Baahlodi 19:1-30

  • Babenjamine ba molato wa ho beta ha ba le Gibea (1-30)

19  Mehleng eo, ha ho ne ho se na morena Iseraele,+ Molevi ya neng a dula sebakeng se ka thoko se dithaba sa Efraime,+ a nka mosadi* Bethlehema+ e Juda hore e be mosadi wa hae.  Empa mosadi eo o ne a sa mo tshepahalle, o ile a mo siya a ya ntlong ya ntate wa hae Bethlehema e Juda. A dula moo dikgwedi tse nne.  Jwale monna wa hae a mo sala morao mme a mo phehella hore a kgutle, monna eo o ne a tsamaya le mohlanka wa hae le ditonki tse mmalwa. Yaba mosadi eo o re a kene ka tlung ya ntate wa hae. Ha ntate wa hae a mo bona, o ile a thaba.  Ka hoo, ntate wa mosadi wa hae a mo kopa hore a dule le yena matsatsi a mararo. O ne a robala moo mme ba ne ba ja ebile ba nwa.  Ka letsatsi la bone ha ba tsoha hoseng e le hore ba tsamaye, ntate wa mosadi eo a re ho mokgwenyana wa hae: “Ja* e le hore o be le matla, ka mora moo o ka tsamaya.”  Ka hoo, ba dula fatshe yaba ba a ja mme ba nwa ha mmoho. Ka mora moo, ntate wa mosadi wa hae a re ho yena: “Ke kopa o robaletse hape mme o thabele ho ba mona.”*  Ha monna eo a re o a tsamaya, ntate wa mosadi wa hae a nna a mo phehella hore a robaletse. Ka hoo a robaletsa hape.  Ha a tsoha hoseng ka letsatsi la bohlano e le hore a tsamaye, ntate wa mosadi wa hae a re ho yena: “Ke kopa o je* e le hore o be le matla.” Ba dula ho fihlela mantsiboya mme ba nna ba ja.  Ha monna eo a ema le mosadi wa hae le mohlanka wa hae a re o a tsamaya, ntate wa mosadi wa hae a re ho yena: “Bona e se e le mantsiboya, ke kopa o robaletse. Ho se ho ntse ho eba lefifi. Jwale robaletsa hape mme o thabele ho ba mona. Hosane o ka tsoha esale hoseng e le hore o tsamaye o ye ha hao.”* 10  Le ha ho le jwalo, monna eo o ne a sa batle ho robaletsa hape. Ka hoo, a tsamaya a ba a fihla Jebuse, ke ho re, Jerusalema.+ A tsamaya le mosadi* wa hae, mohlanka wa hae le ditonki tse pedi tse seng di lokiseditswe ho tsamaya. 11  Ha ba le haufi le Jebuse ho ne ho se ho eba lefifi. Ka hoo, mohlanka a re ho monga hae: “Re eme moo motseng wa Bajebuse mme re robaletse teng?” 12  Empa monga hae a re ho yena: “Ha re a lokela ho ema motseng wa baditjhaba moo ho sa duleng Baiseraele. Re tla tsamaya re be re yo fihla Gibea.”+ 13  A tswela pele ho re ho mohlanka wa hae: “Ha re tsamaye re mpe re leke ho fihla ho se seng sa dibaka tsena mme re tla robaletsa Gibea kapa Rama.”+ 14  Ka hoo, ba nna ba tsamaya mme letsatsi la ba dikella ha ba le pela Gibea e leng motse wa Benjamine. 15  Yaba ba ema moo mme ba robaletsa Gibea. Ha ba le ka hara motse ba dula lebaleng la motse empa ho ne ho se na motho ya reng ba robaletse ha hae.+ 16  Bosiung bona boo, monnamoholo e mong a tla a tswa masimong. O ne a tswa sebakeng se dithaba sa Efraime+ mme o ne a dula Gibea. Empa baahi ba moo e ne e le Babenjamine.+ 17  Ha monnamoholo a bona monna eo lebaleng la motse a re ho yena: “O tswa hokae mme o ya hokae?” 18  Monna eo a re: “Re tswa Bethlehema e Juda, re ya sebakeng se ka thoko se dithaba sa Efraime moo ke tswang teng. Ke ne ke ile Bethlehema e Juda+ mme ke ya ntlong ya Jehova* empa ha ho na motho ya nkamohelang ntlong ya hae. 19  Re na le jwang le furu tse lekaneng bakeng tsa ditonki tsa rona+ mme nna, mosadi wa ka le mohlanka wa ka re na le veine le bohobe+ bo lekaneng. Re na le ntho e nngwe le e nngwe eo re e hlokang.” 20  Le ha ho le jwalo, monnamoholo a re: “Eba moeti wa ka* mme ke o fe ntho e nngwe le e nngwe eo o e hlokang empa o se ke wa robala lebaleng.” 21  Ka hoo, a mo tlisa ntlong ya hae mme a fepa ditonki.* Ka mora moo ba itlhatswa maoto, ba ja mme ba nwa. 22  Ha ba ntse ba ituletse ha monate, banna ba kgopo ba motse ba potapota ntlo mme ba otla lemati. Ba nna ba re ho mongantlo e leng monnamoholo: “Ntsha monna eo ya ka tlung ya hao e le hore re etse thobalano le yena.”+ 23  Yaba mongantlo o tswela ka ntle mme o re ho bona: “Tjhe bana beso, ke kopa le se ke la etsa bokgopo bona. Monna enwa ke moeti wa ka. Le se ke la etsa ketso ena e mpe. 24  Nkang moradi wa ka wa morwetsana le mosadi* wa monna enwa. Ereng ke ba ntshe e le hore le ba hlekefetse haeba le batla.+ Empa le se ke la etsa ketso ena e mpe ho monna enwa.” 25  Empa banna bao ha ba a ka ba mamela yaba monna eo o tshwara mosadi* wa hae+ o mo isa ho bona ka ntle. Ba ile ba mo beta le ho mo hlekefetsa bosiu kaofela ho fihlela hoseng. Eitse ha e eba hoseng, ba re a tsamaye. 26  Hoseng mosadi eo a tla mme a wela monyako wa ntlo ya monnamoholo moo monna wa hae* a neng a robetse teng, haesale a wela moo ho fihlela ho kganya. 27  Ha monna wa hae a tsoha hoseng mme a bula mamati a ntlo e le hore a tsamaye, a fumana mosadi wa hae a wele monyako wa ntlo mme matsoho a hae a le fatshe monyako. 28  Yaba monna eo o re ho yena: “Ema re tsamaye.” Empa o ne a thotse. Jwale monna eo a mo beha hodima tonki mme ba tsamaya ho ya hae. 29  Ha a fihla ha hae, a nka thipa e selakgang mme a kgaola setopo sa mosadi wa hae dikotwana tse 12 yaba o romela sekotwana se seng le se seng motseng o mong le o mong wa Iseraele. 30  Batho bohle ba boneng dikotwana tseo ba re: “Ntho e tjena ha e eso etsahale kapa hona ho bonwa ho tloha letsatsing leo Baiseraele ba neng ba tswa naheng ya Egepeta ho fihlela letsatsing lena. E hlahlobeng, le etse qeto+ mme le re bolelle hore na re etseng.”

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “serethe.” Sheba Tlhaloso.
Kapa: “O matlafatse pelo ya hao.”
Kapa: “o thabise pelo ya hao.”
Kapa: “o matlafatse pelo ya hao.”
Ka Seheberu: “tenteng ya hao.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Kapa mohlomong: “mme ke sebeletsa ntlong ya Jehova.”
Ka Seheberu: “Eba le kgotso.”
Kapa: “a di fa furu.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “monga hae.”