Baahlodi 16:1-31

  • Samsone o Gaza (1-3)

  • Samsone le Delila (4-22)

  • Samsone o a iphetetsa mme o a shwa (23-31)

16  Ka nako e nngwe, Samsone a ya Gaza yaba o bona mosadi wa letekatse moo mme a ya ntlong ya hae.  Bagaza ba fumana tlaleho ya hore Samsone o teng. Ba potapota motse oo a neng a le ho wona mme ba mo lalla bosiu kaofela keiting ya motse. Ba thola bosiu kaofela mme ba ipolella ba re: “Hang ha e eba hoseng, re tla mo bolaya.”  Samsone a robala ho fihlela hara mpa ya bosiu yaba o a tsoha mme o ntsha mamati a keiti ya motse le dipalo tse pedi tse e tsheheditseng. A di jara mme a nyolohela hodima thaba e shebaneng le Hebrone.  Ka mora moo, a kgahlwa ke mosadi e mong Kgohlong* ya Soreke mme lebitso la mosadi eo e ne e le Delila.+  Marena a Bafilista a tla ho yena mme a re: “Mo qhekelle*+ e le hore a o bolelle hore na o fumana matla a hae a maholo hokae le hore na re ka mo tlama jwang mme ra mo hlola. Ha o ka re etsetsa sena, e mong le e mong wa rona o tla o fa dikotwana tsa silevera* tse 1 100.”  Ha morao Delila a re ho Samsone: “Ke kopa o mpolelle hore na matla a hao a maholo a tswa hokae le hore na o ka tlangwa ka eng e le hore o hlolwe.”  Samsone a re ho yena: “Haeba ba ka ntlama ka dithapo tse supileng tse ntjha tse eso omiswe, ke tla fokollwa ke matla mme ke be jwalo ka banna ba bang.”  Ka hoo, marena a Bafilista a tlisetsa mosadi eo dithapo* tseo tse supileng mme a tlama Samsone ka tsona.  Yaba ba lalla Samsone ka kamoreng e ka hare. Mosadi eo a mo hweletsa a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Yaba o kgaola dithapo tseo ha bonolo feela jwalo ka kgwele ya folakse* ha e utlwa mollo.+ Ha ho motho ya ileng a tseba hore na matla a hae a tswa hokae. 10  Ka mora moo, Delila a re ho Samsone: “O bapetse ka nna mme o mpolelletse leshano. Jwale ke kopa o mpolelle hore na o ka tlangwa ka eng.” 11  Yaba o re ho yena: “Haeba ba ntlama ka dithapo tse ntjha tse eso sebetse, ke tla fellwa ke matla ke be jwalo ka monna e mong le e mong.” 12  Delila a nka dithapo tse ntjha a mo tlama ka tsona yaba o a mo hweletsa o re: “Samsone, Bafilista ke bao!” (Ka nako eo ba ne ba ntse ba mo lalletse ka kamoreng e ka hare.) Yaba o kgaola dithapo tseo jwalo ka dikgwele matsohong a hae.+ 13  Ka mora moo, Delila a re ho Samsone: “Le hona jwale o ntse o bapala ka nna mme o mpolella leshano.+ Mpolelle hore na o ka tlangwa ka eng.” Jwale Samsone a re ho yena: “Ke ha o ka loha moriri wa ka dithapo tse supileng ka kgwele e lohang.” 14  Ka hoo, a di tiisa ka phini mme a hweletsa Samsone a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” Ka hoo, a tsoha mme a ntsha phini eo le kgwele e rokang. 15  Delila a re ho yena: “Ke hobaneng ha o re o a nthata+ empa o sa ntshepe?* O bapetse ka nna ka makgetlo ana a mararo mme ha o eso mpolelle hore na matla ana a hao a maholo a tswa hokae.”+ 16  Ka ha o ne a mo phehella le ho mo tshwenya letsatsi le letsatsi, o ile a fela pelo.+ 17  Qetellong Samsone a bolella Delila se ka pelong ya hae a re: “Ho hang ha ke eso kute moriri wa ka* hobane ke hlahile* ke le Monazari wa Modimo.+ Ha nka kuta, matla a ka a tla fela mme ke tla fokola ke be jwalo ka banna ba bang kaofela.” 18  Ha Delila a bona hore o mo boleletse sohle se ka pelong ya hae, ka potlako a bitsa marena a Bafilista+ a re: “Tloong hobane lekgetlong lena o mpoleletse se ka pelong ya hae.” Ka hoo, marena a Bafilista a tla ho Delila a tshwere tjhelete. 19  Delila a robatsa Samsone mangoleng a hae. Yaba o bitsa monna e mong hore a tlo mo kuta dithapo tse supileng tse hloohong. Ka mora moo, a kgona ho mo laola hobane matla a hae a ne a fedile. 20  Delila a mo hweletsa a re: “Samsone, Bafilista ke bao!” A tsoha mme a re: “Ke tla tswa mme ke phonyohe jwalo ka makgetlo a mang.”+ Empa o ne a sa tsebe hore Jehova o mo tlohetse. 21  Ka hoo, Bafilista ba mo tshwara mme ba mo ntsha mahlo. Yaba ba mo theolela Gaza ba mo tlama ka diketane tse pedi tsa koporo. Ya eba yena motho ya silang koro* teronkong. 22  Empa moriri wa hae o ile wa qala ho hola hape ka mora hore a kutwe.+ 23  Marena a Bafilista a bokana ha mmoho ho keteka le ho etsetsa modimo wa ona Dagone+ sehlabelo se seholo ka ha a ne a re: “Modimo wa rona o re thusitse ho hlola sera sa rona e leng Samsone.” 24  Ha batho ba mo bona, ba rorisa modimo wa bona mme ba re: “Modimo wa rona o re thusitse ho hlola sera sa rona, se hlorisitseng naha ya rona+ le ho bolaya ba bangata ba rona.”+ 25  Ba ne ba thabile hoo ba ileng ba re: “Tlisang Samsone hore a tlo re qabola.” Ka hoo, ba ntsha Samsone teronkong e le hore a tlo ba thabisa yaba ba mo emisa pakeng tsa dipilara. 26  Jwale Samsone a re ho moshanyana ya neng a mo tshwere ka letsoho: “Ere ke tshware dipilara tse tsheheditseng ntlo e le hore nka itshetleha ka tsona.” 27  (Ntlo eo e ne e tletse banna le basadi. Marena ohle a Bafilista a ne a le moo mme marulelong ho ne ho ena le banna le basadi ba 3 000 ba shebeletseng ha Samsone a ntse a qabola batho.) 28  Jwale Samsone+ a hweletsa ho Jehova a re: “Jehova Mmusi wa Dintho Tsohle, ke kopa o nkgopole mme o mmatlafatse.+ Modimo wa ka, ke kopa o nthuse lekgetlong lena feela hore ke iphetetse ho Bafilista bonyane bakeng sa leihlo le le leng ho a mabedi ao ba a ntshitseng.”+ 29  Yaba Samsone o itshwarella ka dipilara tse pedi tse mahareng tse neng di tsheheditse ntlo, jwale a itshetleha ka tsona a tshwere e nngwe ka letsoho le letona mme e nngwe ka letsoho le letshehadi. 30  Samsone a hweletsa a re: “Ere ke shwe le Bafilista!” Yaba o sutumetsa dipilara tseo ka matla a hae kaofela mme ntlo ya wela hodima marena le batho bohle ba neng ba le ka hara yona.+ Ka hoo, o ile a bolaya batho ba bangata ho feta bao a ba bolaileng ha a ntse a phela.+ 31  Ha morao lelapa lohle la ntate wa hae le bana babo, ba lata setopo sa hae. Ba mo tlisa mme ba mo patela pakeng tsa Zora+ le Eshtaole, ka lebitleng la ntate wa hae Manowa.+ Samsone e bile moahlodi wa Iseraele ka dilemo tse 20.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “latelle.”
Ka Seheberu: “dishekele.” Shekele e lekana le dikramo tse 11,4. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “mesifa ya phoofolo.”
Mofuta wa semela o neng o lengwa mehleng ya kgale mme ho etswa masela a line ka sona.
Ka Seheberu: “empa pelo ya hao e se ho nna?”
Ka Seheberu: “ke tswa popelong ya mme wa ka.”
Ka Seheberu: “Lehare ha le eso fete hloohong ya ka.”
Ka Seheberu: “dijothollo.” Sheba Tlhaloso.