Baahlodi 12:1-15

  • Bagileade ba qabana le Baefraime (1-7)

    • Teko ya Shibolethe (6)

  • Baahlodi Ibzane, Elone le Abdone (8-15)

12  Banna ba Efraime ba bitswa mme ba tshelela Zafone* yaba ba re ho Jafeta: “Ke hobaneng ha o sa ka wa re bitsa ha o ne o yo lwantsha Baamone?+ Re tla o tjheseletsa le ntlo ya hao.”  Empa Jafeta a re ho bona: “Nna le setjhaba sa ka re ile ra lwana ntwa e tshabehang le Baamone. Ke ile ka kopa hore le nthuse empa ha le a ka la mpholosa.  Ha ke bona hore le ke ke la mpholosa, ke ile ka etsa qeto ya ho beha bophelo ba ka kotsing ka hore ke yo lwantsha Baamone+ mme Jehova a nthusa hore ke ba hlole. Jwale ke hobaneng ha le tlile kajeno ho tla ntwantsha?”  Yaba Jafeta o bokella banna bohle ba Gileade+ mme ba lwantsha Baefraime. Banna ba Gileade ba hlola Baefraime, ba ileng ba re: “Le hoja lona Bagileade le dula naheng ya Efraime le ya Manase, le mpa le le batho ba balehileng naheng ya Efraime.”  Bagileade ba ile ba hapa madiboho a Jordane+ a ka pela Baefraime mme ha monna wa Moefraime a ne a leka bo baleha o ne a re: “Ke kopa ho tshela,” ebe banna ba Gileade ba a mo botsa ba re: “Na o Moefraime?” Haeba a ne a re: “Tjhe,”  ba ne ba re ho yena: “Re kopa o re Shibolethe.” Empa o ne a re: “Sibolethe” hobane o ne a sa kgone ho bitsa lentswe leo hantle. Jwale ba ne ba mo tshwara mme ba mo bolaela madibohong a Jordane. Ka hoo, Baefraime ba 42 000 ba ile ba bolawa ka nako eo.  Jafeta ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse tsheletseng. Ka mora moo, Jafeta Mogileade a shwa mme a patelwa motseng wa habo wa Gileade.  Ka mora hae, Ibzane ya tswang Bethlehema ya eba moahlodi wa Iseraele.+  O ne a ena le bara ba 30 le baradi ba 30. O ile a tsamaisa baradi ba hae hore ba nyalwe ke banna ba tswang lelokong le leng mme o ile a tlisa basadi ba 30 hore ba tlo nyalwa ke bara ba hae. E ile ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse supileng. 10  Yaba Ibzane o a shwa mme o patelwa Bethlehema. 11  Ka mora hae, Elone wa Mozabulone ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse leshome. 12  Jwale Elone wa Mozabulone a shwa mme a patelwa Ajalone naheng ya Zabulone. 13  Ka mora hae, Abdone mora wa Hilele wa Mopirathone ya eba moahlodi wa Iseraele. 14  O ne a ena le bara ba 40 le ditloholo tsa bashanyana tse 30 mme e mong le e mong wa bara ba hae le ditloholo tsa hae o ne a ena le tonki ya hae. E ile ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse robedi. 15  Jwale Abdone mora wa Hilele wa Mopirathone a shwa mme a patelwa Pirathone naheng ya Efraime, thabeng ya Moamaleke.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa mohlomong: “ba tshelela ka leboya.”