Baahlodi 11:1-40

  • Moahlodi Jafeta o a lelekwa, ha morao o etswa moetapele (1-11)

  • Jafeta o bua le Baamone (12-28)

  • Kano ya Jafeta le moradi wa hae (29-40)

    • Bophelo ba moradi wa Jafeta ya neng a sa nyalwa (38-40)

11  Jafeta+ wa Mogileade e ne e le monna ya matla. Mme wa hae e ne e le letekatse mme lebitso la ntate wa hae e le Gileade.  Mosadi wa Gileade le yena o ile a mo tswalla bara. Ha bara bao ba se ba hodile, ba ile ba leleka Jafeta mme ba re ho yena: “O ke ke wa fumana lefa dinthong tsa ntate wa rona hobane o mora wa mosadi e mong.”  Ka hoo, Jafeta a baleha bana babo mme a yo dula naheng ya Tobe. Banna ba sa sebetseng ba tsamaya le Jafeta yaba ba mo sala morao.  Ka mora nako, Baamone ba lwantsha Baiseraele.+  Ha Baamone ba lwantsha Baiseraele, hanghang baholo ba Gileade ba lata Jafeta naheng ya Tobe.  Ba re ho Jafeta: “Tloo mme o be molaodi wa rona e le hore re lwantshe Baamone.”  Empa Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Na ha se lona ba neng ba ntlhoile yaba le ntebela ntlong ya Ntate?+ Ke hobaneng ha le tla ho nna hona jwale ha le le mathateng?”  Yaba baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Ke yona ntho e entseng hore re kgutlele ho wena. Haeba o ka tsamaya le rona ho yo lwantsha Baamone, o tla ba moetapele wa baahi bohle ba Gileade.”+  Ka hoo, Jafeta a re ho baholo ba Gileade: “Haeba le re ke kgutle ke tlo lwantsha Baamone mme Jehova a nthusa ho ba hlola, jwale ke tla ba moetapele wa lona.” 10  Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: “Jehova e ke e be paki* haeba re sa etse seo o reng re se etse.” 11  Ka hoo, Jafeta a tsamaya le baholo ba Gileade mme setjhaba sa mo etsa moetapele le molaodi wa sona. Ha Jafeta a le Mizpa, a bolella Jehova seo yena le banna ba Gileade ba dumellaneng ka sona.+ 12  Jwale Jafeta a romela baromuwa ho morena wa Baamone,+ a re: “Ke o entseng? Ke hobaneng ha o tlile naheng ya ka ho tla ntwantsha?” 13  Ka hoo, morena wa Baamone a re ho baromuwa ba Jafeta: “Ke hobane Baiseraele ba ile ba nka naha ya ka ha ba tswa Egepeta.+ Ba e nkile ho tloha Arnone+ ho ya Jaboke le ho ya fihla Jordane.+ Jwale, e kgutlise ka kgotso.” 14  Empa Jafeta a boela a romela baromuwa ho morena wa Baamone 15  hore ba re ho yena: “Jafeta o re, ‘Baiseraele ha ba a nka naha ya Bamoabe+ le naha ya Baamone+ 16  hobane ha Baiseraele ba tswa Egepeta ba ile ba tsamaya lefeelleng ho ya fihla Lewatleng le Lefubedu+ mme ba fihla Kadeshe.+ 17  Yaba Baiseraele ba romela baromuwa ho morena wa Edomo+ ba re: “Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao” empa morena wa Edomo a hana. Ba ile ba boela ba kopa morena wa Moabe+ empa le yena ha a ka a dumela. Ka hoo, Baiseraele ba nna ba dula Kadeshe.+ 18  Ha ba ntse ba tsamaya lefeelleng, ha ba a ka ba kena naheng ya Edomo+ le naheng ya Moabe.+ Ba ne ba tsamaya ka botjhabela ho naha ya Moabe mme ba hloma ditente tsa bona Arnone. Ha ba a ka ba kena Moabe+ hobane Arnone e ne e le moedi wa Moabe. 19  Ka mora moo, Baiseraele ba romela baromuwa ho Sihone morena wa Baamore, ya neng a busa Heshbone mme Baiseraele ba re ho yena: “Re kopa o re dumelle hore re fete naheng ya hao re ye ha habo rona.”+ 20  Empa Sihone o ne a sa tshepe Baiseraele. Ka hoo, ha a ka a ba dumella hore ba fete naheng ya hae. Yaba Sihone o bokella masole a hae ohle, a hloma ditente Jahaze mme a lwantsha Baiseraele.+ 21  Jwale Jehova Modimo wa Iseraele a thusa Baiseraele hore ba hlole Sihone le masole a hae ohle mme ba hapa naha yohle eo Baamore ba neng ba dula ho yona.+ 22  Ka hoo, ba hapa naha yohle ya Baamore ho tloha Arnone ho ya Jaboke le ho tloha lefeelleng ho ya fihla Jordane.+ 23  Jehova Modimo wa Iseraele ke yena ya ileng a leleka Baamore naheng ena, a e fa setjhaba sa hae sa Baiseraele,+ jwale na o batla ho ba leleka? 24  Na ha le nke ntho e nngwe le e nngwe eo modimo wa lona Kemoshe+ a le fang yona? Ka hoo, le rona re tla nka naha le ha e le efe eo Jehova Modimo wa rona a re fang yona.+ 25  Jwale na o molemo ho feta Balake+ mora wa Zipore morena wa Moabe? Na Balake o kile a ngangisana le Baiseraele kapa na o kile a ba lwantsha? 26  Ke hobaneng ha o sa ka wa kgutlisa Baiseraele nakong eo ba neng ba dula Heshbone le metseng e haufi*+ le yona le Aroere le metseng e haufi le yona le metseng yohle e mabopong a Arnone ka dilemo tse 300?+ 27  O etsa phoso ka ho ntwantsha hobane ha ke a o sitelwa. Jehova Moahlodi+ e ke e be yena ya ahlolang kajeno pakeng tsa setjhaba sa Iseraele le setjhaba sa Amone.’” 28  Empa Morena wa Baamone ha a ka a mamela molaetsa oo Jafeta a neng a mo romeletse wona. 29  Jehova a fa Jafeta moya wa hae o halalelang+ mme Jafeta a feta naheng ya Gileade le ya Manase ho ya naheng ya Mizpe e Gileade.+ A tloha Mizpe e Gileade a fihla ho Baamone. 30  Jwale Jafeta a ikana+ ho Jehova, a re: “Haeba o ka nthusa hore ke hlole Baamone, 31  mang kapa mang ya tla tswa monyako wa ntlo ya ka ho tla nkgahlanyetsa ha ke kgutla ke hlotse Baamone, e tla ba wa hao Jehova+ mme ke tla o fa yena e le nyehelo ya setjheso.”+ 32  Ka hoo, Jafeta a ya ho ya lwantsha Baamone mme Jehova a mo thusa hore a ba hlole. 33  O ile a ba bolaya ka bongata metseng e 20 kaofela, ho tloha Aroere ho ya fihla Minithe le ho ya fihla Abele-keramime. Ka hoo, Baamone ba ile ba hlolwa ke Baiseraele. 34  Jwale Jafeta a kgutlela ha hae Mizpa+ mme moradi wa hae a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, a letsa moropa o monyenyane a bile a tantsha. E ne e le yena feela ngwana wa hae. Ntle ho yena o ne a se na mora kapa moradi. 35  Eitse ha a mo bona, a tabola diaparo tsa hae mme a re: “Jo! moradi wa ka! O nkutlwisitse bohloko* hobane ke tlo fana ka wena. Ke entse kano ho Jehova mme nke ke ka kgona ho e fetohela.”+ 36  Empa a re ho yena: “Ntate, haeba o entse kano ho Jehova, etsa seo o mo tshepisitseng sona+ hobane Jehova o o thusitse hore o hlole dira tsa hao e leng Baamone.” 37  A tswela pele ho re ho yena: “Ke kopa ntho e le nngwe feela: Ntumelle hore ke yo qeta dikgwedi tse pedi ke le dithabeng le metswalle ya ka ya banana mme ke llele borwetsana ba ka.”* 38  Yaba ntate wa hae o re: “O ka tsamaya.” Jwale a mo dumella hore a tsamaye ka dikgwedi tse pedi mme a ya dithabeng le metswalle ya hae ho ya llela borwetsana ba hae. 39  Ha dikgwedi tse pedi di fela, o ile a kgutlela ho ntate wa hae. Ka mora moo, ntate wa hae a phethahatsa kano eo a neng a e entse ka yena.+ Ha ho mohla a kileng a etsa thobalano le monna. Jwale ho ile ha eba le tlwaelo* Iseraele, 40  ya hore selemo le selemo banana ba Iseraele ba tjhakele moradi wa Jafeta Mogileade, matsatsi a mane ka selemo ho ya mo kgothatsa.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “ya utlwang.”
Kapa: “e e potolohileng.”
Ka Seheberu: “O nkokobeditse.”
Kapa: “ke yo lla le metswalle ya ka hobane le ka mohla nke ke ka nyalwa.”
Kapa: “molao.”
Kapa: “babatsa.”