Baahlodi 20:1-48

  • Babenjamine ba a hlaselwa (1-48)

20  Ka lebaka leo, Baiseraele bohle ba tloha Dane+ le naheng ya Gileade+ mme ba theohela Beersheba yaba ba bokana ha mmoho* ka pela Jehova Mizpa.+  Ka hoo, marena a setjhaba le a maloko ohle a Iseraele a itlhahisa ka pela phutheho ya setjhaba sa Modimo. Ho ne ho ena le masole a nkileng disabole a 400 000.+  Babenjamine ba utlwa hore banna ba Iseraele ba nyolohetse Mizpa. Banna ba Iseraele ba re: “Re bolelle hore na ntho ena e mpe e etsahetse jwang?”+  Jwale monna wa Molevi+ e leng monna wa mosadi ya bolailweng a araba a re: “Ke ile ka fihla Gibea+ ya Benjamine le mosadi* wa ka e le hore re robaletse teng.  Banna* ba Gibea ba ne ba ntlhasela mme ba potapotile ntlo bosiu. Ba ne ba batla ho mpolaya empa ba ile ba beta mosadi* wa ka mme a shwa.+  Ka hoo, ka nka setopo sa mosadi* wa ka ka se kgaola dikotwana yaba ke di isa motseng o mong le o mong wa Iseraele+ hobane ba ne ba entse ketso e swabisang le e hlabisang dihlong Iseraele.  Jwale lona setjhaba sa Iseraele, fanang ka keletso mme le bolele hore na ho etsweng tabeng+ ena.”  Jwale setjhaba sa ema ha mmoho* yaba se re: “Ha ho le ya mong wa rona ya tla ya tenteng ya hae kapa ya tla kgutlela ntlong ya hae.  Re tla etsa tjena ka naha ya Gibea: Re tla kgetha banna ka lotho ba tla ya ho ya e lwantsha.+ 10  Malokong ohle a Iseraele re tla nka banna ba leshome ho ba 100, ba 100 ho ba 1 000 le ba 1 000 ho ba 10 000 hore ba batlele masole mofaho e le hore ba ka lwantsha Gibea ya Babenjamine ka lebaka la ketso e hlabisang dihlong eo ba e entseng ho Iseraele.” 11  Ka hoo, banna bohle ba Iseraele ba bokana ha mmoho* ho lwantsha motse oo. 12  Yaba maloko ohle a Iseraele a romela banna ho banna bohle ba leloko la Benjamine a re: “Ntho ena e mpe e etsahetseng hara lona keng? 13  Jwale tlisang banna bao ba Gibea+ ba se nang thuso e le hore re ka ba bolaya mme ra tlosa se sebe Iseraele.”+ Empa Babenjamine ba hana ho mamela bana ba bo bona ba Iseraele. 14  Ka hoo, Babenjamine ba bokana ka ntle ho metse ya Gibea hore ba yo lwantsha banna ba Iseraele. 15  Ka letsatsi leo, Babenjamine ba bokella banna ba 26 000 ba tshwereng disabole ho tswa metseng ya bona, ntle ho banna ba Gibea ba 700 ba kgethilweng. 16  Hara banna bana ho ne ho ena le ba 700 ba kgethilweng ba neng ba sebedisa letsoho la leqele.* E mong le e mong wa banna bao o ne a kgona ho otla esita le ntho e bosesaane ba moriri ka letjeketjane a sa e fose. 17  Banna ba Iseraele ba bokella banna ba 400 000 ka ntle ho Babenjamine, ba neng ba tshwere disabole+ mme e mong le e mong wa banna bao o ne a tseba ho lwana. 18  Baiseraele ba nyolohela Bethele ho ya kopa tataiso ho Modimo.+ Yaba ba re ho yena: “Ke mang ya lokelang ho re etella pele ha re yo lwantsha Babenjamine?” Jehova a re: “Juda ke yena ya tla le etella pele.” 19  Ka mora moo, Baiseraele ba tsoha esale hoseng yaba ba hloma ditente tsa bona pela Gibea e le hore ba e lwantshe. 20  Jwale banna ba Iseraele ba itokisetsa ho ya lwana yaba ba ya ho Babenjamine ho ya ba lwantsha Gibea. 21  Ka hoo, Babenjamine ba fihla ba tswa Gibea mme ba bolaya banna ba Iseraele ba 22 000 letsatsing leo. 22  Le ha ho le jwalo, banna ba Iseraele ba eba sebete yaba ba itokisetsa ho ya lwana hape sebakeng seo ba lwanetseng ho sona ka letsatsi la pele. 23  Baiseraele ba nyolohela Bethele ba lla ka pela Jehova ho fihlela mantsiboya mme ba botsa Jehova ba re: “Na re lokela ho ya lwantsha bana ba bo rona ba Babenjamine hape?”+ Yaba Jehova o re: “Eyang le yo ba lwantsha.” 24  Ka hoo, ka letsatsi la bobedi Baiseraele ba ya haufi le Babenjamine. 25  Yaba Babenjamine ba tswa Gibea ho ya kopana le bona ka letsatsi la bobedi mme ba bolaya Baiseraele ba bang ba 18 000+ ba nkileng disabole. 26  Yaba banna bohle ba Iseraele ba nyolohela Bethele. Ba dula moo ka pela Jehova,+ ba lla mme ba itima dijo+ letsatsing leo ho fihlela mantsiboya yaba ba etsetsa Jehova dinyehelo tsa setjheso+ le dinyehelo tse kopanetsweng.+ 27  Ka mora moo, banna ba Iseraele ba kopa tataiso ho Jehova+ ka ha areka ya selekane ya Modimo wa nnete e ne e le moo mehleng eo. 28  Jwale Finease+ mora wa Eleazare, eo ntate wa hae e leng Arone, o ne a sebeletsa* ka pela areka mehleng eo. A botsa a re: “Na re lokela ho ya lwantsha bana ba bo rona ba Babenjamine hape kapa re tlohele?”+ Jehova a re: “Tsamayang hobane hosane ke tla le thusa hore le ba hlole.” 29  Banna ba Baiseraele ba lalla+ motse wa Gibea ba o potapotile. 30  Baiseraele ba ya ho ya lwantsha Babenjamine ka letsatsi la boraro yaba ba itokisetsa ho lwantsha motse wa Gibea jwalo ka makgetlo a mang a fetileng.+ 31  Ha Babenjamine ba ya ho ya kopana le banna ba Baiseraele, Baiseraele ba ile ba ba hulela hole le motse.+ Jwalo ka makgetlong a mang, Babenjamine ba qala ho hlasela le ho bolaya banna ba bang ditseleng tse kgolo. E nngwe ya ditsela tseo ke e yang Bethele mme e nngwe ke e yang Gibea, ba ile ba bolaya banna ba ka bang ba 30 ba Iseraele haufi le ditsela tseo.+ 32  Yaba Babenjamine ba re: “Re ba hlola hape jwalo ka pele.”+ Empa Baiseraele ba re: “Re tla baleha mme re etse hore ba tlohe motseng ba ye ditseleng tse kgolo.” 33  Ka hoo, banna bohle ba Iseraele ba ya Baale-tamare mme ba itokisetsa ho lwana. Baiseraele ba neng ba lalletse Gibea ba tswa moo ba neng ba ipatile teng. 34  Ka hoo, banna ba Iseraele ba 10 000 ba kgethilweng ba tla Gibea. Ntwa e ne e le mpe haholo. Empa Babenjamine ba ne ba sa tsebe tlokotsi e ba tlelang. 35  Jehova a hlola Babenjamine+ bakeng sa Baiseraele mme letsatsing leo Baiseraele ba bolaya banna ba Benjamine ba 25 100 e leng banna bohle ba neng ba nkile disabole.+ 36  Le ha ho le jwalo, Babenjamine ba ne ba nahana hore ba tla hlola banna ba Iseraele hobane Baiseraele ba ile ba baleha+ empa Baiserale ba ile ba baleha hobane ba ne ba tshepile banna ba lalletseng ba neng ba ipatile Gibea.+ 37  Jwale banna ba neng ba lalletse motse wa Gibea ba potlakela ho wona. Ba hlasela motse yaba ba bolaya batho. 38  Jwale banna ba Iseraele ba buisana le banna ba neng ba lalletse motse hore hang ha ba kene motseng, ba etse mosi e le letshwao. 39  Ha Baiseraele ba baleha ntweng, banna ba Benjamine ba qala ho ba hlasela mme ba bolaya banna ba bang ba 30 ba Iseraele+ yaba ba re: “Ho hlakile hore re tlo ba hlola hape jwalo ka lekgetlong le fetileng.”+ 40  Empa mosi o mongata wa nyoloha motseng e le letshwao. Ha banna ba Benjamine ba hetla, ba bona mosi o nyoloha o hlaha motseng. 41  Yaba banna ba Iseraele ba a kgutla mme ba hlasela Babenjamine. Banna ba Benjamine ba ile ba nyahama hobane ba ne ba bona hore ba tlo hlolwa. 42  Ka hoo, ba ile ba baleha banna ba Iseraele mme ba balehela ho elella lefeelleng empa banna ba Baiseraele ba nna ba ba latella. Banna ba tswang motseng le bona ba ba thusa ho bolaya Babenjamine. 43  Ba ile ba potapota Babenjamine mme ba ba lelekisa ba sa kgaotse. Ba ile ba ba bolaela ka pela Gibea ho elella ka botjhabela. 44  Qetellong ha shwa banna ba 18 000 ba Babenjamine e leng banna bohle ba matla.+ 45  Banna ba Babenjamine ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone.+ Baiseraele ba ile ba bolaya Babenjamine ba 5 000 ditseleng tse kgolo mme ba nna ba ba lelekisa ho ya fihla Gidome. Ka hoo, ba bolaya banna ba bang ba 2 000. 46  Letsatsing leo, ho ile ha shwa banna bohle ba Benjamine ba matla ba 25 000 ba tshwereng disabole.+ 47  Empa ba 600 ba ile ba balehela lefeelleng lefikeng la Rimone mme ba ile ba dula moo dikgwedi tse nne. 48  Banna ba Iseraele ba kgutlela ho Babenjamine ba motseng mme ba ba bolaya ka sabole, ba bolaya batho le mehlape le dintho tsohle tse setseng. Hape ba ile ba tjhesa metse yohle eo ba ileng ba fihla ho yona.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Ka Seheberu: “jwalo ka motho a le mong.”
Ka Seheberu: “serethe.” Sheba Tlhaloso.
Kapa mohlomong: “Beng ba naha.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “serethe.”
Ka Seheberu: “jwalo ka motho a le mong.”
Ka Seheberu: “jwalo ka motho a le mong.”
Kapa: “le letshehadi.”
Ka Seheberu: “a eme.”