. Ena ke yona ntho e tla hlahela bana ba Iseraele.’+  Jehova o itse ho bana ba Iseraele: ‘Ha le ka kgutlela ho nna le tla phela.+   Le se ke la ya Bethele+ le re le yo ntshebeletsa,Le se ke la leka ho ya Gilgale+ kapa ho fetela Beersheba+Ka ha Gilgale e tla haptjwa,+Bethele yona ha e sa tla ba teng.*   Kgutlelang ho Jehova le tle le phele+E le hore a se ke a ikakgela ka hara ntlo ya Josefa,A tjhesa Bethele yaba ha ho motho ya ka e timang.   Le etsa hore toka e babe jwalo ka lengana hore bophelo ba batho bo be bosula,Le e lahlela fatshe hore batho ba e hatakele.+   Sebeletsang Modimo ya bopileng sehlopha sa dinaledi sa Kima* le sa Kesile,*+Ya etsang hore lefifi e be meso,Ya etsang hore motshehare o be lefifi jwalo ka bosiu,+Ya bokellang metsi a lewatleE le hore a nosetse lefatshe ka ona.+ Lebitso la hae ke Jehova.   O dihela koduwa hodima dinatla,Metse e sireleditsweng o e etsa lesupi. 10  Le hloile baahlodi ba le kgalemelangHape le nyonya batho ba buang nnete.+ 11  Le hirisetsa bafutsana masimo*Hape le ba patadisa lekgetho ka dijo.*+ Le ke ke la dula ka hara matlo ano a lona ao le a hahileng ka majwe.+ Le masimo a morara o motle le a lemme empa le ke ke la nwa veine ya wona.+ 12  Dibe* tsa lona ke di tseba ka paloLe hore na di kgolo hakae. Le hlekefetsa batho ba lokileng,Le nka tjotjo,Le hatakela ditokelo tsa bafutsana ha le ahlola.+ 13  Ka nako eo, ba bohlale ba tla itholelaHobane e tla be e le nako ya tlokotsi.+ 14  Etsang dintho tse nepahetseng eseng tse fosahetseng+E le hore le tle le phele.+ Ha le etsa jwalo, Jehova Modimo wa mabotho o tla ba le lonaJwalo ka ha le bolela.+ 15  Hloyang dintho tse fosahetseng le rate tse nepahetseng,+Baahlodi ba metse ya lona ba ke ba ahlole ka toka.+ Mohlomong Jehova Modimo wa mabothoO tla hauhela ditloholo tse setseng tsa Josefa.’+ 16  Jehova Modimo wa mabotho, yena Jehova o re: ‘Ho tla utlwahala seboko diterateng tse kgolo,Batho ba tsamaye diterateng ba ntse ba re: “Jowe! Jowe!” Ba tla bitsa dihwai hore di tlo lla,Ba hire le batho ba llang. 17  Masimong ohle a morara ho tla lluwa+Hobane ke tla feta hara lona, ke Jehova ya tjhong. 18  ‘Ho madimabe ba emetseng letsatsi la Jehova.+ Le ka lebella hore ho etsahaleng letsatsing la Jehova?+ Letsatsi leo e tla ba la lefifi eseng lesedi.+ 19  Ho tla ba jwalo ka ha motho a baleha tau ebe o kopana le bere,E re ha a kena ka tlung a itshwareletsa ka lebota, noha e mo lome. 20  Letsatsi la Jehova e tla ba la lefifi eseng lesedi,E be la botsho eseng kganya. 21  Ke hloile mekete ya lona ebile ke a e nyonya+Le monko wa mahlabelo ao le a etsang diphuthehong tsa lona ha ke o thabele. 22  Le ha le ka nketsetsa mahlabelo a setjheso kapa la ntlisetsa dimpho,Nke ke ka di amohela+Le mahlabelo a lona a kopanetsweng a entsweng ka diphoofolo tse nontshitsweng, nke ke ka a amohela.+ 23  Tlohelang ho nketsetsa lerata ka dipina tsena tsa lona,Ha ke batle le ho utlwa ha le letsa diharepa.*+ 24  Toka e ke e phalle jwalo ka metsi naheng ya lona+Le ho loka ho be jwalo ka molapo o dulang o phalla. 25  Lona Baiseraele, na le ile la nketsetsa mahlabelo kapa la ntlisetsa dimphoKa dilemo tse 40 tseo le di qetileng lefeelleng?+ 26  Le tla lokela ho nka Sakuthe le Kaiwane,*E leng ditshwantsho tseo le iketseditseng tsona tseo le di sebedisang ho rapela modimo wa lona wa naledi. 27  Le tla ba batshwaruwa ka nqane ho Damaseka,’+ ke Modimo wa mabotho eo lebitso la hae e leng Jehova ya tjhong.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “pina e binwang ka lebaka la ho utlwa bohloko.”
Kapa mohlomong: “e tla ba sebaka se tletseng boloi.”
Ho ka etsahala hore ebe ke sehlopha sa dinaledi sa Makolobe.
Ho ka etsahala hore ebe ke sehlopha sa dinaledi sa Selemela.
Kapa: “Le patadisa bafutsana lekgetho la mobu.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “Diphoso.”
Kapa: “diletsa tse dikgwele.”
Ho ka etsahala hore ebe Sakuthe le Kaiwane ke mabitso a polanete e bitswang Saturn eo batho ba neng ba e rapela.