Amose 7:1-17

  • Dipono tse bontshang hore Iseraele e haufi le ho timetswa (1-9)

    • Ditsie (1-3), mollo (4-6), kgwele e methang (7-9)

  • Amose o bolellwa hore a kgaotse ho profeta (10-17)

7  Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o mpontshitse pono ena: O ne a tlisa sehlopha sa ditsie ha dijalo tsa mariha* di qala ho mela. Ke dijalo tse jetsweng ka mora hore ho helwe jwang ba morena.  Ha ditsie di kokonne naha yohle, ke ile ka hweletsa ka re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, hauhela+ bana ba Jakobo hle! Ba tla pholoha* jwang ba se na matla?”+  Jehova a hauha.*+ Jehova a re: “Ntho eo o e boneng e ke ke ya etsahala.”  Yaba Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o mpontsha pono ena: Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle o ne a phatlalatsa hore o tla otla naha ka mollo. Mollo wa pshesa lewatle wa ba wa tjhesa naha.  Ka re: “Ema hanyenyane hle Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle.+ Bana ba Jakobo ba tla pholoha* jwang ba se na matla?”+  Jehova a hauha.*+ Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle a re: “Le yona eo eo o e boneng e ke ke ya etsahala.”  A mpontsha pono ena: Jehova o ne a eme hodima lerako le hahilweng ho sebediswa kgwele e methang* a bile a e tshwere.  Jehova a re ho nna: “O bonang Amose?” Yaba nna ke re: “Kgwele e methang.” Jehova a re: “Ha e le mona ke metha Baiseraele ka kgwele e methang, nke ke ka hlola ke ba tshwarela.+  Dibaka tse phahameng tsa Isaka+ le dihalalelo tsa Iseraele di tla senngwa,+ ke tla hlasela ntlo ya Jeroboame ka sabole.”+ 10  Amazia moprista wa Bethele+ o rometse molaetsa o yang ho Jeroboame+ morena wa Iseraele a re: “Amose o ntse a o rerela bora hona mona Iseraele.+ Batho ha ba kgone ho mamella dintho tsena tseo a ntseng a di bua.+ 11  Amose o ntse a re: ‘Jeroboame o tla bolawa ka sabole, Baiseraele ba tla haptjwa ba tloswe naheng ya habo bona.’”+ 12  Amazia a re ho Amose: “Wena raditoro, tsamaya o balehele Juda. Ha o fihla moo o fumane mokgwa wa ho iphedisa* o be o profete.+ 13  O se ke wa hlola o profetela Bethele+ hobane ke tempele e halalelang+ ebile ke sebaka sa mmuso.” 14  Amose a arabela Amazia a re: “Ke ne ke se moprofeta ebile ke se mora wa moprofeta empa ke ne ke le modisa+ ke bile ke hlokomela difate tsa feie.* 15  Ha ke sa ntse ke disitse, Jehova a mpitsa. Jehova a re ho nna: ‘Tsamaya, o yo profetela setjhaba sa ka sa Iseraele.’+ 16  Ka hoo, Jehova o re: ‘O ntse o re: “O se ke wa profeta ka kahlolo e tlelang Iseraele+ hape o se ke wa bua+ ka kahlolo e tlelang ditloholo tsa Isaka.” 17  Jwale Jehova o re: “Mosadi wa hao e tla ba letekatse la motse, bara le baradi ba hao ba bolawe ka sabole. Naha ya hao e tla arolelanwa ho sebediswa kgwele e methang, wena o tla shwela naheng e ditshila mme Baiseraele ba tla haptjwa ba tloswe naheng ya habo bona.”’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E leng ka January le February.
Ka Seheberu: “phahama.”
Kapa: “a fetola maikutlo.”
Ka Seheberu: “phahama.”
Kapa: “a fetola maikutlo.”
Kapa: “sekitiloto.”
Ka Seheberu: “o je bohobe.”
Kapa: “difeiga tsa sikamore; ya kutang difate tsa sikamore.”