Amose 6:1-14

  • Ho madimabe ba dutseng ba iketlile (1-14)

    • Dibethe tse entsweng ka manaka a tlou, dikotlolo tsa veine (4, 6)

6  Ho madimabe ba dutseng ba iketlile Sione,Ba utlwang ba sireletsehile thabeng ya Samaria,+Ke banna ba hlaheletseng setjhabeng,Bao Baiseraele ba yang ho bona.   Tshelelang Kalene le bone,Ha le tloha le ye Hamathe motseng o moholo+Ebe le fetela Gathe motseng wa Bafilista. Na mebuso eo e meholo ho feta ya lona*Kapa naha ya bona e kgolo ho feta ya lona?   Ha le nahane le ho nahana ka tlokotsi e le tlelang+Ebile le theha mmuso wa batho ba tletseng mabifi.+   Le robala dibetheng tse entsweng ka manaka a tlou,+ le kakalla disofeng,+Le ja dikonyana tsa mohlape le manamane* a nonneng.+   Le iqapela dipina tse letswang ka harepa,*+Le iketsetsa diletsa tsa mmino jwalo ka Davida.+   Le nwella veine ka dikotlolong,*+Le itlotsa ka oli e turu ka ho fetisisa. Tlokotsi ya Josefa ha e le tshwenye.*+   Le tla ba ba pele ba ho haptjwa,+Mekete ya ba kakallang disofeng e tla fela.   Jehova Modimo wa mabotho o re: ‘Nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ke hlapantse ka nna*+ ka re: “Ke nyonya boikakaso ba Jakobo,+Ke hloile ditora tsa hae tse sireleditsweng+Ebile ke tla fana ka motse ona le tsohle tse ho wona ho dira tsa hae.+  Le ha ho ka ba ha sala banna ba leshome ka tlung e le nngwe, le bona ba tla shwa. 10  Mong ka bona* o tla tla a ba tjhese ka bonngwe. O tla ntsha masapo a bona ka tlung ebe o re ho ya setseng ka kamoreng: ‘Na ho na le ba bang ntle le wena?’ Ha a araba o tla re: ‘Ha ba yo.’ Eo a re: ‘Thola! Ha se nako ya hore o kope thuso ho Jehova ena.’ 11  Jwalo ka ha Jehova a laetse,+Ntlo e kgolo e tla wa,E nyenyane e be dithako.+ 12  Na dipere di ka matha lefikeng? Kapa na motho a ka lema moo ka dikgomo? Ho ena le hore le phethe toka le utlwisa batho bohloko,Le etsa hore bophelo ba bona bo babe jwalo ka lengana.+ 13  Lona ba thabelang ntho e se nang thuso,Le bile le re: “Re hlotse tjena* hobane re le matla.”+ 14  Jehova Modimo wa mabotho o re: “Baiseraele, ke tla le tlisetsa setjhaba se tla le hlasela,+Se tla le hatella ho tloha Lebo-Hamathe*+ ho ya fihla Kgohlong* ya Araba.”’”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ho bonahala e le mmuso wa Juda le Iseraele.
Kapa: “manamane a matona.”
Kapa: “seletsa se dikgwele.”
Ka Seheberu: “ha e le kudise.”
Kapa: “dikoping tse kgolo.”
Kapa: “bophelo ba ka.”
Ka Seheberu: “Motho ya amanang le ntate wa bona.”
Ka Seheberu: “Re inketse manaka.”
Kapa: “ho tloha moeding wa Hamathe.”