Baahlodi 14:1-20

  • Moahlodi Samsone o batla mosadi wa Mofilista (1-4)

  • Samsone o bolaya tau ka thuso ya moya o halalelang wa Jehova (5-9)

  • Samsone o etsa selotho lenyalong (10-19)

  • Mosadi wa Samsone o fuwa monna e mong (20)

14  Jwale Samsone a ya Timna mme ha a le moo a bona mosadi wa Mofilista.  Yaba o ya ho batswadi ba hae o re: “Ke kgahlilwe ke mosadi wa Mofilista motseng wa Timna, ntateleng yena hore e tlo ba mosadi wa ka.”  Empa batswadi ba hae ba re ho yena: “Na o ke ke wa fumana mosadi lelokong la heno kapa setjhabeng sa habo rona?+ Ke hobaneng ha o nyala mosadi ho Bafilista ba sa bollang?” Empa Samsone a re ho ntate wa hae: “Ntatele yena hobane ke yena ya ntoketseng.”  Batswadi ba hae ba ne ba sa hlokomele hore qeto ya hae e susumetswa ke Jehova hobane o* ne a batla monyetla wa ho lwantsha Bafilista ka ha e ne e le bona ba neng ba busa Iseraele ka nako eo.+  Yaba Samsone o ya Timna le batswadi ba hae. Ha a fihla dirapeng tsa morara tsa Timna, tau* ya tla e puruma ho yena.  Yaba moya o halalelang wa Jehova o mo fa matla.+ A e arola dikoto tse pedi feela jwalo ka ha motho a ka arola potsanyane dikoto tse pedi ka matsoho a hae. Empa ha a ka a bolella batswadi ba hae seo a se entseng.  Yaba Samsone o theohela Timna mme o bua le mosadi eo hobane e ne e ntse e le yena ya mo loketseng.+  Ka mora nako ha a kgutlela ho yena ho ya mo nyala,+ o ile a kgeloha tsela ho ya sheba setopo sa tau mme a fumana se ena le dinotshi tse ngata le mahe a dinotshi.  Ka hoo, a horula mahe ao a dinotshi ka matsoho mme a tsamaya a ntse a a ja. Ha a kopana le batswadi ba hae, a ba fa mahe a mang a dinotshi hore ba a je. Empa a se ke a ba bolella hore o nkile mahe ao a dinotshi setopong sa tau. 10  Ntate wa hae a ya ho mosadi eo mme Samsone a etsa mokete moo hobane bahlankana ba ne ba tlwaetse ho etsa jwalo. 11  Ha ba mo bona, ba tlisa bahlankana ba 30 ba baetsana hore ba tsamaye le yena. 12  Yaba Samsone o re ho bona: “Ereng ke le bolelle selotho. Haeba le ka se rarolla nakong ya matsatsi a supileng a mokete mme la mpha karabo, ke tla le fa diaparo tsa line tse 30 le diaparo tse ding tse ntle tse 30. 13  Empa haeba le sa kgone ho mpha karabo, le tla mpha diaparo tsa line tse 30 le diaparo tse ding tse ntle tse 30.” Yaba ba re ho yena: “Re bolelle selotho sa hao, re batla ho se utlwa.” 14  Yaba o re ho bona:“Ho se jang ho tswile se jewang,Ho se matla ho tswile se monate.”+ Ho ile ha feta matsatsi a mararo ba sa kgone ho rarolla selotho seo. 15  Ka letsatsi la bone, ba re ho mosadi wa Samsone: “Qhekella monna wa hao+ e le hore a re bolelle karabo ya selotho. Ho seng jwalo re tla o tjhesa re be re tjhese le ntlo ya ntate wa hao. Na le re memetse moo e le hore le tlo nka dintho tsa rona?” 16  Ka hoo, mosadi wa Samsone a mo llela mme a re ho yena: “E tlameha ebe o ntlhoile, ha o nthate.+ O boleletse batho ba heso selotho empa ha o a mpolella karabo ya sona.” Samsone a re ho yena: “Ke hobaneng ha ke lokela ho o bolella sona empa ke sa se bolella esita le batswadi ba ka?” 17  Empa a nna a mo llela ka matsatsi ohle a supileng a mokete. Ka letsatsi la bosupa a qetella a mo boleletse hobane o ne a mo emeletse. Yaba mosadi eo o bolella batho ba habo karabo ya selotho seo.+ 18  Ka hoo, ka letsatsi la bosupa pele letsatsi le dikela,* banna ba motse ba re ho yena: “Ke eng e monate ho feta mahe a dinotshi?Ke eng e matla ho feta tau?”+ Samsone a ba araba a re: “Haeba le ne le sa lema ka kgomo ya ka e nyenyane,+Le ka be le sa kgona ho rarolla selotho sa ka.” 19  Yaba moya o halalelang wa Jehova o mo fa matla.+ Ka hoo, a ya Ashkelone+ mme a bolaya banna 30 ba moo, a ba nkela diaparo mme a di fa batho ba neng ba arabile selotho.+ Samsone o ne a halefile haholo ha a kgutlela ntlong ya ntate wa hae. 20  Yaba mosadi wa Samsone+ o fuwa e mong wa banna ba neng ba tsamaya le Samsone e le baetsana ba hae.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

“O” e ka nna yaba e emela Modimo.
Kapa: “tawana.”
Kapa mohlomong: “pele a ka ya kamoreng e ka hare.”