Amose 9:1-15

  • Ha ho ya ka phonyohang dikotlo tsa Modimo (1-10)

  • Ntlo ya Davida e tla phahamiswa (11-15)

9  Ka bona Jehova+ a eme ka hodima aletare yaba o re: “Otla karolo e ka hodimo* ya dipilara metheo ya ntlo e sisinyehe. O thuhe dihlooho tsa tsona* ebe ba salang ke ba bolaya ka sabole. Ya balehang a ke ke a phonyoha, ya lekang ho phonyoha a ke ke a atleha.+   Le ha ba ka tjheka ba ipata ka Lebitleng,*Ke tla ba ntsha hona moo.Le ha ba ka nyolohela lehodimong,Ke tla ba theola moo.   Haeba ba ka ipata thabeng ya Karmele,Ke tla ba batla ke ba theole moo.+ Ha ba ka ipatela nna bodibeng ba lewatle,Ke tla romela noha moo hore e ba lome.   Haeba ba haptjwa ke dira tsa bona,Ke tla ba romella sabole hore e ba bolaye.+ Ke tla ba disa e le hore ke ba etsetse bomadimabe eseng ditlhohonolofatso.+   Mmusi wa Dintho Tsohle, Jehova wa mabotho ke yena ya tshwarang naha yohle*Ebe ya qhibidiha,+ baahi bohle ba yona ba lle.+ Naha e tla lwebehlana jwalo ka Noka ya Nile,Ba tla lwebehlana jwalo ka Nile ya Egepeta ha e tletse.+   Ke yena ya hahang ditepisi tsa hae lehodimong,O entse metheo ya mohaho wa hae lefatsheng. Ke yena ya bokellang metsi a lewatleEbe o a tshela lefatsheng.+ Lebitso la hae ke Jehova.+   Jehova o re: ‘Lona Baiseraele, le jwalo ka Bakushe ho nna. Ke le ntshitse naheng ya Baegepeta,+Ka ntsha Bafilista Kreta+ le Siria ka e ntsha Kire.’+   Jehova o re: ‘Nna Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle ke shebile mmuso o tletseng sebe,Ke tla o tlosa hodima lefatshe+Empa nke ke ka timetsa bana ba Jakobo kaofela.’+   Ke laela horeNtlo ya Iseraele e tsukutlehe hara ditjhaba tsohle,+E tsukutlehe jwalo ka ha motho a tsukutla sefeEmpa ho se na letho le welang fatshe. 10  Baetsadibe bohle ba setjhaba sa ka ba tla bolawa ka sabole,Bohle ba reng: ‘Re ke ke ra hlahelwa ke tlokotsi kapa ya re atamela.’ 11  Ke tla phahamisa ntlo* ya Davida+ e weleng,Ke kwale dikgeo tse maboteng a yona,*Ke e lokiseKe etse hore e tshwane le mehleng ya kgale+ 12  E le hore batho ba ka ba ka hapa Baedomo ba setseng+Le ho busa ditjhaba tsohle tse bitswang ka lebitso la ka,’ Jehova e leng yena ya etsang dintho tsena ke yena ya tjhong. 13  Jehova o re: ‘Matsatsing ao,Nako ya ho lema e tla fihla pele dijalo di kotulwa,Nako ya ho jala e tla fihla pele morara o tlhotlwa+Ebe dithaba di rotha veine e monate,+Maralla ohle a qhibidihe.+ 14  Ke tla lata setjhaba sa ka sa Iseraele se neng se hapuwe,+Ba tla ntjhafatsa metse ya bona mme ba dule ho yona,+Ba tla lema masimo a morara ebe ba nwa veine ya wona,+Ba be ba je dintho tseo ba di lemmeng masimong a bona.’+ 15  Hape Jehova Modimo wa lona o re: ‘Ke tla tsitsisa Baiseraele naheng ya bona,Ba ke ke ba hlola ba tloswa naheng eo ke ba fileng yona.’”+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “hlooho.”
Kapa mohlomong: “karolo e hodimo ya dipilara.”
Kapa: “Sheole.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “lefatshe.”
Kapa: “tente; lephephe.”
Kapa: “bona.”