Baahlodi 18:1-31

  • Badane ba batla naha eo ba ka dulang ho yona (1-31)

    • Ba nka ditshwantsho tsa Mikea tse rapelwang le moprista wa hae (14-20)

    • Motse wa Laishe o a haptjwa mme o rehwa Dane (27-29)

    • Borapedi ba ditshwantsho Dane (30, 31)

18  Mehleng eo ho ne ho se na morena Iseraele.+ Leloko la Badane+ le ne le batla naha eo le ka dulang ho yona hobane le ne le eso fumane lefa la lona hara meloko ya Baiseraele.+  Badane ba romella banna ba bahlano ba tswang lelokong la bona ho ya hlwela naha le ho e hlahloba. E ne e le banna ba matla ba tswang Zora le Eshtaole.+ Ba re ho bona: “Tsamayang le yo hlahloba naha.” Ha ba fihla sebakeng se dithaba sa Efraime ntlong ya Mikea,+ ba robala moo.  Ha ba le haufi le ntlo ya Mikea, ba utlwa lentswe la mohlankana wa Molevi yaba ba ya ho yena ba re: “Ke mang ya o tlisitseng moo? O etsang moo? Ke hobaneng ha o dula moo?”  A ba bolella seo Mikea a mo etseditseng sona a re: “O ile a nkhira hore ke be moprista wa hae.”+  Yaba ba re ho yena: “Re kopa o botse Modimo hore na leeto la rona le tla atleha.”  Moprista a re ho bona: “Tsamayang ka kgotso. Jehova o na le lona leetong la lona.”  Ka hoo, banna bao ba bahlano ba tsamaya mme ba fihla Laishe.+ Ba ile ba bona hore batho ba moo ha ba a itshetleha ka batho ba bang feela jwalo ka ha Basidone ba sa itshetleha ka batho ba bang. E ne e le batho ba phelang ka kgotso ba sa tshoheng hore ba tla hlaselwa.+ Ho ne ho se na motho ya ba hlaselang ya batlang ho nka naha ya bona. Ba ne ba le hole haholo le Basidone mme ba ne ba sa sebedisane le batho ba bang.  Ha banna bao ba bahlano ba kgutlela ho bana ba bo bona ba Zora le Eshtaole,+ bana ba bo bona ba re ho bona: “Le tsamaile jwang?”  Ba re ho bona: “A re ba hlaseleng hobane re bone hore naha ya bona e ntle haholo. Le sa emetseng? Ha re yeng re yo nka naha eo. 10  Ha re fihla moo, le tla bona hore batho ba moo ha ba tshohe hore ba tla hlaselwa+ ebile naha e kgolo. Ke naha e nang le ntho e nngwe le e nngwe mme Modimo o tla re fa yona.”+ 11  Jwale banna ba 600 ba leloko la Badane, ba tloha Zora le Eshtaole+ ba itokiseditse ntwa. 12  Ba nyoloha mme ba hloma ditente tsa bona Kiriathe-jearime+ e Juda. Ke ka lebaka leo sebaka seo se ka bophirimela ho Kiriathe-jearime se bitswang Mahane-dane*+ ho fihlela letsatsing lena. 13  Ba tloha moo sebakeng se dithaba sa Efraime mme ba ya ntlong ya Mikea.+ 14  Banna ba bahlano ba ileng ba hlwela naha ya Laishe+ ba re ho bana ba bo bona: “Na le ne le tseba hore ka hara matlo aa ho na le efoda, ditshwantsho tsa terafime,* setshwantsho le seemahale sa tshepe?*+ Nahanang hore na re etseng.” 15  Ba fihla ntlong ya Mikea moo mohlankana wa Molevi+ a neng a dula teng mme ba botsa mohlankana eo hore na o ntse a eya jwang. 16  Nako ena kaofela banna ba 600 ba leloko la Dane+ ba neng ba itokiseditse ntwa, ba ne ba eme keiting. 17  Jwale banna ba bahlano ba ileng ba hlwela naha+ ba ile ba kena e le hore ba nke setshwantsho se rapelwang, efoda,+ ditshwantsho tsa terafime*+ le seemahale sa tshepe.*+ (Moprista+ o ne a eme keiting le banna ba 600 ba neng ba itokiseditse ntwa.) 18  Ba ile ba kena ka tlung ya Mikea mme ba nka setshwantsho se rapelwang, efoda, ditshwantsho tsa terafime* le seemahale sa tshepe.* Yaba Moprista o re ho bona: “Le etsang?” 19  Empa ba re ho yena: “Thola! Beha letsoho la hao molomong mme o tsamaye le rona e le hore o be moeletsi* wa rona le moprista wa rona. Ha e le ho ba moprista ntlong ya monna a le mong+ e le ho ba moprista wa leloko le wa lelapa lohle Iseraele, ho molemo ke hofe?”+ 20  Ka hoo, moprista a thabela seo yaba o nka efoda, ditshwantsho tsa terafime* le setshwantsho se rapelwang+ mme a tsamaya le batho bao. 21  Jwale ba tsamaya, ba tsamaisa bana, mehlape ya bona le dintho tsa bona tsa bohlokwa ka pele ho bona. 22  Ha ba le holenyana le ntlo ya Mikea, banna ba dulang pela ntlo ya Mikea ba neng ba ikopantse ba lelekisa Badane mme ba ba fumana. 23  Ha banna bao ba hweletsa Badane, Badane ba ba hetla yaba ba re ho Mikea: “Bothata ba hao ke bofe? Ke hobaneng ha le tla le le sehlopha?” 24  Yaba o re: “Le nkile medimo ya ka eo ke e entseng ebile le tsamaile le moprista. Ke salletswe keng? Jwale ke hobaneng ha le mpotsa le re, ‘Bothata ba hao ke bofe?’” 25  Badane ba re ho yena: “O se ke wa hweletsa ha o bua le rona, ho seng jwalo banna ba halefileng ba ka o otla mme ba bolaya wena le ba lelapa la hao.” 26  Ka hoo, Badane ba tsamaya mme ha Mikea a bona hore ba matla ho mo feta, a kgutlela ntlong ya hae. 27  Ka mora hore ba nke moprista wa Mikea le dintho tsohle tseo Mikea a neng a di entse, ba ya Laishe+ ho batho ba phelang ka kgotso ba sa tshoheng hore ba tla hlaselwa.+ Ba ba bolaya ka sabole mme ba tjhesa motse oo. 28  Ho ne ho se na motho ya ka ba pholosang hobane ba ne ba le hole le Sidone mme ba ne ba sa sebedisane le batho ba bang. Hape Laishe e ne e le ka hara kgohlo* ya Bethe-rehobe.+ Yaba Badane ba haha motse oo botjha mme ba dula ho wona. 29  Ho feta moo, ba rehella motse oo ka ntate wa bona Dane+ ya neng a tswaletswe Iseraele.+ Empa motse oo pele o ne o bitswa Laishe.+ 30  Ka mora moo, Badane ba iketsetsa setshwantsho se rapelwang.+ Setloholo sa Moshe e leng Jonathane+ mora wa Gershome,+ ya eba moprista wa leloko la Badane ha mmoho le bara ba hae ho fihlela letsatsing leo ka lona baahi ba naha eo ba ileng ba ya botlamuweng. 31  Yaba ba beha setshwantsho seo Mikea a se entseng e le hore ba se rapele, se ile sa dula moo matsatsi ohle ha ntlo ya Modimo wa nnete e ntse e le Shilo.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

E bolelang “Ditente Tsa Dane.”
Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”
Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”
Kapa: “seemahale se entsweng ka ho qhibidihiswa.”
Kapa: “ntate.”
Kapa: “medimo ya ditshwantsho ya ka tlung.”
Kapa: “phula.”