Baahlodi 15:1-20

  • Samsone o iphetetsa ho Bafilista (1-20)

15  Ka mora nako, nakong ya ha ho kotulwa koro, Samsone a tjhakela mosadi wa hae a nkile potsanyane. A re: “Ekare nka ya ho mosadi wa ka ka kamoreng ya ho robala.”* Empa ntate wa mosadi wa hae ha a ka a mo dumella.  Ntate wa mosadi wa hae a re: “Ke ile ka ipolella hore, ‘E tlameha ebe o mo hloile.’+ Ka hoo, ke ile ka mo fa e mong wa bahlankana bao e neng e le baetsana ba hao.+ Na ngwanabo ha a motle ho mo feta? Ke kopa o nke yena.”  Le ha ho le jwalo, Samsone a re ho yena: “Lekgetlong lena Bafilista ba ke ke ba mpeha molato ka ho ba lematsa.”  Ka hoo, Samsone a tsamaya mme a tshwasa diphokojwe tse 300. A nka mabone,* a nka le diphokojwe ka bobedi a faseletsa mohatla wa e nngwe mohatleng wa e nngwe mme a kenya lebone pakeng tsa mehatla eo.  Yaba o hotetsa mabone mme o romela diphokojwe masimong a Bafilista a sa kotulwang. A tjhesa ntho e nngwe le e nngwe ho tloha dijong tse bokeletsweng ho ya dijong tse sa kotulwang ha mmoho le dirapa tsa morara le meru ya mohlwaare.  Bafilista ba botsa ba re: “Ke mang ya entseng tjee?” Yaba ho thwe ho bona: “Ke Samsone mokgwenyana wa monna wa Motimna hobane o ile a fana ka moradi wa hae e leng mosadi wa Samsone ho moetsana wa Samsone.”+ Ka hoo, Bafilista ba ya ho ya tjhesa mosadi wa Samsone le ntate wa hae.+  Yaba Samsone o re ho bona: “Haeba ena ke tsela eo le etsang dintho ka yona, nke ke ka le tlohela ho fihlela ke ipheteditse.”+  Yaba o bolaya batho ba bangata. Ka mora moo, a theohela lehaheng le lefikeng la Etame a dula teng.  Ha morao Bafilista ba tla mme ba hloma ditente Juda mme ba nna ba potoloha motse wa Lehi.+ 10  Yaba banna ba Juda ba re: “Ke hobaneng ha le re hlasela?” Bafilista ba araba ba re: “Re tlo tshwara* Samsone, ho mo etsa feela jwalo ka ha a re entse.” 11  Ka hoo, banna ba 3 000 ba Juda ba ya lehaheng le lefikeng la Etame mme ba re ho Samsone: “Na ha o tsebe hore Bafilista ba a re busa?+ Jwale ke hobaneng ha o re entse tjee?” Yaba o re bo bona: “Ke ba entse feela jwalo ka ha ba nkentse.” 12  Empa ba re ho yena: “Re tlile mona ho tla o tshwara* le ho fana ka wena ho Bafilista.” Yaba Samsone o re ho bona: “Ntshepiseng hore le ke ke la nntsha kotsi.” 13  Yaba ba re ho yena: “Re ke ke ra o bolaya, re tla o tlama feela mme re fane ka wena ho Bafilista.” Ka hoo, ba mo tlama ka diropo tse pedi tse ntjha mme ba nyoloha le yena ho tloha lefikeng. 14  Ha a fihla Lehi, Bafilista ba hweletsa ka thabo ha ba mo bona. Yaba moya o halalelang wa Jehova o mo fa matla.+ Diropo tseo ba mo tlammeng matsoho ka tsona tsa ba jwalo ka dikgwele tsa line tse tjhesitsweng yaba di a fasoloha.+ 15  A fumana lesapo la mohlahare wa tonki e tona e sa tswa shwa, a le nka mme a bolaya banna ba 1 000 ka lona.+ 16  Jwale Samsone a re: “Ke bolaile dira ka lesapo la mohlahare wa tonki mme ka di bokella ka etsa di qubu. Ke bolaile banna ba 1 000 ka lesapo la mohlahare wa tonki.”+ 17  Ha a qetile ho bua, a lahla lesapo leo la mohlahare mme a bitsa sebaka seo Ramathe-lehi.*+ 18  Jwale a nyorwa haholo, yaba o re ho Jehova: “Ke wena ya thusitseng mohlanka wa hao hore a hlole. Empa na o tla ntumella hore ke shwe ke lenyora mme ke wele matsohong a banna ba sa bollang?” 19  Jwale Modimo a bula mokoti o neng o le Lehi mme metsi a tswa ho wona.+ Ha a nwa metsi, a boela a ba le matla. Ke ka lebaka leo a ileng a bitsa sebaka seo Ene-hakore* mme se ntse se le Lehi le kajeno. 20  E ile ya eba moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse 20 nakong ya ha ho ne ho busa Bafilista.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “kamoreng e ka hare.”
Kapa: “dirumula.”
Kapa: “tlama.”
Kapa: “tlama.”
E bolelang “Sebaka se Phahameng sa Lesapo la Mohlahare.”
E bolelang “Mohlodi wa ya Bitsang.”