Baahlodi 10:1-18

  • Moahlodi Tola le Moahlodi Jaire (1-5)

  • Baiseraele ba sitelwa Modimo ebile ba a baka (6-16)

  • Baamone ba batla ho hlasela Baiseraele (17, 18)

10  Ka mora Abimeleke, Tola mora wa Pua mora wa Dodo, wa leloko la Isakare a pholosa Iseraele.+ O ne a dula Shamire sebakeng se dithaba sa Efraime.  E ile ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse 23. Ka mora moo a shwa yaba o patelwa Shamire.  Ka mora hae, Jaire wa Mogileade ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse 22.  O ne a ena le bara ba 30 mme e mong le e mong a ena le tonki ya hae le motse wa hae. Le kajeno metse ena e 30 e ntse e bitswa Havothe-jaire+ mme e naheng ya Gileade.  Ka mora moo Jaire a shwa mme a patelwa Kamone.  Baiseraele ba boela ba sitelwa Jehova+ mme ba qala ho rapela medimo ya Baale,+ ditshwantsho tsa Ashtorethe, medimo ya Arame,* medimo ya Sidone, medimo ya Moabe,+ medimo ya Baamone+ le medimo ya Bafilista. Ba ile ba tlohela ho sebeletsa Jehova.+  Yaba Jehova o halefela Baiseraele haholo mme o etsa hore Bafilista le Baamone ba ba laole.*+  Ka hoo, ho tloha selemong seo ba hlorisa Baiseraele bohle ba neng ba le ka nqane ho Jordane naheng eo e neng e le ya Baamore e Gileade. Ba ba hlorisa ka dilemo tse 18.  Baamone ba ne ba boetse ba tshela Jordane ho ya lwantsha leloko la Juda, la Benjamine le la Efraime mme Baiseraele ba ne ba tshwenyehile haholo. 10  Yaba Baiseraele ba kopa Jehova hore a ba thuse,+ ba re: “Modimo wa rona, re o sitetswe hobane re ile ra o tlohela mme ra rapela medimo ya Baale.”+ 11  Empa Jehova a re ho Baiseraele: “Na ha ke a le pholosa ho Baegepeta,+ Baamore,+ Baamone, Bafilista,+ 12  Basidone, Baamaleke le ho Bamidiane ha ba ne ba le hlorisa? Ke ile ka le pholosa ho bona ha le ne le nkopa hore ke le thuse. 13  Empa le ile la tlohela ho ntshebeletsa mme la sebeletsa medimo e meng.+ Ka lebaka leo nke ke ka le pholosa hape.+ 14  Eyang ho medimo eo le e kgethileng mme le kope thuso ho yona,+ e be yona e le thusang ha le ena le mathata.”+ 15  Empa Baiseraele ba re ho Jehova: “Re entse sebe. Re fe kotlo efe kapa efe eo o bonang e re loketse. Empa re kopa hore o mpe o re pholose letsatsing lena.” 16  Jwale ba tlosa medimo ya bona ya ditshwantsho mme ba sebeletsa Jehova,+ ba etsa jwalo ho fihlela a ba utlwela bohloko.*+ 17  Ka mora nako, Baamone+ ba bokella masole a bona mme ba hloma ditente tsa bona Gileade. Baiseraele le bona ba bokella masole a bona mme ba hloma ditente tsa bona Mizpa. 18  Setjhaba le dikgosana tsa Gileade tsa buisana tsa re: “Ke mang ya tla re etella pele ho ya lwantsha Baamone?+ Ke yena eo e tla ba morena wa baahi bohle ba Gileade.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Siria.”
Ka Seheberu: “a ba rekisa matsohong a Bafilista le Baamone.”
Kapa: “ho fihlela a se a sa kgone ho ba shebella feela ba ntse ba utlwa bohloko.”