Baahlodi 13:1-25

  • Lengeloi le tjhakela Manowa le mosadi wa hae (1-23)

  • Samsone o a tswalwa (24, 25)

13  Baiseraele ba boela ba sitelwa Jehova+ mme Jehova a ba tlohela hore ba buswe ke Bafilista+ ka dilemo tse 40.  Ho ne ho ena le monna e mong wa Zora,+ ya tswang lelapeng la Badane,+ lebitso la hae e ne e le Manowa.+ Mosadi wa hae o ne a sa kgone ho ba le bana.+  Ka mora nako, lengeloi la Jehova la hlaha ho mosadi wa Manowa mme la re ho yena: “Le hoja o sa kgone ho ba le bana, o tla ima mme o tswale mora.+  Ka hoo, o etse bonnete ba hore ha o nwe veine kapa ntho le ha e le efe e tahang.+ O se ke wa ja ntho le ha e le efe e sa hlwekang.+  O tla ima mme o be le mora, a se ke a kuta moriri+ wa hae hobane ngwana eo e tla ba Monazari wa Modimo ho tloha ha a hlaha mme e tla ba yena ya etellang pele ho pholosa Baiseraele ho ba Bafilista.”+  Jwale mosadi eo a tsamaya mme a re ho monna wa hae: “Mohlanka wa Modimo wa nnete o ile a tla ho nna a le jwalo ka lengeloi la Modimo wa nnete le kganyang. Ha ke a ka ka mo botsa hore na o tswa hokae le yena ha a ka a mpolella lebitso la hae.+  Empa o ile a re ho nna, ‘O tla ima mme o tswale mora. Ka hoo, o etse bonnete ba hore ha o nwe veine kapa ntho le ha e le efe e tahang hape o se ke wa ja ntho le ha e le efe e sa hlwekang hobane ngwana eo e tla ba Monazari wa Modimo ho tloha ha a hlaha ho fihlela a shwa.’”  Yaba Manowa o kopa Jehova o re: “Ka kopo Jehova, ere mohlanka wa Modimo wa nnete eo o neng o mo rometse a kgutle mme a re bolelle hore na re etseng ka ngwana ya tlo hlaha.”  Ka hoo, Modimo wa nnete a etsa seo Manowa a se kopileng mme lengeloi la Modimo wa nnete la tla ho mosadi wa Manowa ha a ntse a dutse masimong. Monna wa hae o ne a le siyo moo. 10  Mosadi eo a mathela ho monna wa hae ka potlako mme a re ho yena: “Monna ya ileng a tla ho nna letsatsing lane o tlile hape.”+ 11  Yaba Manowa o tsamaya le mosadi wa hae. Ha a fihla ho monna eo a re ho yena: “Na ke wena ya buileng le mosadi wa ka?” Monna eo a re ho yena: “E, ke nna.” 12  Yaba Manowa o re: “Mantswe ao o a buileng a ke a phethahale. Ngwana eo o tla phela jwang hona mosebetsi wa hae e tla ba ofe?”+ 13  Ka hoo, lengeloi la Jehova la re ho Manowa: “Mosadi wa hao a qobe ntho e nngwe le e nngwe eo ke itseng a e qobe.+ 14  A se ke a ja ntho le ha e le efe e entsweng ka morara, a se ke a nwa veine kapa ntho le ha e le efe e tahang+ hape a se ke a ja ntho le ha e le efe e sa hlwekang.+ A ke a latele ditaelo tsohle tseo ke mo laetseng tsona.” 15  Manowa a re ho lengeloi la Jehova: “Re kopa o se ke wa tsamaya e le hore re o hlabele potsanyane.”+ 16  Empa lengeloi la Jehova la re ho Manowa: “Haeba ke sa tsamaye, nke ke ka ja dijo tsa hao empa haeba o batla ho etsetsa Jehova nyehelo ya setjheso, o ka e etsa.” Manowa o ne a sa tsebe hore monna eo ke lengeloi la Jehova. 17  Yaba Manowa o re ho lengeloi la Jehova: “Lebitso la hao o mang+ e le hore re tle re o rorise ha mantswe ao o a buileng a phethahala?” 18  Le ha ho le jwalo, lengeloi la Jehova la re ho yena: “O se ke wa mpotsa lebitso hobane le a tsoteha.” 19  Jwale Manowa a nka potsanyane le nyehelo ya dijo* mme a etsetsa Jehova nyehelo ka tsona hodima lefika. Ha Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba shebile, Modimo o ile a etsa ntho e hlollang. 20  Ha lelakabe la mollo le ntse le nyoloha ho tswa aletareng ho ya lehodimong, lengeloi la Jehova la nyoloha le le ka hara lelakabe le tswang aletareng ha Manowa le mosadi wa hae ba ntse ba shebeletse. Hanghang ba kgumama.* 21  Lengeloi la Jehova ha le a ka la hlola le hlaha hape ho Manowa le mosadi wa hae. Jwale Manowa a hlokomela hore e ne e le lengeloi la Jehova.+ 22  Yaba Manowa o re ho mosadi wa hae: “Re tlo shwa hobane re bone Modimo.”+ 23  Empa mosadi wa hae a re ho yena: “Haeba Jehova a ne a batla ho re bolaya, a ka be a sa amohela nyehelo ya setjheso+ le ya dijo tse tswang ho rona ebile a ka be a sa re bontsha dintho tsena tsohle le ho re bolella tsona.” 24  Ha morao mosadi wa Manowa a tswala mora mme a mo reha Samsone.+ Ha moshanyana eo a ntse a hola, Jehova a nna a mo hlohonolofatsa. 25  Ka mora nako, moya wa Jehova wa qala ho sebetsa+ ho Samsone ha a le Mahane-dane+ e pakeng tsa Zora le Eshtaole.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.
Ba thetsitse fatshe ka dihlooho.