Baahlodi 3:1-31

  • Jehova o leka Baiseraele (1-6)

  • Othniele ke moahlodi wa pele (7-11)

  • Moahlodi Ehude o bolaya Morena Eglone e motenya (12-30)

  • Moahlodi Shamgare (31)

3  Tsena ke ditjhaba tseo Jehova a ileng a di dumella hore di nne di be teng e le hore di leke Baiseraele bohle ba eso kang ba lwana le Bakanana+  (o ile a etsa sena e le hore meloko e latelang ya Baiseraele e eso kang e lwana, e ithute ho lwana):  Marena a mahlano a Bafilista,+ Bakanana bohle, Basidone+ le Baheve+ ba ahileng Thabeng ya Lebanone+ ho tloha Thabeng ya Baale-hermone ho ya fihla Lebo-hamathe.*+  Ditjhaba tsena di ne di leka Baiseraele ho bona hore na ba tla mamela ditaelo tseo Jehova a neng a di file baholoholo ba bona ka Moshe.+  Ka hoo, Baiseraele ba dula hara Bakanana,+ Bahethe, Baamore, Bapereze, Baheve le Bajebuse.  Baiseraele ba ne ba nyala baradi ba ditjhaba tsena mme ba nyadisa baradi ba bona bara ba ditjhaba tsena yaba ba qala ho sebeletsa medimo ya tsona.+  Baiseraele ba etsa dintho tse sa thabiseng Jehova. Ba lebala Jehova Modimo wa bona mme ba sebeletsa medimo ya Baale+ le dipalo tse halalelang.*+  Yaba Jehova o halefela Baiseraele haholo mme o ba rekisetsa Kushane-rishathaime morena wa Mesopotamia.* Baiseraele ba sebeletsa Kushane-rishathaime ka dilemo tse robedi.  Ha Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova,+ Jehova o ile a kgetha mopholosi e le hore a ba pholose+ e leng Othniele+ mora wa Kenaze, ngwanabo Kalebe. 10  Jehova a mo fa moya wa hae o halalelang+ mme ya eba moahlodi wa Iseraele. Ha a ya ntweng, Jehova a etsa hore a hlole Kushane-rishathaime morena wa Mesopotamia.* 11  Ka mora moo, ha eba le kgotso naheng ka dilemo tse 40. Yaba Othniele mora wa Kenaze o a shwa. 12  Baiseraele ba qala hape ho etsa dintho tse sa thabiseng Jehova.+ Jehova a tlohela Eglone morena wa Moabe+ hore a ba hlole hobane ba ne ba entse dintho tse sa thabiseng Jehova. 13  Ho feta moo, a tlisa Baamone+ le Baamaleke+ hore ba hlasele Baiseraele yaba ba hapa motse wa difate tsa palema.*+ 14  Baiseraele ba ile ba sebeletsa Eglone morena wa Moabe ka dilemo tse 18.+ 15  Yaba Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova.+ Ka hoo, Jehova a ba fa mopholosi+ e leng Ehude+ ya neng a le leqele,*+ mora wa Gera, Mobenjamine.+ Ka mora nako, Baiseraele ba mo roma hore a ise lekgetho* ho Eglone morena wa Moabe. 16  Jwale Ehude a iketsetsa sabole e sehang ka mahlakore a mabedi, e bolelele ba disenthimithara tse ka bang 40* yaba o e tlamella seropeng se setona tlasa seaparo sa hae. 17  A fa Eglone morena wa Moabe lekgetho leo. Eglone e ne e le monna e motenya haholo. 18  Ha Ehude a qetile ho fana ka lekgetho, a tsamaya le batho ba neng ba tlile ba nkile lekgetho. 19  Empa ha a fihla ditshwantshong tse rapelwang tse Gilgale,+ a kgutla mme a re ho morena: “Ke o tliseditse molaetsa wa lekunutu morena.” Yaba morena o re: “Tholang!” Ka hoo, basebeletsi ba hae ba tsamaya. 20  Jwale Ehude a tla ho yena ha a ntse a dutse a le mong ka kamoreng ya hae e marulelong e phodileng. Ehude a re: “Ke o tliseditse molaetsa o tswang ho Modimo.” Yaba morena o phahama teroneng* ya hae. 21  Jwale Ehude a ntsha sabole e seropeng sa hae se setona ka letsoho le letshehadi yaba o hlaba morena ka yona mpeng. 22  Sabole ya kena kaofela yaba e kwahelwa ke mafura empa ha a ka a ntsha sabole mpeng ya morena yaba mantle a a tswa. 23  Ehude a tswa ka monyako o kenang ka kamoreng* ya morena yaba o kwala mamati a kamore e marulelong mme a a notlela. 24  Ha a qeta ho tswa, basebeletsi ba morena ba kgutla mme ba bona mamati a kamore e marulelong a notletswe. Ka hoo ba re: “E tlameha ebe o ntse a ithusa ka kamoreng e ka hare e phodileng.” 25  Ba nna ba leta ho fihlela ba qala ho tshwenyeha empa ha ba bona hore o ntse a sa bule mamati a kamore e marulelong, ba nka senotlolo ba bula yaba ba fumana morena wa bona a wetse fatshe a shwele. 26  Ha ba ntse ba dieha, Ehude a baleha mme a feta pela ditshwantsho tse rapelwang+ yaba o balehela Seira. 27  Ha a fihla, a letsa lenaka+ sebakeng se dithaba sa Efraime+ mme Baiseraele ba theoha le yena ho tloha moo, a ba eteletse pele. 28  Jwale a re ho bona: “Ntateleng hobane Jehova o tla etsa hore le hlole Bamoabe dira tsa lona.” Yaba ba a mo latela mme ba hapa madiboho a Jordane ho Bamoabe. Ha ba a ka ba dumella mang kapa mang ho tshela. 29  Ka nako eo, ba bolaya Bamoabe ba ka bang 10 000+ e leng banna bohle ba matla le ba sebete. Ha ho le ya mong ya ileng a phonyoha.+ 30  Ka hoo, Bamoabe ba ile ba hlolwa ke Baiseraele letsatsing leo yaba ho ba le kgotso naheng ka dilemo tse 80.+ 31  Ka mora hae, ho ile ha latela Shamgare+ mora wa Anathe, ya ileng a hlaba banna ba Bafilista ba 600+ ka tsenene ya dikgomo+ mme a ba bolaya. Le yena o ile a pholosa Baiseraele.

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “moo ho kenwang teng Hamathe.”
Ka Seheberu: “Arame-naharaime.”
Ka Seheberu: “Arame.”
E leng Jeriko.
Motho ya sebedisang letsoho le letshehadi.
Kapa: “sethabathaba.”
Ka Seheberu: “setswe se le seng.” Mohlomong ke setswe se sekgutshwanyane. Sheba Ntlha ya B14.
Kapa: “setulong.”
Kapa mohlomong: “lesoba le kenyang moya.”