Baahlodi 21:1-25

  • Leloko la Benjamine le a pholoswa (1-25)

21  Jwale banna ba Iseraele ba ne ba entse kano ena Mizpa:+ “Ha ho le ya mong wa rona ya tla fana ka moradi wa hae hore e be mosadi wa monna wa Mobenjamine.”+  Ka lebaka leo, Baiseraele ba ya Bethele+ mme ba dula moo ka pela Modimo wa nnete ho fihlela mantsiboya, ba ne ba lla haholo.  Ba ne ba re: “Jehova Modimo wa Iseraele, ke hobaneng ha ntho e tjee e etsahetse Iseraele? Ke hobaneng ha moloko o mong o lokela ho fediswa kajeno Iseraele?”  Yaba letsatsing le latelang batho ba tsoha esale hoseng mme ba haha aletare moo e le hore ba fane ka dinyehelo tsa setjheso le dinyehelo tse kopanetsweng.+  Jwale setjhaba sa Iseraele sa re: “Ke mang malokong ohle a Iseraele ya sa bokanang le rona ka pela Jehova?” Ba ne ba entse kano e tebileng ya hore mang kapa mang ya sa tleng ka pela Jehova Mizpa a bolawe.  Ka hoo, Baiseraele ba utlwa bohloko haholo ka lebaka la se etsahalletseng bana ba bo bona ba Babenjamine. Ba ile ba re: “Kajeno moloko o le mong o fedisitswe Iseraele.  Re tla etsang e le hore re fe Babenjamine ba setseng basadi ka ha jwale re se re entse kano ho Jehova+ hore re ke ke ra ba fa baradi ba rona hore e be basadi ba bona?”+  Ba botsa ba re: “Ke mang malokong a Iseraele ya sa nyolohelang Mizpa ho Jehova?”+ Ba ile ba hlokomela hore ha ho motho le ya mong ya tswang Jabeshe-gileade ya tlileng tenteng moo Baiseraele ba neng ba bokane teng.  Ha batho ba balwa, ba ile ba bona hore ha ho motho le ya mong ya tswang Jabeshe-gileade ya teng. 10  Ka hoo, Baiseraele bao ba romella banna ba 12 000 ba matla ka ho fetisisa. Ba ba laela ba re: “Tsamayang mme le yo bolaya baahi ba Jabeshe-gileade ka sabole ha mmoho le basadi le bana.+ 11  Le etse tjena: Le bolaye monna e mong le e mong le mosadi e mong le e mong ya kileng a etsa thobalano le monna.” 12  Hara baahi ba Jabeshe-gileade, ho ne ho ena le barwetsana ba 400 ba eso kang ba etsa thobalano. Yaba ba ba tlisa ditenteng tse Shilo,+ e naheng ya Kanana. 13  Yaba Baiseraele bohle ba romela molaetsa wa ho bopa kgotso le Babenjamine ba neng ba le lefikeng la Rimone.+ 14  Ka hoo, Babenjamine ba kgutla ka nako eo. Baiseraele ba ile ba fa Babenjamine basadi ba Jabeshe-gileade+ bao ba sa kang ba ba bolaya empa ba ne ba sa lekane Babenjamine. 15  Baiseraele ba utlwa bohloko ka lebaka la se etsahalletseng Babenjamine+ hobane Jehova o ne a arohantse meloko ya Iseraele. 16  Yaba baholo ba Iseraele ba re: “Re lokela ho etsang e le hore re fumanele banna ba setseng basadi hobane basadi kaofela ba Benjamine ba bolailwe?” 17  Ba tswela pele ho re: “Babenjamine ba phonyohileng ba lokela hore ba nne ba be le lefa e le hore leloko la bona le se ke la fediswa Iseraele. 18  Empa ha re a dumellwa ho ba fa baradi ba rona hore e be basadi ba bona hobane Baiseraele ba entse kano ba re: ‘Ho madimabe motho ya fang Babenjamine mosadi.’”+ 19  Baholo ba boela ba re: “Ho na le mokete wa Jehova selemo le selemo Shilo+ e ka leboya ho Bethele, ka botjhabela ho tsela e kgolo e nyolohang Bethele e yang Shikeme, ka borwa ho Lebona.” 20  Yaba ba laela banna ba Benjamine ba re: “Tsamayang mme le lalle dirapeng tsa morara. 21  Ha le bona baradi* ba motse wa Shilo ba tswa ho tla tantsha, e mong le e mong wa lona a tswe masimong a morara mme a inkele mosadi ho baradi ba Shilo mme ka mora moo le kgutlele naheng ya Babenjamine. 22  Haeba bontate ba bona kapa bana ba bo bona ba tla mme ba re qosa, re tla re ho bona, ‘Re hauheleng ha re thusitse Babenjamine hobane ha re a fumana basadi ba lekaneng bakeng sa bona ntweng.+ Hape le lona le ne le tla ba molato haeba le ne le ka ba fa baradi ba lona hore e be basadi ba bona.’”+ 23  Ka hoo, banna ba Benjamine ba etsa feela jwalo, e mong le e mong a inkela mosadi ho basadi ba neng ba tantsha. Ka mora moo, ba kgutlela naheng eo e leng lefa la bona mme ba haha metse ya bona botjha+ yaba ba dula ho yona. 24  Ka nako eo Baiseraele ba arohana, e mong le e mong a kgutlela lelokong la hae le lelapeng la hae, ba tloha moo mme e mong le e mong a ya lefeng la hae. 25  Mehleng eo ho ne ho se na morena Iseraele.+ E mong le e mong o ne a iketsetsa ntho eo a bonang e nepahetse mahlong a hae.*

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “basadi ba batjha.”
Kapa: “seo a nahanang hore se nepahetse.”