Baahlodi 4:1-24

  • Jabine Morena wa Kanana o hatella Baiseraele (1-3)

  • Moprofeta Debora le Moahlodi Barake (4-16)

  • Jaele o bolaya Sisera molaodi wa masole (17-24)

4  Empa ka mora hore Ehude a shwe, Baiseraele ba ile ba boela ba sitelwa Jehova.+  Ka lebaka leo, Jehova a ba rekisetsa Jabine morena wa Kanana,+ ya neng a busa Hazore. Molaodi wa masole e ne e le Sisera mme o ne a dula Haroshethe+ ya baditjhaba.*  Baiseraele ba kopa thuso ho Jehova+ hobane Jabine o ne a ena le dikariki tsa ntwa tse 900 tse nang le mahare a tshepe*+ mme o ile a sotla Baiseraele+ ka dilemo tse 20.  Jwale moprofeta Debora,+ eo monna wa hae e neng e le Lapidothe, o ne a ahlola Iseraele ka nako eo.  Debora o ne a tlwaetse ho dula tlasa sefate sa hae sa palema* se pakeng tsa Rama+ le Bethele,+ sebakeng se dithaba sa Efraime. Baiseraele ba ne ba nyolohela ho yena bakeng sa kahlolo.  A re ho bitswe Barake+ mora wa Abinoame ya tswang Kedeshe-nefthali+ mme a re ho yena: “Jehova Modimo wa Iseraele o o file taelo e reng: ‘Eya* Thabeng ya Tabore le banna ba 10 000 ba Nefthali le ba Zabulone.  Ke tla tlisa Sisera ho wena e leng molaodi wa masole a Jabine ha mmoho le dikariki tsa hae tsa ntwa le masole a hae nokaneng* ya Kishone+ mme ke tla etsa hore o mo hlole.’”+  Yaba Barake o re ho yena: “Haeba o ya le nna, ke tla ya empa haeba o sa ye le nna, nke ke ka ya.”  Debora a re: “Ke tla ya le wena. Le ha ho le jwalo, ntwa eo o yang ho yona e ke ke ya o tlisetsa thoriso ka ha Jehova o tla etsa hore mosadi e be yena ya hlolang Sisera.”+ Yaba Debora o tsamaya le Barake ho ya Kedeshe.+ 10  Barake a laela hore Zabulone le Nefthali+ ba tle Kedeshe mme banna ba 10 000 ba mo latela. Debora a nyoloha le yena. 11  Hebere eo e neng e le Mokene o ne a ikarotse ho Bakene+ ba bang e leng bana ba Hobabe, ntate wa mosadi wa Moshe+ mme tente ya hae e ne e le haufi le sefate se seholo se Zananime e Kedeshe. 12  Ba tlalehela Sisera hore Barake mora wa Abinoame o nyolohetse Thabeng ya Tabore.+ 13  Hanghang Sisera a bokella dikariki tsohle tsa hae tsa ntwa tse 900 tse nang le mahare a tshepe* le masole ohle a neng a ena le yena ho tswa Haroshethe ya baditjhaba ho ya nokaneng ya Kishone.+ 14  Jwale Debora a re ho Barake: “Ema hobane lena ke letsatsi leo ka lona Jehova a tla etsa hore o hlole Sisera. Jehova ke yena ya o etellang pele.” Barake a theoha Thabeng ya Tabore a latelwa ke banna ba 10 000. 15  Yaba Jehova o ferekanya+ Sisera le dikariki tsohle tsa hae tsa ntwa le masole ohle ka pela Barake. Qetellong Sisera a theoha kariking ya hae ya ntwa mme a baleha. 16  Barake a lelekisa dikariki tsa ntwa le masole ho ya fihla Haroshethe ya baditjhaba. Ka hoo, masole ohle a Sisera a bolawa ka sabole, ha ho le ileng la sala.+ 17  Empa Sisera a balehela tenteng ya Jaele+ mosadi wa Hebere+ wa Mokene hobane ho ne ho ena le kgotso pakeng tsa Jabine+ morena wa Hazore le ba lelapa la Hebere. 18  Jwale Jaele a tswa ho ya kgahlanyetsa Sisera mme a re ho yena: “Kena morenaka, kena ka mona. O se ke wa tshoha.” Ka hoo, a kena ka tenteng ya hae yaba Jaele o mo kwahela ka kobo. 19  Yaba o re ho yena: “Ke kopa o mphe metsinyana hore ke nwe hobane ke nyorilwe.” Ka hoo, a bula lekuka* la lebese mme a mo fa lona hore a nwe.+ Ka mora moo, a mo kwahela hape ka kobo. 20  Sisera a re ho Jaele: “Ema monyako wa tente mme haeba ho ena le motho ya tlang mme a o botsa a re, ‘Na ho na le motho moo?’ O re, ‘Tjhe!’” 21  Empa Jaele mosadi wa Hebere a nka tshepe ya tente le hamore. Ha Sisera a ntse a robetse mme a kgathetse, a mo nanyetsa, a kokotella tshepe eo ditlhafunelong* tsa hae ho ya fihla fatshe yaba o a shwa.+ 22  Barake a ya moo a ntse a batlana le Sisera. Jaele a tswa ho mo kgahlanyetsa mme a re: “Tloo mme ke tla o bontsha motho eo o mo batlang.” Ka hoo, a kena le yena ka tenteng yaba o fumana Sisera a shwele, tshepe e kene ditlhafunelong* tsa hae. 23  Letsatsing leo, Modimo a etsa hore Baiseraele ba hlole Jabine morena wa Kanana.+ 24  Baiseraele ba nna ba lwantsha Jabine morena wa Kanana,+ ho fihlela ba mo bolaile.+

Dintlha tse qetellong ya sehloho

Kapa: “Haroshethe-ha-goiime.”
Ka Seheberu: “dikariki tsa tshepe.”
Ka Seheberu: “sefate sa palema sa Debora.”
Kapa: “Hlophisa banna ba hao.”
Kapa: “kgohlong.” Sheba Tlhaloso.
Ka Seheberu: “dikariki tsa tshepe.”
Mokotla wa letlalo o tshelang metsi.
“Ditlhafunelo” ke karolo ya hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.
“Ditlhafunelo” ke karolo ya hlooho e pakeng tsa phatla le tsebe.