Baahlodi 1:1-36

  • Dintwa tseo Juda le Simeone ba di hlotseng (1-20)

  • Bajebuse ba ntse ba dula Jerusalema (21)

  • Josefa o hapa Bethele (22-26)

  • Bakanana ha ba a lelekwa kaofela (27-36)

1  Ka mora lefu la Joshua,+ Baiseraele* ba botsa Jehova ba re:+ “Ke mang ho rona ya tla ya pele ho Bakanana ho ya ba lwantsha?”  Jehova a ba araba a re: “Juda o tla ya.+ Ke fana* ka naha ena letsohong la hae.”  Juda a re ho Simeone abuti wa hae: “A re ye sebakeng seo ke se abetsweng,*+ re yo lwantsha Bakanana. Le nna ke tla ya le wena sebakeng seo o se abetsweng.” Simeone a ya le yena.  Ha leloko la Juda le fihla, Jehova a nehelana ka Bakanana le Bapereze matsohong a bona+ yaba ba hlola banna ba 10 000 ba Bezeke.  Ba ile ba fumana Adoni-bezeke a le Bezeke jwale ba mo lwantshetsa hona moo mme ba hlola Bakanana+ le Bapereze.+  Ha Adoni-bezeke a baleha, ba ile ba mo lelekisa mme ba mo tshwara yaba ba mo kgaola menwana e metona ya maoto le ya matsoho.  Yaba Adoni-bezeke o re: “Ho na le marena a 70 a kgaotsweng menwana e metona ya maoto le ya matsoho a thonakang dijo tlasa tafole ya ka. Modimo o nkentse feela jwalo ka ha ke entse.” Ka mora moo, ba mo tlisa Jerusalema+ mme a shwella teng.  Ho feta moo, banna ba Juda ba lwantsha Jerusalema+ mme ba e hapa, ba lwantsha baahi ba yona ka sabole mme ba tjhesa motse.  Ka mora moo, banna ba Juda ba ya ho ya lwantsha Bakanana ba dulang sebakeng se dithaba le ba Negebe le ba Shefela.+ 10  Ka hoo, Juda a hlasela Bakanana ba neng ba dula Hebrone (pele ho moo Hebrone e ne e bitswa Kiriathe-arba) mme ba bolaya Sheshai, Akimane le Talmai.+ 11  Ho tloha moo, ba lwantsha baahi ba Debire.+ (Pele ho moo Debire e ne e bitswa Kiriathe-sefere.)+ 12  Jwale Kalebe+ a re: “Monna ya tla hlasela Kiriathe-sefere mme a e hapa, ke tla mo fa moradi wa ka Aksa hore e be mosadi wa hae.”+ 13  Othniele+ mora wa Kenaze,+ ngwanabo Kalebe, a e hapa. Ka hoo, a mo fa moradi wa hae Aksa hore e be mosadi wa hae. 14  Ha ba le tseleng e yang hae, Aksa a phehella monna wa hae hore a kope tshimo ho ntate wa hae. Aksa a theoha hodima tonki.* Kalebe a mo botsa a re: “O batlang?” 15  Aksa a re ho yena: “Ke kopa o ntlhohonolofatse ka ha o mphile karolo ya naha e ka borwa,* mphe le Gulothe-maime.”* Ka hoo, Kalebe a mo fa Gulothe e Hodimo le Gulothe e Tlase. 16  Jwale bana ba Mokene+ ntate wa mosadi wa Moshe,+ ba tla ba tswa motseng wa difate tsa palema*+ le batho ba Juda ho ya lefeelleng la Juda ka borwa ho Arade.+ Ba ya moo yaba ba dula le batho ba moo.+ 17  Empa Juda a tsamaya le Simeone abuti wa hae, ba hlasela Bakanana ba ahileng Zefathe mme ba ba bolaya.+ Yaba ba reha motse oo lebitso la Horma.*+ 18  Ka mora moo, Juda a hapa Gaza,+ Ashkelone,+ Ekrone+ le dibaka tsa tsona. 19  Jehova o ne a ena le Bajuda mme ba ile ba nka sebaka se dithaba empa ha ba a ka ba kgona ho leleka baahi ba kgohlong* hobane ba ne ba ena le dikariki tsa ntwa tse nang le mahare a tshepe.+ 20  Ba ile ba fa Kalebe motse o bitswang Hebrone feela jwalo ka ha Moshe a ne a tshepisitse+ yaba ba leleka bara ba bararo ba Anake.+ 21  Empa Babenjamine ha ba a ka ba leleka Bajebuse ba ahileng Jerusalema. Bajebuse ba ntse ba dula le Babenjamine Jerusalema ho fihlela letsatsing lena.+ 22  Ka nako eo, ba lelapa la Josefa+ ba hlasela Bethele mme Jehova o ne a ena le bona.+ 23  Ba lelapa la Josefa ba romela dihlwela Bethele (pele ho moo motse oo o ne o bitswa Luze)+ 24  yaba di bona monna e mong a tswa motseng. Jwale tsa re ho yena: “Ka kopo, re bontshe tsela ya ho kena motseng mme re tla o hauhela.”* 25  Ka hoo, monna eo a di bontsha tsela ya ho kena motseng yaba di hlasela motse oo ka sabole empa tsa tlohela monna eo le lelapa lohle la hae hore ba tsamaye.+ 26  Monna eo a ya naheng ya Bahethe yaba o haha motse mme o o reha Luze e leng lebitso la wona ho fihlela letsatsing lena. 27  Manase ha a ka a nka Bethe-sheane le metse e e potolohileng, Tanake+ le metse e e potolohileng, Dore le metse e e potolohileng, Ibleame le metse e e potolohileng ha mmoho le Megido le metse e e potolohileng.+ Bakanana ba ile ba phehella ho dula naheng ena. 28  Ha Baiseraele ba eba matla, ba ile ba etsa hore Bakanana ba etse mosebetsi o boima*+ empa ha ba a ka ba ba leleka kaofela.+ 29  Baefraime le bona ha ba a ka ba leleka Bakanana ba neng ba dula Gezere. Bakanana ba ile ba nna ba dula hara bona Gezere.+ 30  Bazabulone ha ba a ka ba leleka baahi ba Kiterone le baahi ba Nahalole.+ Bakanana ba ile ba nna ba dula hara bona mme ba etsa mosebetsi o boima.+ 31  Ashere ha a ka a leleka baahi ba Ako, ba Sidone,+ ba Alabe, ba Akzibe,+ ba Helba, ba Afike+ le ba Rehobe.+ 32  Ka hoo, Baashere ba nna ba dula hara Bakanana ba naheng eo hobane ha ba a ka ba leleka Bakanana. 33  Banefthali ha ba a ka ba leleka baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe+ empa ba ile ba dula hara Bakanana ba naheng eo.+ Baahi ba Bethe-shemeshe le ba Bethe-anathe ya eba basebeletsi ba bona ba etsang mosebetsi o boima. 34  Baamore ba ile ba qobella Badane hore ba dule sebakeng se dithaba, ha ba a ka ba ba dumella ho theohela kgohlong.*+ 35  Ka hoo, Baamore ba hana ho tloha Thabeng ya Herese, Ajalone+ le Shalbime.+ Empa ha matla* a ba lelapa la Josefa a eketseha,* Baamore ba ile ba qobellwa ho etsa mosebetsi o boima. 36  Naha ya Baamore e ne e tloha moepeng wa Akrabime+ le ho tloha Sela ho ya hodimo.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “bara ba Iseraele.”
Kapa: “ke fane.”
Ka Seheberu: “lothong ya ka.”
Kapa mohlomong: “a opa diatla a ntse a palame tonki.”
Kapa: “Negebe.”
E bolelang “Dikotlolo Tsa Metsi.”
E leng Jeriko.
E bolelang “Ho Fediswa.”
Kapa: “phuleng.”
Kapa: “re tla o bontsha lerato le tshepahalang.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “mosebetsi o qobellwang.”
Kapa: “phuleng.”
Ka Seheberu: “letsoho.”
Ka Seheberu: “ha lelapa la Josefa le eba boima.”